Sesotho.1119.winnie
BONA SESOTHO - December 2005
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Ho reka koloi le mathata a yona
Ke ne ke reke koloi karatjheng e nngwe mme ka e lefella, ka tsamaya le yona, empa e ne e robehe ka mora dibeke tse pedi feela ke e rekile. Ke ne ke ba letsetse ka ba tsebisa hore koloi eo e robehile. Ka botsa hore na ba tla nthusa ho e lokisa. Ya neng a araba mohala, o ne a ntshehe a mpolelle hore a ke ke a ntokisetsa koloi hobane ke e rekile le mathata a yona.
Ke ne ke ye ho yena ka mo kopa hore a nke koloi ya hae re kgaohanye tumellano ya rona ya thekisetsano. A hana ho etsa jwalo esitana le ho kgutlisa tjhelete ya ka.
Ke etse jwang"
JJ, Humansdorp
Hangata, haeba motho a rekisetsa e mong thepa, o tlameha ho hlakisetsa ya mo rekisetsang hore na mathata a thepa eo ke afe.
Ka mantswe a mang o tlameha ho mo neha tiisetso. Tiisetso eo ho a tlameha hore ho be ho buuwe ka yona hobane ka ho ya ka molao wa Afrika Borwa, ke ntho e tlamehang ho tsamaisana le se rekiswang.
Empa he haeba tumellano ya lona ya thekisetsano le monga koloi e bolela hore le rekisetsana koloi eo le mathata ohle a yona, tiisetso eo ha e be teng.
"Ho rekisetsa motho ntho le mathata a yona, ho bolela hore ya rekang thepa, o e reka e le maemong ao e leng ho ona - o e reka e le maemong ao o e fumanang e le ho ona.
Empa haeba morekise wa koloi a ne a tseba hore koloi e na le mathata a mang ntle le ao le dumellaneng ka ona, e le hoba yena morekisi o ne a tseba hantle ka mathata ao, empa yena a iphapanyetsa ona, ya rekiseditsweng koloi, o na le tokelo ya ho kgutlisetsa koloi eo ho mo rekise mme a kgutlisetswe le tjhelete ya hae.
Mathata ana a ka etsang hore koloi e be e kgutliswe, ke ao a neng a tlamehile ho bonwa kapa ao a neng a patilwe ka boomo.
Karatjhe e tlameha ho o ngolla fatshe mathata ohle a koloi le ho re ho ka o bitsa bokae ho a lokisa.
Motho ya ngolang tlaleho eo ya mathata a koloi, ke yena e tlang ho ba paki ya hao nyeweng ya hao kgahlano le morekise.
Dintho tse kang hore koloi e ne e se na mangolo a ho tsamaya mmileng ke bo bong ba bopaki ba hore mathata a koloi a ne a tsejwa empa morekise a o patetse ona.
Haeba ho etsahetse se kang sena ho wena, o na le tokelo ya ho kgutlisetsa koloi eo morao mme o kope ho kgutlisetswa tjhelete ya hao.
Haeba o ikemiseditse ho lokisa koloi, o tswelepele le ho e sebedisa, ha o qeta ho e lokisa, o tla tlameha ho tseka ditshenyehelo tsa hao ho morekise.
Ena ha se taba e bobebe eo motho a ka itokisetsang yona ka boyena, o tlameha ho fumana thuso ya leqwetha.[s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso tsa bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
NGWANANA enwa wa mahaeng, o fihlile Jozi maboneng a ratana le raditjhelete e mong. O ne a mo hiretse ho mo hlokomella bana mme ka le leng o ne a mo kope hore a mo felehetse ba ye kopanong ya batho ba pele.
Nakong e seng kae, o tla be a lakatsa ho qothisana lehlokwa le yena dikgwebong. Ena ke pale ya kgale, empa mona ho Generations e hlantsha babohi ho tsa marato.
Ka lehlohonolo, setlabotjha sena sa Eshowe, Winnie Ntshaba, ha a tsamaye a kgolwa masawana. Haesale ho tloha mathwasong a 2004, o ne a sebedise monyetla wa ho bapala karolo ya Khethiwe hore e be mohlala dimilioneng tsa batjha bao e leng babohi ba pale ena, bao le bona ba nang le ditoro jwalo ka Khethiwe.
Winnie, ya dilemo di 30, o a dumela hore tsela ya hae ya bonaledi ha e ya ba bobebe hohang. O hopola ngwahola a iphumana a se a tjamelane mahlo le mahlo le tsotsi e nngwe mane diterateng tsa Yeoville!
"Ke lona lebaka le entseng hore e be kajeno ke dula Roodepoort, West Rand," ho rialo yena. "Ho kgutsitse mona mme ke nka metsotso e 20 feela ho ya mosebetsing ha ke tlohile ka hora ya botshelela hoseng.
"Ke ne ke dula Yeoville nakong eo ke neng ke rata ho ya ditekong tsohle tse neng di ba teng toropong, ke batla ho fumana monyetla wa ho bapala ho TV.
"Kajeno ke se fumane seo ke neng ke se labalabela, ka hoo, nke ke ka ipeha kotsing ya ho tsamaya ke lematswa kapa hona ho bolawa merusung e kang eo."
"Ke hopola hantle ketsahalo ya letsatsi leo mane mmileng wa Rocky, ke ne ke tatetse tekesing e neng e tla tsamaisa dibapadi tsa dipale moo di ilo bapala teng."
"Ke ne ke sa rate ho fetwa ke monyetla oo, jwalo ka ha hara babohi ho ne ho na le Geraldine Fraser-Moleketi eo e leng setho sa palamente.
"E ne e re ha lethaka lena le ntlhaha ka pele, ka leka ho feta ka thoko ho yena.
"Eitse ha a re 'tlisa mokotlwa oo' ka fela ke letswalo. Ka leka ho baleha, empa ka iphumana ke se ke potapotilwe ke ba bang ba bararo.
"Ha ke thinyetsa ka ho wa pele, a hula sethunya a bile a ntse a tshwela tlhapa ka hanong.
"'Tlisa mokotla oo, kapa o shwe hona jwale,' ho kgaruma yena. "Ke ne ke wele pela hae moo, ke bile ke ntse ke ithapella hore a se ntematse. Ke ne ke mo nehe mokotla. A o phamola, a o bula a ntsha tjhelete a ja fatshe. "Ke ne ke sale ke thothomela, ke nahana ka se etsahetseng. "Eitse ke sa bone seo, ha ke re hedi, tsa be se di le teng hape dithunya. "'Tlisa mohala wa hao wa letsoho,' ho kgaruma rasethunya eo, 'ho seng jwalo re a o thunya.' Ke ne ke re nkang sohle seo le se batlang, le kgaohane le nna."
"O ne a e phamole, a ntsheha, a baleha."
Winnie o ne a phahame a nka mokotla wa hae, a leba koloing e neng e mo emetse.
E ne e se e le dilemo tse nne a dula moo Yeoville pele ho ketsahalo eo, a leka ho ikopanya le batho ba ka mo thusang ho fumana mosebetsi oo wa tsa boithabiso.
Letsatsing leo, o ne a etse diteko dipaleng le dipapatsong tsa TV, ho di-movie le tlhahisong ya dipapadi tsa sebayeng.
Bosiu, o ne a ye tlelapong moo a neng a kopane teng le dinaledi mmoho le bahlahisi ba dipale tse pele.
Ke moo a neng a kopane teng le Rapulana Seiphemo, ya bapalang karolo ya Tau Mogale ho Generations.
Winnie o ne a qale ho rata ho ba sebapadi sa dipale a sa le sehlopheng sa borobong nakong eo titjhere ya hae ya Senyesemane e neng e rata ho ba ruta ka ho bapala dipale. O ne a etse honours degree ho drama mane University of Natal mme hape a qeta dilemo tse pedi kaofela mane theatre ya North West Arts Council pele a tla Johannesburg ka 2000.
Ka mora moo, o ne a ye ditekong makgetlokgetlo dilemo tse ka bang tharo pele a fumana sebaka paleng ya Leleti Khumalo, Yesterday, e ikgapetseng kgau ya Oscar ka hobane dinaha tsa kantle di e bone e le filimi e pele haholo.
Pele Yesterday e bontshwa, Winnie e ne e le sebapadi sa nakwana ho Jozi Streets, le paleng e tummeng haholo ya Russia, Lethal Force. Hape a etsa le dipapatso.
Eitse ngwahola, a fumana sebaka ho Generations.
"Ke ne ke rata ho bapala karolo ya Khethiwe ho tloha qalong," ke yena eo. "Ke ikutlwa ke batla ke tshwana le yena jwalo ka ha le yena a tswa sebakeng sa mahaeng. O tlameha ho ithuta dintho tse ngata jwalo ka ha a dutse a potapotilwe ke batho ba atlehileng kamehla.
"O a itholela, a qamake, a ithute ho hong ka seo a se bonang. Nakong eo Tau a neng a mo kopa hore a mo felehetse ho ya moketeng o mong, o ne a mo ise moo ho lokiswang moriri, a ba a mo rekela le diaparo tse bitsang. E ne e le lekgetlo la pele a ipona hore le yena a ka ba maemong a hodimo.
"Le yena o ne a ikutlwe a na le lerato ho Tau, e leng se neng se mo qabanye le Karabo."
Khethiwe ho shebilwe hore e be e mong wa dibapadi tse pele dipaleng tsa marato ho TV lehlabuleng lena. Winnie le bophelong ba hae ba nnete o mahlong a boraditaba - o kgethetswe dikgau tsa Duku Duku jwalo ka setlabotjha se pele - o ntlafatsa bokgoni ba hae papading le dikakapeng tseo a bapalang le tsona tse kang Rapulana le Connie, Leleti (Busi), Menzi Ngubane (Ngamla) le Vusi Kunene (Jack).
Ke tsela eo a qabolang ka yona e entseng a be le balatedi ba bangata ho Generations. Karolo eo ba e ratang haholo ka Kethiwe, ke moo a neng a "tjeka" teng.
"Ke ne ke etse sena mohla Tau a neng a bolella Khethiwe hore a sale le bana ba hae," ho rialo Winnie. Ke ne ke phahamise matsoho ka tjeka ka tlala ntlo.
"Babohi ba dutse ba botsa hore na ke tla pheta seo neng hape.
"Ka tsela eo dintho di etsahalang ka yona, ho bonahala Khethiwe a se a le haufi le ho pheta sena hape."[s]
pale ka DOUG GORDON
O tswile ntlheng ya lefu mme karolo eo a e bapalang ho TV, ho yena ekare ke toro - ho bonahala ekare re tla bona Winnie Ntshaba a se a tjeka ke nyakallo hape...
Winnie ya (30) o re o sebeditse ka thata ho ipeha maemong a matle ho tsa boithabiso.
O a tjeka ke nyakallo!
Re bua le Khethiwe wa TV
BONA SESOTHO - December 2005
u
t
"Ke rata karolo eo ke e bapalang ya Khethiwe ."
