sotho.2162.legal
Ho tshwara komiti ya kgalemo
KA KATLEHO
BOTHATA:
Ke tlameha ho ya komiting ya kgalemo. Ke tla tseba jwang hore ba latetse tsela e nepahetseng? Ekaba seo ba tlamehang ho se etsa ke ho latela tsela e nepahetseng feela - ho thweng ka botshepehi? Bopaki bona ho thweng ka bona? Haeba dintho di sa ntsamaela hantle, ekaba hona ke tla kgona ho thusahala CCMA le Lekgotleng la Ditaba tsa Basebetsi? Ke dife dintlha tse ka etsang hore qeto e fetolwe?
BK, Komga
KELETSO YA SCORPION:
Hore mosebeletsi e tle e be o lelekilwe ka nepo, se hlokwang ke molao ke hore tsela e latelwang e be e molaong le e hlokang leeme. Mona re bolela hore o tlameha ho kena o tebe mokong wa taba mme hape o shebe hore ha o mo leleka, o tla be o mo lelekile ka nepo le hore hape tsela o e latelang e molaong na. Ka mantswe a mang, ha ho a dumellwa ho qosa motho ka ntho e siyo.
Haeba ho bile le boipiletso, dintlha tse latelang di tlameha ho hlokomelwa:
Ekaba mosebeletsi eo o a tseba hore o tlotse molao ofe?
Ekaba ho na le bopaki bo tshwarehang, e seng menyenyetsi ka se etsahetseng?
Ekaba molao o tlotsweng ona o a utlwahala?
Ekaba tlolo ya molao oo e ka etsa hore motho a lelekwe - ka mantswe a mang, kotlo e lekana le molato?
Le haeba mohiri a tseba hore jwang kapa jwang mosebeletsi o tla lelekwa ka ketso ya hae, empa seo ha se time moqosuwa monyetla wa hore le yena a behe dintlha tsa hae, ho bitswe le dipaki.
Sa bohlokwa haholo ka dintlha tsena tse ka hodimo ke ho netefatsa taba ya hore ha ho sebediswe bopaki ba menyenyetsi hobane ha bo tshepahale.
Modulasetulo wa komiti ya kgalemo ha a ya tlameha ho natsa kgatello ya batshwari ba hae kapa beng ba khampane hore a nke qeto ya ho leleka mosebeletsi.
Mosebetsi ona wa ho mamela dintlha le bopaki ba mahlakore ka bobedi ha se ntho e bobebe jwalo ka ha le baahlodi ba lekgotla le phahameng la dinyewe le bona ba ntse ba etsa diphoso.
Ke ka hona lekgotleng la dinyewe sohle se behwang tlasa bopaki e seng nnete.
Leha motho a ka hlapanya ha kae hore ha a molato, empa ha ho se bopaki bo tshehetsang seo, ha ho mang ya ka mo kgolwang. [s]
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe
ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane
a latetse dikeletso tsa rona.
KELETSO YA MOLAO
SE NKILWE KE DIBONTSHI
MATLA A LERATO
Ho hlala
Ha ho bobebe ho kgaohana le moratuwa empa ditsebi di dumellana ka hore mokgwa o betere ke ho dula fatshe le qoqe, e seng hampe - ke ana maele a ka o thusang...
SEO O KA SE ETSANG:
Eba le bonnete ba hore o hlile o rata ho qeta dikamano tseo le pele le kopana. Sena se tla o thusa hore o ngole le mabaka a qeto ya hao.
Kopanelang sebakang se kgutsitseng, le kgone ho qoqa ka bolokolohi.
Tshepahala o be le nnete. Mmolelle mabaka a entseng o fihlele qeto ya hao mme o netefatse hore o a nepa hore ha ho se ka o fetolang maikutlo.
Mo nehe monyetla wa ho nahana ka seo pele o phethela taba. Le ka bua ka bokamoso jwale, mohlomong haeba le na le bana, o batla ho ba sapota le ho ntshetsapele setswalle molemong wa bona.
Mo hopotse hore o ntse o tla e hopola melemo le nako e monate eo le bileng le yona dikamanong tsa lona, empa o tlameha ho hlakelwa hore o rata ho tswelapele le bokamoso ba hao.
SEO O SA TLAMEHANG HO SE ETSA:
Ho mo hopotsa diphoso tsa kgale.
Ho bua leshano, o bolele dintho tse kang "Ha se wena, ke nna," kapa "Ke sa hloka ho phomola."
Mmolelle hore dintho ha di a tsamaya ka tsela eo wena o neng o lebeletse ka yona.
O ka mo rekela mpho ho mo kokobetsa maikutlo kapa o hlophise tinare le qoqe le eja.
Ho iphapanyetsa molekane wa hao ka kgopolo ya hore o tla iponela hore ha o sa mo rata.
Ho mo romella molaetsa
wa SMS!
Ho dumella molekane wa hao ho o qobella ho tswelapele le dikamano leha o na le mabaka a hore le arohane. [s]
BONA SESOTHO August 2008
