sotho.2161.bec recipes-tips
Bokgoni ba ho beha manane
COSTING EXERCISE
ITEM COST
Bulk blankets in box of 10 R1 000
Transport costs R 50
Shopping bags R 20
Total costs R1 070
HO BEHA manane ke ho etsa qeto ya hore thepa ya hao o tla e bitsa bokae hore o fumane phaello. O lokela ho tseba:
n Lebenkeleng le bitsang hantle leo o tla reka ho lona.
n Hore thepa eo, e rekiswa ka bokae dibakeng tse ding. Ha o tura haholo batho ha ba na reka.
n Ditshenyehelo tse ding tseo re buileng ka tsona ho BONA ya kgwedi e fetileng ke tse kenyeletsang le dipalangwang, meputso ya basebetsi, rente, dintho tsa ho phuthela, le tse ding. Ke ona mohlala wa ka moo o ka balang ditjeho:
Hona ho bolela hore o lokela ho rekisa dikobo ka R1 070 o e arole ka 10, ke R107 kobo ka nngwe. O tlameha ho rekisa kobo ka nngwe ka R107 hore o fumane phaello.
O lokela ho sheba hape hore dikobo tse ding tsa mofuta oo di bitsa bokae sebakeng sa heno. Ha o di rekisa ka R150, o ka nna wa nyolla ditjeho tsa hao ka R43 hore o tsebe ho rekisa ka lenane le lekaneng le la barekise ba bang.
Nahana jwalo ka rakgwebo:lHa o rekisa kobo ka nngwe ka R140, di tla rekwa ka pele hobane di bitsa ka tlase ho tse ding ka R10 empa o tla fumana phaello ya R37 kobong ka nngwe.
Efa batshehetsi ba hao mekotla ya ho reka e bitsang R1 ha ba rekile ho wena.
Bapatsa dikobo tsa hao hohle.
Rekisetsa ditho tsa setokofele mme o di nyehlisetse ka R5, kobo ka nngwe.
Buisana le dikolo, ditlelapo le dikereke mme o ba etsetse nyehlisetso.
lLetsa mmino o monate ka lebenkeleng.
Etsetsa batshehetsi ba hao ba kamehla tee kapa kofi.
Sheba ka moo kgwebo ya hao e tla hola ka pele ka teng!
FRIKKADELS SERVED WITH BANANA CURRY SAUCE
FRIKKADELS
E etsa tse 20
6 dilae tsa bohobe bo bosweu
3 dikopi tsa beef stock
1kg beef mince
2 mahe a kgobilweng
1 kgabana letswai
a bohashana ba nutmeg, ground cloves le white pepper
1/2 kopi ya folouru kapa phofo ya poone
MOKGWA
1. Futhumetsa onto ka mofuthu wa 180oC.
2. Inela bohobe ka hara stock. Tshela disebediswa tse ding ntle ho folouru.
3. Kopanya hanyenyane, o bope dibolo. Bidikisa hodima folouru.
4. Kenya frikkadels ka hara baking dish o tshele sauce ka hodimo:
BANANA AND CURRY SAUCE
3-4 dikgabana oli
5 dieie e kgabetsweng
2 dikgaba tsa dessert tsa folouru
3 dikopi vinegar
2 dikopi metsi
2 dikgaba tsa dessert, tswekere ya Illovo
1 dikgaba tsa dessert, turmeric
1 1/2 dikgaba curry powder (bakeng sa tatso)
3 dikgabana tsa dessert, apricot jam
12 dipanana tse kgabetsweng
letswai le pepere bakeng sa tatso
MOKGWA
1. Hadika eie, o tshele folouru o fuduwe. Tshela vinegar le metsi butle. Tshela tshwekere, turmeric, curry powder le jeme. Tshela halofo ya dipanana le letswai le pepere.
2. Tshela motswako hodima frikkadels. O kgabise ka dipanana tse setseng ka hodimo.
3. Baka metsotso e 30. Fepela mmoho le reise.
DIKELETSO:
O ka eketsa disebediswa ka moo o ratang. Soso ena e ka eketswa.
Natefisa reise ka ho tshela 1/4 kopi ya Mageu Number 1 a se nang tatso pele o e tshola mmoho le dikgabana tsa botoro.l E fepele le chutney, dilae tsa panana le coconut.
Tshela le pelepele ha o rata e babang.
O ka boela wa sebedisa mince ya nama ya nku, ya kolobe kapa ya kgoho. [s]
BONA SESOTHO - February 2006
BONA - February 2006
