sotho.215.beauty
IKGABISE O BE PABALA
BONA SESOTHO June 2008
TSA BOTLE
Ke mosebetsi ho ikgabisa. Empa ka mehato ena ya rona e supileng, o tla kgona ho ikgabisa hantle, o be motle le hona ka nako le motsotso feela. Pale ka Charis Dawson, ditshwantsho ka Ivan Naude, mokgabisi wa sefahleho ke Nthato Mashishi, sebontshi ke Mmatsatsa Rampa
MONA re shebana le mahlo, dikarolo tse ding tsa sefahleho tsona, re di tlohela maemong a tsona a tlhaho, empa moo o nang le matheba teng, o ka itshasa ka base. Hlokomela, se tshase dipounama ka mmala o sa nyalaneng le o mahlong.
O tla be o fositse haeba o nahana hore tjhebeho ena e bokgabane, ke ya bosiu feela. E fokotse hanyane bakeng sa motsheare - sebedisa eyeliner e nyane, eyeshadow yona e be e mmala o kganyang mme dipounama tsona o di tshase ka mmala o lerotho. Apara tsa ho intsha bosiu - tjhentjha mmala o bothokwa bo tebileng wa di-eyeshadows, o sebedise o botala bo tebileng kapa o bolou kapa e nang le mabenyane mme o tshase lip gloss.
O hlokang bakeng sa tjhebeho e tlwaelehileng
Eyeshadow e pale silver, le e thokwana bo sa hlakang hantle (Leka Black Onyx Duo No. 350, R19,95 e fumanehang mabenkeleng a ha Dischem)
Eyeliner pencil e ntsho(Leka Disco No. 1 Eye Pencil R9,95, e fumanehang mabenkeleng a ha Dischem)
Eyeliner e mokedikedi e ntsho (Leka Black Onyx No. 421 Liquid Liner R25,95, e fumanehang mabenkeleng a ha Dischem)
Mascara e ntsho (Leka: Black Onyx Long Lash Mascara R39,95, e fumanehang mabenkeleng a ha Dischem)
MOHATO WA 1
Tlotsa eyeshadow e pale silver mahlong, ho tloha dintshing ho ya moo ho fellang letlalo le kwahelang leihlo ho etsa base coat. O ka e tshasa hanyane kapa haholo, ho tla ya ka moketjana o yang ho ona.
MOHATO WA 2
Sebedisa eyeliner pencil, etsa mola o motenya dintshing tse ka hodima mahlo le ho tse mahlong.
MOHATO WA 3
Ha o se o qetile ka hodimo, etsa mola o mosesane ka tlasa leihlo. O ka nna wa etsa o motenya ha o rata, empa o se be motenya haholo hobane o tla shebahala hampe!
MOHATO 4
Bakeng sa tjhebeho e hlakileng, o ka etsa mola hape dintshing tse ka hodimo, o qetelle ka eyeliner e mokedikedi.
MOHATO 5
Ka mora moo, tlotsa eyeshadow e thokwa ho fihlela moo ho fellang letlalo la leihlo mme e nepane le e dintshing tse ka tlase. Ha o e tlotsa, phema hore e nne e foforehele marameng.
MOHATO 6
Thetha eyeliner ka hodimo le ka tlase o sebedisa ntlha e hlwekileng ya borashe ba eyeshadow hore di kopane hantle le eyeshadow.
MOHATO 7
Qetella ka ho tlotsa mascara dintshing tse ka hodimo le tse ka tlase.
Jwale o se o le malala-a-laotswe, o ka intsha! [s]
BONA SESOTHO June 2008
