sotho.2156.yourman_returnees
Ba kgutlela lapeng!
BOLO
Bongata ba dibapadi tsa rona tse pele bo kgutlela lapeng - ekaba lebaka ke lefe" Ekaba mohlomong ke hobane di hlolehile mose, mme jwale di rata ho una molemo ho 2010" Kapa mohlomong bolo ya rona eya e ntse e ntlafala - maemo a eba betere"
HO bapala mose ho mawatle haesale e le toro ya dibapadi tse ngata. Empa ha re bua nnete- lebakabaka ke tjhelete. Tjhelete e ngata mose kwana - tjhelete ena e etsa hore ba se natse dintho tse kang puo ya moo, maemo a batang a lehodimo esitana le dijo tsa moo.
Leha ho le jwalo, bao ba seng ba o fumane monyetla wa ho bapala mose moo, ba ntse ba na le tjantjello ya ho qothisana lehlokwa le dibapadi tse maemong a matjhaba. Ona ke monyetla o sa tlamehang ho o lahla.
Englane, Greece, Turkey, Denmark, Belgium, Russia, Norway, Sweden le Jeremane, ke tsona dinaha tseo dibapadi di di ratang haholo.
Empa ho na le mokgwa o mong o qalang dibapading tsa rona - ho kgutlela lapeng!
Sibusiso Zuma, Benedict Vilakazi, Matthew Booth (kaofela ba bapallang Mamelodi Sundowns), Lance Davids, Glen Salmon (ba SuperSport United), Stanton Lewis (Ajax Cape Town) le Jeffrey Ntuka (Kaizer Chiefs) - ke ba bang ba dibapadi tse neng di bapala matjhabeng.
Bongata ba dinaledi tsena tsa Bafana Bafana di ka be ntse di bapala mose, empa di kgethile ho boela lapeng.
A mararo mabaka a etsang hore dibapadi tsa rona di bone ho le molemo ho kgutlela lapeng.
La pele ke hore haesale kanale ya dipapadi ya ha DStv, SuperSport e ne e lefe R1,6-billion bakeng sa ho hasa dipapadi tsa Premier Soccer League, tjhelete e se e le ngata jwale bolong ya rona.
Nnete ke hore, tumellano ena ya PSL le ba ha SuperSport, e entse hore PSL e be e nngwe ya diliki tse 15 tse pele lefatsheng phaellong e kenang ka TV.
Ka hodimo ho moo, ho na le tshehetso ya ha Absa, mmoho le ditlhodisano tsa ba ha, MTN, Telkom le Nedbank, e leng se etsang hore dihlopha tsa rona di kgone ho lefa dibapadi tjhelete e lekanang le ya mose ho mawatle.
Ha re etsa mohlala, Sundowns e lefa Vilakazi le Zuma moputso o finyellang ho R200 000 ka kgwedi mme Booth le yena leha tumellano ya hae e le kgutshwane, le yena o ntse a ballwa moo.
Leha ho le jwalo, ha se Patrice Motsepe feela ya etsang hore dibapadi di kgutlele kwano, empa le dihlopha tse kang SuperSport United, Ajax Cape Town le Orlando Pirates le tsona ho bolelwa ha di lefa dibapadi hantle.
"Dibapadi tse pele tsa Afrika Borwa di se di amohela ho feta tsa diliki tse nyane tsa Yuropa tse kang tsa dinaha tse kang Belgium le Denmark," ho bolela Mike Makaab wa ProSport International, ya okametseng dibapadi tse kang Vilakazi, Bernard Parker, Bryce Moon le Siyabonga Nomvete.
"Empa nnete ke hore ho ya ka sebapadi," ho bolela Mike. "Ba ka nna ba qala diliking tse nyane mme e re ha motho a sebetsa ka thata, a qetelle a kgahlile dihlopha tse kgolo tse lefang tjhelete e ka hodimo ho ya Afrika Borwa."
Lebaka la bobedi ke la hore 2010 e se e fihlile. Sebapadi se seng le se seng se batla ho iponahatsa.
Dibapadi tsena tse bapalang mose di bolela hore ha di bonahale hantle ho ba kgethang dibapadi tsa sehlopha sa naha, athe ha motho a bapala lapeng kapa a bapala moo a bonahalang ho TV, Joel Santana o kgona ho ba bona.
Hona jwale ba kang, Lance Davids, Stanton Lewis le ba bang, ba ne ba bone talente ya bona e fela mane mose, mme jwale ba rata ho ipona ba le ka lebaleng, e seng bankeng.
Santana o hlakisitse hore a ke ke a kgetha sebapadi se sa bapaleng kgafetsa sehlopheng sa sona.
"Ho a hlaka jwale hore dibapadi di lakatsa haholo ho bapalla naha," ho rialo Mike Makaab.
Lance Davids o dumellana le sena.
"Sena ke selemo sa ka le Bafana Bafana mme ke rata ho ipeha maemong ka matla a ka kaofela," ho bolela Lance, ya saenneng tumelo le SuperSport United ho fihlela mafelong a selemo sena sa bolo.
"Ha ke rate hore ha ke kgethelwa sehlopha sa naha, batho ba bolele ha ke sa ho lokela hobane ke sa bapale."
Lebaka la boraro la ho kgutlela lapeng ha dibapadi, ke ho ntlafala ha maemo a PSL - dibapading, botsamaiseng, esitana le ho balaolapapadi.
Batsamaise ba bolo ya Afrika Borwa, ba tlohetse masawana jwale, ba ntlafaditse maemo.
Ho ntlafala ha maemo a bolo ya Afrika Borwa ho se ho entse le dikanale tsa matjhaba tsa dipapadi tse kang Eurosport di ikemisetse ho hasa dipapadi tse 200 tsa PSL mane Yuropa selemong se latelang sa bolo.
Bona ke bopaki ba nnete ba hore bolo ya rona e hlile e ntlafetse. [s]
Pale: Nick Said
Ditshwantsho: Gallo
Dibapadi tse kang Zuma di amohela R200 000 ka kgwedi
