sotho.2155.yourfamily_pregnancy
B
BOIMANA BA HAO
Boimaneng, o dula o kopana le batho ba nahanang hore ba tseba sohle, mohlomong ba ikutlwa ba ena le tsebo e feletseng e kang ya dingaka kapa baoki mme ba tla dula ba o hlahlella. Re botsitse setsebi sa nnete, ke tsena dikeletso tsa sona tse hlano tseo metswalle ya hao e neng e ka nna ya o bolella dinthontho
ka tsona
oimana
nnete kapa tjhe
HO LOHA MORIRI HO HULA LESEA HA BOHLOKO ATHE DIKHEMIKHALE TSA ona DI KOTSI LESEENG.
Ha se nnete hore ho loha ho ama lesea. Ngaka ya ditho tsa basadi ya Pietermaritzburg, Dr Thami Buthelezi o re netefaleditse hore ho loha ha ho ame lesea ka letho.
Dikhemikhale tsa ho o lokisa tsona - ka kakaretso, di bolokehile. Ho ya ka Website ya otispregnancy.org, ke karolo e nyenyane feela ya dietswa tsa ho tjhentjha mmala wa moriri e motelang letlalong, e fetele le morotong. Ha ho atise ho ama lesea. Ho tshwana le di-relaxer, ho ya ka Website eo.
Dr Buthelezi o re baimana ba ka etsa matsapa ohle a ho phema dintho tseo ba se nang bonnete ba polokeho ya tsona maseeng a bona empa ho dula o shebahala hantle ke ntho ya bohlokwa hobane boimana bo tsamaisana le kgatello.
Lesea le letenya e ka nna yaeba sesupo sa mathata a bophelo boima-neng
O KE KE WA BELEHA KA MOKGWA WA TLHAHO HA O QADILE KA OPEREISHENE
Seo ha se nnete ho ya ka Dr Buthelezi. Ba bangata basadi ba kileng ba beleha ka opereishene empa ba boele ba pepe hantle. Empa leha ho le jwalo, ba lokela ho ba tlasa leihlo le ntjhotjho la dingaka tsa sepetlele ho ya ka Dr Buthelezi le Dr Meshack Mbokota, ngaka e belehisang ya Tshwane.
Dr Mbokota o hlalosa hore mosadi ha a belehiswe ka mokgwa wa tlhaho ha a se a ile a beleha ka opereishene habedi hobane maqeba a ka nna a taboha.
Ho ja Tseo o Di ratiswang le ho ja haHOLO HORE LESEA LE HOLE KA MATLA
Tjhe, tjhe ha ho jwalo ho ya ka moo ditsebi di bolelang. Ngaka Buthelezi o hatella hore ho bohlokwa hore lesea le phele hantle e seng le be leholo.
Ho bua nnete, o re botenya ba lesea ke sesupo sa hore ho bile le mathata boimaneng, jwalo ka lefu la tswekere le neng le ipatile le ka bakang mathata ka nako ya pelehi.
Moimana o hloka dijo tse phepo e ntle, ho ja tse ngata tsa mofuta o itseng tlolo ho kotsi, ho ya ka Ngaka Mbokota.
O re o lebelle ho eketsa boima ka 12,5kg boimaneng. Ka nako e nngwe ho ratiswa dinthontho ke sesupo sa hore mmele ho na le seo o sa se fumaneng ka tshwanelo - jwalo ka iron kapa calcium - empa ka nako e nngwe ho ratiswa ho ka nna haeba kotsi hobane ho nontsha moimana.
Ngaka Buthelezi o re o buisane le ngaka ya hao kapa mooki ka seo o se ratiswang.
ELA HLOKO
Website www.kidshealth.org e re
hlokomedisa hore:
Ha o kgothalletswa ho se ye dingakeng le ho phema kalafo (jwalo ka ho tlohela dipidisi tsa divitamin tsa baimana).
Ha o eletswa hore o kwenye kapa o arubele ka se seng seo ngaka e sa se dumellang (jwalo ka ditlamatlama kapa dithethefatsi).
O etse tse ka amang bophelo ba lesea la
hao hobane kgatello boimaneng e ka ba le
sephetho se sebe haholo
leseeng.
Ho nwa meriana e meng ntle ho di-Panado ho ka qhala mpa
E, o lokela ho ela hloko e le kannete. Dr Mbokota o eletsa ka hore, moimana a se nwe meriana efe
kapa efe ntle ho eo a e nehilweng ke dingaka haholoholo dibekeng tse ka tlase ho tse 12 tsa pele
tsa boimana.
diaparo tse o tiisang DI peteletsa lesea
Tjhe, tjhe ha ho jwalo. Diaparo tse o tiisang, di peteletsa monga tsona e seng lesea ho ya ka Dr Mbokota. Dr Buthelezi o re metswalle le ba lelapa e rialo ho hlokomedisa moimana hore a itlwaetse ho tena hantle, ba tswafa ho mo phoqa ka hore: "O tenne diaparo tse o tiisang tse sa o tshwaneleng." [s]
Pale: Ntokozo Maseko
HA HO HLOKAHALA OPEREISHENE
Ngaka Buthelezi o re ho beleha ka mokgwa wa tlhaho ho ke ke ha dumellwa ha:
Dinoka tsa moimana di patisane.
Ha lesea le le ka hodimo ho boima ba 3,5kg.
Ha moimana a le mosesane haholo le dinoka di patisane ho bonahala ha hlooho ya lesea e tla tswa ka thata.
Ha lesea le hlaha pele ho nako haholo.
Ha moimana a lebelletse mafahla a mangata.
