sotho.2154.gay marriages
Lenyalo la ditharasi ka tsela ya setso
Lerato la nnete le hlola tsohle
pale ka JASMINE ADAMS
ditshwantsho ka SIPHO MCHUNU
E NE E be nyakallo e kgolo ho Wiseman Mndaweni (33) le Jack van Rooyen (29) ba Tokoza, Ekurhuleni nakong eo mmuso o neng o tjhaella lenyalo la ditharasi kapa batho ba "bong bo tshwanang" monwana ngwahola ka Tshitwe. Ba ne ba fumane monyetla wa ho tiisa dikamano tsa bona tsa dilemo tse leshome ka ho nka dikano tsa lenyalo.
"Nakong eo ba neng ba mpolella ka lenyalo la bona, ke ne ke nahana hore ba a swaswa," ho bolela rakgadia Van Rooyen, Gumisile Magagula. "Ke ne ke tlohe Nelspruit ka tla Mpumalanga ho tla ikgodisa ka nkgo ha seo se etsahala."
"Re ne re se re emetse letsatsi leo ka mahlo a matsho," ho rialo Wiseman. "Lenyalo la semolao le ne le le bohlokwa ho bona molemong wa ho bontsha setjhaba ka moo ba inehetseng ka teng dikamanong tsa bona.
"Re ne re ntse re ka ema tse ding dilemo tse 30 haeba ho ne ho hlokahala jwalo," ke Wiseman hape.
Lenyalo le ne le tshwarelwe Lekgotleng la Dinyewe la Alberton. "Ho ne ho be bobebe ho nka kano hobane ke ntho eo re neng re se re ikemiseditse yona ho tloha kgale," ho rialo Jack. "Ntho e setseng jwale ke hore re phele mmoho bophelo bohle ba rona."
Ho keteka
E ne e le ditiletile tsa batho moketeng wa bona tse kenyeletsang ba malapa a bona, metswalle esitana le bomaratahelele, motho a tswa kotsi ba tletse ho tla ikgodisa ka nkgo! Empa he dintho ha di a ka tsa fella moo.
Mndaweni ya manyetse, o na le merero ka molekane eo wa hae. Dibekeng tse mmalwa ka mora moo, o ne a ntshetse Van Rooyen mahadi.
Ho ne ho hlajwe nku eo ka yona ho neng ho kapangwa diboko sa ha Mndaweni le sa ha Van Rooyen. Ho ne ho ritetswe ho le monate, ha ajwa le dimpho e leng ntho e neng e sa lebellwa ke motho lenyalong la mofuta oo. Ka mora moo, monyaduwa jwale (Van Rooyen) o ne a lebe bohadi ba hae, metseng e mmalwa ho tloha habo moo a neng a fihle a amohelwa semmuso jwalo ka ngwetsi.
Ya neng a le pele dipuisanong tsa mahadi e ne e le malome wa Van Rooyen, William Majika ya dilemo di 64. "Ke tlwaetse ho nyalla batho, jwalo ka baahisani le ba lelapa, empa ke ne ke makale ha motjhanaka a ne a tlo nkopa ho tla mo qetella," ke yena eo ka ho makala.
"Ke monna wa Seafrika, ya tsebang setso, ha ke tsamaisane le manyalo a mofuta ona, empa ke susumetswa ke maemo," ke yena eo.
Lerato le tshehetso
Mme wa Wiseman, Smangele Mndaweni le wa Jacky, Johanna Poppy van Rooyen ba boletse ha ba tsheditse bara ba bona ho tloha mohla ba neng ba qala ho bua ka taba ena.
"E se e le nako e telele ke tseba Jacky," ho rialo mme wa Wiseman, Smangele ya tswaletsweng sebakeng sa Nqutu hona mona Kwazulu-Natal. "Ha moraka a ne a mpolella ditaba tsena, ke ne ke mo nehe tshehetso le lerato leo a neng a le hloka."
"Ba ne ba kgethe ho ikana mme le rona ra tlameha ho ba teng ho ba ema nokeng," ho hlalosa mme wa Jack van Rooyen, Johanna.
Moena Wiseman, Mandla Dludlu, o re le yena ha a na mathata le lenyalo la abutiae. "Ke boikgethelo ba hae, ka hoo, ha ke na mathata," ke yena eo.
"Ba a ratana, ba se ba fetile maimeng le manolong a mangata mme ke a thaba ha ba se ba fihletse mokgahlelo ona, ho rialo e mong wa metswalle ya banyalani bana, Miriam Silabela.
Van Rooyen o bolela ha a le motlotlo ho bitswa "Mofumahadi Mndaweni." [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Haesale ho phehisanwa ka lenyalo la ditharasi, empa banyalani bana ba qheletse dipuopuo tseo ka thoko ba tiisa dikamano tsa bona ka dikano tsa lenyalo...
1. Banyalani... Jack van Rooyen (le letshehadi) le Wiseman Mndaweni haesale ba ratana dilemong tsena tse leshome tse fetileng.
2. Ho a ketekwa...
3. A ko kgaole... Jack o kgaodisa molekane wa hae.
4. Rakgadi Mavis o amohela kobo...
5. Jack o thusa rakgadiae Mavis le moahisane ho fepela baeti moketeng oo wa lenyalo.
BONA SESOTHO - August 2007
