sotho.2148.uti's
Thibelo le kalafo ya mathata a moroto...
Ho rota ha bohloko
Haeba o se o iphumana o rota kgafetsa - ho le bohloko ha o rota - e ka nna ya ba o na le mathata
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
AZOLA o se a rotile hararo hoseng hona. Ka nako e nngwe ha a fumane le nako ya ho kopa ho titjhere ha a se a patisehile haholo. Ekaba o ebe a nwele metsi haholo" Tjhe - hape ha o rota, ho tswa marothodinyana feela, ebile ho bohloko. Mathata ke eng"
Mathata a Azola ke a tlwaelehileng. Ho ba le mathata a ho rota, ho tlwaelehile, haholoholo baneng ba banana, ka hoo, bonana le ngaka.
Ke mathata a mofuta ofe"
Mathata a ho rota a utlwahala ka ho tjhesa ha methapo e tsamaisang moroto, e kang ona o ntshang moroto mmeleng, (senyeng) ena e mmedi e mesesane e tlosang moroto diphiong di o ise senyeng kapa ona o fumanehang banneng feela.
Mathata a ho rota ha a tshwaetsane - o ke ke wa tshwaetswa ke e mong.
Ke mang ya ka tshwaetswang"
Banana bona ba ba le mathata ana haholo ho feta bashanyana ka lebaka la sebopeho le bolelele ba methapo ena eo re buileng ka yona ka hodimo. Ya banana e mekgutshwane ho feta ya bashanyana mme e fihle e tswele haufi le sebono le setho sa sesadi. Ka hoo, dibakteria tse tswang sebonong le sethong sa sesadi, di finyella methapong ena ka bonolo. Mothapo ona o fumanehang banneng feela, ona o kgona ho ntsha lero le bolayang bakteria ena. Leha ho le jwalo, ha ho etsahetse, moshanyana a tshwarwa ke lefu lena, le ba matla ho feta bananeng.
O le fumana jwang"
Dingata ditsela tseo o ka fumanang bakteria ena ka tsona:
lHa lebisa morao ha o tutula.
lHa o etsa thobalano. Bonneteng, batjha le basadi ba sa leng banyane ba atisa ho tshwaetswa nakong eo ba qalang ho kena ho tsa thobalano. Setho sa monna se ka kenya dikokwanahloko tse sethong sa sesadi methapong ya moroto nakong ya thobalano.
lO dule nako e telele o tshwerwe ke moroto. Ho dula nako e telele ha moroto senyeng ho atisa dikokwanahloko haholo. Ho ata ha dikokwanahloko ho lematsa senya, se qetelle se se se sa kgone ho ntsha moroto kaofela ha o rota.
lO sa nwe mekedikedi, haholoholo metsi. Ha o sa nwe letho, o ke ke wa rota kgafetsa, e leng se ka bakang mathata a ho rota.
lHa o thibela pelehi ka diaphragm kapa spermicides e nang le diaphragm kapa kgohlopo.
lEng kapa eng feela e ka etsang ho be boima ho rota jwalo ka ho ba le majwe senyeng.
lEng kapa eng feela e ka o lematsang senyeng jwalo ka ho apara borikgwe kapa jean e o tiisang, baesekele, disepa tsena tse monko esitana le dijo tse dinoko haholo.
Ke tla tseba jwang ha ke se ke na le mathata ana"
O tla bona ka matshwao a kang:
lHo rota kgafetsa.
lHo tjhese kapa ho be bohloko ha o rota.
lHo se kgone ho itshwara ha o tshwerwe ke moroto.
lO ikutlwe o tshwerwe ke moroto, empa ho se tswe letho ha o re o a rota.
lO be le mahloko tlasa mpa.
lMahloko lesapong le senaneng.
lHo be bohloko mareteng.
lHo be bohloko ha o etsa thobalano.
lSetho sa bonna se be bohloko.
lMoroto o nkge.
lO be le mokgohlane.
lO kgathale.
Ha mathata ana a ka finyella diphiong, ho ba hobe. Matshwao a mabe haholo a kenyeletsa: mokgohlane; ho nyekelwa ke pelo le ho hlatsa esitana le ho rota moroto o mo putswa kapa o madi.
O ka ikalafa jwang"
Hangata mathata ana a alafeha. Ke ngaka ya hao e tla o bolella kalafo o ka e sebedisang le hore o e sebedise nako e kae.
Netefatsa hore o latela ditaelo tsa ngaka ka nepo.
Sebedisa kalafo ho fihlela e fela le haeba o se o le betere, ho seng jwalo mathata a ka nna a qala fatshe hape.
Tshwaetso ya senya e atisa ho ba mpe haholo, empa meriana ya sejwalejwale e se e kgona ho e thotofatsa. Haeba mathata a ntse a tota, a ama le diphio, a tlameha ho emelwa ka maoto, ho seng jwalo, diphio di ka qetella di se di sa sebetse, e leng se ka o bolayang. [s]
BONA SESOTHO - March 2006
O ka a qoba jwang mathata a ho rota"
Mehato ya thibelo bashanyaneng le bananeng:
lEnwa metsi a mangata.
lRota hang ha o qala ho tshwareha.
lSebedisa Vitamin C. E atisa acid ya moroto hape e bolaye le bakteria ena e bakang mathata a ho rota.
Bananeng:
lHlatswa setho sa sesadi pele le ka mora thobalano.
lHa le etsa thobalano, qobang mokgwa o ka bakang mathata a ho rota.
lNetefatsa hore setho sa sesadi se mongobo pele ho thobalano.
lRota, o qete o nwe metsi ka mora thobalano.
lQoba ho sebedisa diaphram bakeng sa ho thibela pelehi. Botsa ngaka ya hao bakeng sa dithibela pelehi tseo o ka di sebedisang.
lHa o tutula, hlakola o lebisa morao.
lTjhentjha di-pads kgafetsa.
lQoba ho sebedisa dinyanyatsi kapa tsona dipoiri sethong sa sesadi.
lTena dipenti tsa tshwele. Qoba ho apara diaparo tse o tiisang le di-pantihose ntle le di-liners tsa tshwele.
Bashaneng:
lBoloka ntlha ya setho sa bonna e hlwekile hobane letlalo lena la teng le boloka bakteria e ka bakang mathata a ho rota.
BONA SESOTHO - March 2006
