sotho.2145.yourworld_entertain
BOITHABISO BA BORANTSHO
Boithabiso ba hao
Ka puo ya lekeisheneng, Sochila, e bolela ho phomola kapa ho qhanolla. Sochila Diner & Lounge ke sebaka sa boithabiso sa Soweto.
DINTLHA TSA YONA
Ho bulwa ka 9 hoseng ho ya ho 10 bosiu hara beke e kwalwe ka 2 kameso ka mafelo a beke.
Diteki, di-jean tse tabohileng le dikatiba ha di hlokahale, o tlameha ho apara ka bokgabane ha o rata ho ya teng.
Lebella ho lefa pakeng tsa R30 le R55 bakeng sa dijo tse monate tse kang nama ya nku, ya kgoho le ditjhips.
Bakeng sa dino o ka lefa pakeng tsa R15 le R20.
R&B le Deep House ke mmino o ka o mamelang mona.
Sochila e ho 437, Diepkloof Phase Two, Soweto. Mohala 011-985-4343.
MMINO
KGWEDING ENA: Ba nkile nako ho ntsha e nngwe albamo, empa jwale ba kgutlile mme ke sena seo re se nahanang.
Black Summers' Night (Maxwell)
Maxwell o ntshitse albamo ya hae e ntjha ka mora dilemo tse robedi. O re dilemo tsena kaofela o ne a ntse a itlhophisa a ntlafatsa le mmino wa hae. O tlile le morethetho o ikgethang wa soul ballads o boelang o tswakwe le wa jazz. Albamo ena kaofela e a mameleha, empa Bad Habits le Pretty Wings ke tseo o ka di phetaphetang.
The Album (Lebo Tisane)
Sebini sena sa R&B se ne se qetele ho ntsha albamo ka 2004, ka albamo e bitswang Front Cover. Lebo, ya seng a sa sebedise lebitso la Elle, o tlile le morethetho wa jazz o kopane le wa tlasiki ya bodumedi jwalo ka pineng ya Mmele, Pelo Le Moya le Jeso Ke Mmoloki. Ho ne ho tla ba betere haeba re ne re ka utlwa morethetho wane wa hae wa sedumedi, empa re a tshepa hore kgetlong le tlang re tla ho utlwa.
Afterparty (Psyfo)
Ho se ho fedile dilemo tse tharo a ne
a ntshe albamo e reheletsweng ka yena, Psyfo, mme ho bonahala ho ena ya bobedi a tlile ka morethetho wa sebele jwalo ka ha a bina le dibini tse pele tsa hip-hop tse kang HHP le Amu mme pina e pele ke Double Cross. Albamo ena e bontsha bokgoni ba bahlahise ba pele mme hape le yena bokgoni ba hae bo boholo bo bonahetse morethethong le ho ngolweng ha dipina tsena.
RE LEKOLA DI-DVD
KGEDING ENA: Difilimi tse buang ka bophelo ba nnete.
The Pursuit of Happyness
Dibapadi tse pele: Will Smith, Thandie Newton, Jaden Smith
Bolelele: Dihora tse 2
Will Smith o bapala karolo ya morekisi wa lebenkeleng ya hulang ka falese, Chris Gardner, ya nang le ditoro ka bophelo ba hae le ba lelapa la hae. Pale ena e qala hampe moo Chris a qalang kgwebo ka tjhelete ya lelapa. Chris ka nako e nngwe o ne a hloka moo a dulang, a dule le diterateng jwalo ka ha mohatsae a ne a mo siye, empa yena haesale a na le tshepo ya katleho.
Notorious
Dibapadi tse pele: Angela Basset, Derek Luke, Jamal Woolard
Bolelele: Dihora tse 2
Filimi ena e bua ka bophelo le lefu la sebini sa hip-hop Notorious B.I.G., filimi ena e bontsha hore talente le mamello di ne di thuse Christopher Wallace hore a fetohe e be sebini se pele sa rap a tloha ho rekiseng dithethefatsi.
Cadillac Records
Dibapadi tse pele: Beyoncé, Cedric The Entertainer, Gabrielle Union
Bolelele: hora le metsotso e 49
Bophelo ba dilemo tsa bo 1950, o ne o tletse ditaba tsa thobalano, morusu le ditaba tsa serabe. Cadillac Records e latela bophelo ba tse ding tsa dibini tsa Amerika tsa dinako tsena tse neng di le monate. [s]
BALA, BOHA, PHOMOLA
Kereke ya ka
Moetapele wa sehlopha sa mmino wa bodumedi, Ncandweni Christ Ambassadors, Timothy Myeni, o bua ka kereke eo e leng moruti ho yona.
Kereke: Evangelical Church in Big Bend, Swaziland
Moruti: Timothy Myeni
Tshebeletso ya ka Sontaha: 10.30am-1pm
O bile moetapele wa kereke ena nako e kae?
Ke selemo sa ka sa boraro. Ke hlahetse kerekeng ena mme le ntate e ne e le moruti wa yona.
Ke mang ya neng a o kgothaletse ho kena kereke?
Ntate: o ne a rata batho le mmino mme o ne a nthute ho hlompha kereke le ho e sebeletsa.
Ke eng o e hopolang ka kereke ena?
Ke hopola ke bina sekolong sa Sontaha ke tshetleha puo.
E o thusitse jwang kereke bophelong ba hao ba moya?
Tsela ya ho araba potso eo ke ho ipotsa hore: haeba e ne e se ka lebaka la Modimo, nka be ke le sebini se tummeng, setho sa palamente kapa yena moruti? Ha ke kgolwe.
Na o batla re ngole ka lebenkele la hao la dijo leo o le ratang, kapa sebaka sa boithabiso, sa ho hlatswa dikoloi kapa kereke? Re romelle e-mail ho bona@caxton.co.za. Di otle mabalankwe ka sona, o kenye le difoto le dinomoro tsa mohala.
Ebokeleditswe: Ntokozo Maseko
