sotho.2142.yourbackpage_last
Ha ke qetela ho nka setshwantsho...
Ke ne ke le Brazil le ba lelapa diphomolong tsa Tshitwe. Re ne re le sehlekehlekeng se setle, Angra Dos Reis. Ke rata ho ba pela lewatle. Ke ka hona ke ratang ho dula Port Elizabeth.
Papadi ya Bafana Bafana eo ke neng ke sa e shebella...
Ke ya bona le Chile, ke ne ke le kopanong ya CAF naheng ya Nigeria.
Eo ke sa tswa mo suna...
Ke mohatsaka maobane mantsiboya ha ke ne ke mo fonanisa. Hobane Rich Mkhondo, mookamedi wa dipuisano tsa 2010 a boetse a nkentse tseleng!
Mmino o ke sa tswa o mamela...
Ke wa Stylistics ke le koloing e yang boemafofaneng.
Dieta tseo ke sa tswa di reka...
Ke tsena tseo ke di rwetseng. Ke di rekile Vienna mane Austria ha ke ne ke le ho Eurofinal. Ke ne ke sa di reke feela, ke ne ke di hloka e le ka nnete.
Dijo tseo ke sa tswa di ja...
Nando's. Ke rata yona kapa KFC hobane ke rata ho ja nama ya kgoho.
Ha ke ne ke qetela ho otlwa le letswalo...
Ha ke bone lebaka la ho tshoha. Ha ho na le se ntlhobaetsang boroko, ke batla tharollo. Projeke ena ha e bonolo. E na le mathata le manolo a yona. Ha re na phomolo ke yona.
Ha ke qetela ho raha bolo...
Dibekeng tse pedi tse fetileng. Ke ne ke bapala le mora (20) le metswalle ya hae lapeng.
Tlhokomediso eo ke sa tswa e etsa...
Ke ka projeke ena, ke re ha se potele. Mosebetsi o moholo, ha ho nako. Re lokela hore mohla la 11 Phupjane 2010 mabone a be a kganya ha tlhodisano ya pele e qala. Ha ho nako ya ho nna re itlhatlhatha!
Takatso ya ka ya 2010...
Ke ho thusa setjhaba sa Afrika Borwa e ntjha. Dinaha tse ding tsa Afrika, maemo a ntshetsopele a ne a le matle ha di fumana boipuso. Re lakatsa ha maemo a naha ena a ka sala a le matle le ka mora 2010 le ho feta ka moo a neng a le ka teng ka 1994 mme ho na le R3 billion e sebedisetswang kahong ya boemafofane, dihotele, mebila le meaho e meng le mabala a dipapadi.
Empa kaho ya setjhaba, e kenyeletsa le batho ba naha eo. Ha re ne re bapala le naha ya Engelane, balatedi ba teng ba ne ba qala hore ba se ke ba tella sehlopha sa naha eo ba leng kgahlano le yona ha e bina pina ya setjhaba. Ha papadi e fela, Engelane e hlotswe kapa tjhe, batshehetsi ha ba hlolwe ke ho fumana lebaka la ho qala morusu. Empa ka nako eo ba tellang ba direng, ba tshwarane ka matsoho. "Ho utlwana ha batho ke ntho ya bohlokwa," ho ya ka moo ba bolelang.
Ha ke qetela ho ba le mafelo a beke a ngwese...
Eo taba ha ke e tsebe"
E bokeletsditswe ke Patricia McCracken
LEQEPHE LA HAO LA KAMORAO
Re buile le mookamedi wa bolo wa ditlhophiso tsa 2010, Danny Jordaan ha a ne a le Thekong ho tla bona le leng la mabala a Mohope wa Lefatshe
