sotho.1118.soccer preview
Selemo se setjha
MPHE-MPHE e a lapisa, motho o kgonwa ke sa hae. Dintho di tla fetoha jwale dihlopheng tsa PSL. Ditoro dihlopheng tse ngata ho bonahala di tla phethahala jwalo ka ha tjhelete ya PSL e se e finyella ho R100m. Nyafunyafu ena ya tjhelete e tla thusa le dihlopha tse kojwane di mahetleng hore le tsona di ikutlwise ho hafa ka nkatana.
Empa he hore tseo tsohle di phethahale, dihlopha tsena di tlameha ho ba le bokgoni ba ho sebedisa tjhelete ka nepo.
Empa he jwalo ka ha selemo sa bolo se thwasa kgweding ena, mahlo a ba bangata a dihlopheng tse latelang...
MAMELODI SUNDOWNS jwale e tla be e phehelletse ho nka sekola sa liki lekgetlo la boraro ka tatelano jwalo ka ha e se e ikwetlisitse ho feta sehlopha sefe kapa sefe.
Tsela eo Sundown e phethetseng selemo se fetileng ka yona, le nalane e ntle ya ho hapa dipapadi tse 11 ka tatelano pakeng tsa Pherekgong le Mmesa, e bontshitse bokgoni bo babatsehang sehlopheng sena. Empa he ho banahala eka dintho di tla fetoha ho sena selemo...
Ke sehlopha se matla, se itsekang le Liking ya Bompodi ba Afrika.
Letsatsi le se le hlahlamela dithaba mme le meriti ho se ho thehile e meholo ya diotlwana dibapading tse kang Sebapadi sa Selemo, Godfrey Sapula, ya tla beng a kopanya dilemo tse 34 ka Pudungwana, Michael Manzini le Peter Ndlovu.
Sundowns ho bonahala jwale le yona e tla kena tlhodisanong e kgolo selemong sena.
Dibapadi tsa mpeng tse kang Esrom Nyandoro le Benson Mhlongo, ha re etsa mohlala, di ne di kgathatswa haholo ke ho lemala.
Selemong se fetileng, Manqoba Ngwenya le yena o ne a dule nako e telele a sa bapale mme Dillon Sheppard yena o ne a bapale makgetlo a mmalwa feela le yena lebaka e le ho lemala.
Sundowns e a e tseba pinyane ya katleho ya yona ya dilemo tsena tse fetileng - sehlopha se tihileng, esitana le bokgoni ba mokwetlisi, Gordon Igesund ba ho boloka dibapadi di thabile.
Selemong se fetileng, Clement Mazibuko le yena o bile le mathata a ho fumana jeresi jwalo ka ha a ne a qothisana lehlokwa le dibapadi tse kang Oscar Ntwagae, Elias Ngwepe le Tyren Arendse ba neng ba dutse ba behwa kantle jwalo.
Sundowns hape e tla beha letshepa la yona le ho Mbulelo "OJ" Mabizela jwalo ka ha a se a kgutlela papading ka mora ho emiswa nako e telele ka lebaka la ho sebedisa dithethefatsi. Sebapadi sena ke se seng sa tse pele naheng ena.
ORLANDO PIRATES le yona e na le sehlopha se tihileng, empa yona e rekile dibapadi tse se nang papadi e ntle hakalo.
Mabuccaneer a ntse a tshepetse sebapading sa ona sa mpeng, Benedict Vilakazi. Leha ho le jwalo, sehlopha sena ha se so fumane forose e tla sebedisana le yena.
Ba bile le dibapadi tse tihileng tsa morao, Innocent Mdledle le Lucus Thwala ba qeteletseng ba kene ho Bafana Bafana.
KAIZER CHIEFS e hutse ka tlhako tsa morao haesale Collins Mbesuma a tsamaya sehlopheng sena ka mora ho se thusa ho hapeng liki makgetlo a mabedi ka tatelano a sebedisa bokgoni ba hae ba ho hlaba dintlha lenyelenyele.
Chiefs e ne e tsebisahala haholo ka dibapadi tse pele tse kang Samora Khulu, Fani Madida le Shane McGregor, empa morao tjena dintho di fetohile.
Mokwetlise e motjha, Muhsin Ertugral o tjametswe ke mosebetsi wa ho nyolla AmaKhosi jwalo ka ha e kwetse selemo e le boemong ba borobong lokong.
"Re tlameha ho kgutlisa papadi e ntle. Hape re tlameha ho lokisa morao, hobane ha se ntho e tlwaelehileng hore Chiefs e hlajwe dintlha tse lekanang le tseo e di hlabilweng ngwahola," ho rialo Ertugral, mokwetlisi e motjha wa Chiefs.
Tse ding...
Ertugral ha se yena feela mokwetlisi ya tjhentjhileng sehlopha. Roger de Sa jwalo ka Ertugral, o kgutletse sehlopheng sa hae sa kgale, WITS UNIVERSITY, e neng e qale selemo hantle, empa dintho tsa e fetohela ha di se di leba panteng.
Ian Gorowa, e se e le yena jwale mokwetlise e motjha wa MOROKA SWALLOWS, o kene dieteng tsa Gavin Hunt eo jwale a kwetlisang SUPERSPORT UNITED.
Hunt ya behileng Swallows maemong a boraro, jwale o tobane le phephetso e ntjha ho SuperSport. Ho bonahala thekiso ya dibapadi e tla phatsamisa maikemisetso a hae.
BLOEMFONTEIN CELTIC e nkile mokwetlisi wa mehleng wa Lamontville Golden Arrows le Classic, Khabo Zondo.
Ho kgethwa ha Gorowa, mothusi wa mokwetlisi wa mehleng wa Ajax, ho makaditse balatedi ba bangata ba Swallows.
"Ke batla ho tla etsa dintho di etsahale ho Swallows," ke yena eo." Ke batla ho hopotsa batho dinako tsa kgale, nako eo Soweto e neng e duma ha ho bapala Swallows le dihlopha tse kang Chiefs le Pirates.
"Seo ke se pheheletseng, ke papadi e bokgabane mme sephetho
sona se tla itlela.
"Empa he dintho ha di etsahale ka ho panya ha leihlo. Ke ikutlwa ke na le letshepa la hore ke tla kgona ho fetola Swallows, e boele e hlontjhwe jwalo ka pele.
"Seo ke se hlokang ho balatedi, ke mamello le tshehetso."
Ho na le se seng sehlopha se sa tlamehang ho tlodiswa mahlo, ke bolela JOMO COSMOS. Dintho sehlopheng sena di ile tsa fetoha ka mora ho leba Danmark ha Chris Katongo, empa he letshepa la sona le setse le Anthony Laffor... [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Ekaba Mabuccaneer a behile tshepo ya ona haholo ho Benedict Vilakazi"
Tjhe leha le se le hlahlamela dithaba ho Godfrey Sapula, o le behile letsoho mohomeng katlehong ya sehlopha sena"
Ke mang ya bohale ho feta ba bang
Jwalo kaha Premier Soccer League e se e kene tumellanong ya tjhelete e ngata ha kana, dihlopha tsena tse 16 di tla qala selemo ka morolo o moholo...
pale ka MARK GLEESON
ditshwantsho ka GALLO IMAGES
Lucas Thwala mmapala morao ya sa leng monyane.
BONA SESOTHO - August 2007 103
Ekaba Elias Ngwepe o tla fumana monyetla wa ho iponahatsa le selemong sena"
u
t
Roger de Sa o kgutletse ho Wits.
104 BONA SESOTHO - August 2007
Ke rata ho etsa dintho di etsahale ho Swallows
Ertugral o hapa tse ding dikgau.
Bloemfontein Celtic e se e kwetliswa ke Khabo Zondo.
Dintlha le diketsahalo tsa PSL 2006/07
DIPAPADI
Tse bapadilweng: 240
Tse hapilweng ke sehlopha sa lehae: 112
Moo ho bapadilweng ka ho lekana: 68
Tse hapilweng ke baeti: 60
DINTLHA
Di le kaofela: 524
Tsa lehae: 306
Tsa baeti: 218
DIPHETHO
1-0 - makgetlo a 37
0-0 - makgetlo a 33
1-1 - makgetlo a 26
2-1 - makgetlo a 25
1-2 - makgetlo a 20
2-0 - makgetlo a 19
0-1 - makgetlo a 14
0-2 - makgetlo a 12
TLHASELO E NTLE
Ha re sheba papadi ka kakaretso selemo kaofela, Sundowns e hlabile dintlha tse 1,50 papading ka nngwe.
Ho latele Kaizer Chiefs, ka tse 1,40, ho tle SuperSport le Cosmos tseo ka bobedi di hlabileng tse 1,27 sehlopha ka seng.
TSHIRELETSO E BOKGABANE
Ha ho makatse hore Sundowns e be hodimo hape, jwalo ka ha e sireleditse dintlha tse 0,57 papading ka nngwe.
E latelwa ke Silver Stars ka ho sireletsa tse 0,70 papading ka nngwe
ho qetelle Supersport ka 0,73.
Ian Gorowa ke mokwetlise e motjha wa Swallows.
