sotho.2139.bec recipe-tips
E etsa tse 40
Disebediswa
1 kopi margarine e thapisitsweng
1/2 kopi tswekere ya Illovo
1 kgaba lero la vanilla kapa boranti
2 dikopi folouru
1/4 kgabana letswai
2/3 kopi di-pecans tse kgabetsweng kapa di-walnuts
1 kgabana ground cinnamon
1 kopi tswekere ya Illovo
Mokgwa
1. Beha onto motjhesong wa 160oC. Fehlela margarine sejaneng ho fihlela e ba lebejana.
2. Tshela tswekere le vanilla. Fehla ho fihlela di ba bobebe. Tshela folouru le letswai. Tshela matokomane le folouru e setseng.
3. Kwahela ka clingwrap. E tlohele e fole hantle.
4. Bopa hlama e be dibolwana tsa boholo ba 2cm. Di behe ho baking tray e sa tlotswang ka mafura, o bule dikgeo tsa 2,5cm dipakeng tsa tsona.
5. Baka metsotso e 15 ho fihlela e ba mmala wa kgauta.
6. Tswaka tswekere le cinnamon poleiting. Ntsha dibiskiti tseo ka ontong. Di pitikise tswekereng ka hloko di ntse di tjhesa.
7. Di behe ka thoko. Ha di se di fodile, di pitikise hape. Ha e le ngata e fokotse ka ho e hlohlora mme o e fepele kapa o e etse e be leqhwa.
BONA SESOTHO - September 2006
Cinnamon Illovo Sugar Cookies
HA ho qeaqeo, e mengata menyetla ya ho etsa kgwebo e atlehileng lapeng. O se o e thakgotse mme jwale o hloka maele a ho ntlafatsa menyetla ya katleho ya yona.
Bapatsa kgwebo ya hao
Keletso ya pele ke papatso. Kgwebo ya hao e ke ke ya atleha ntle le hore o etse hore bareki ba hao ba tsebe ka yona. Ho bohlokwa hore o bapatse hohle moo o nahanang hore ho ka ba teng batho ba ka bang le thahasello ka sehlahiswa kapa yona tshebeletso ya hao.
Di ngata dibaka tseo o ka etsang sena mahala ho tsona. O ka kenya papatso ya hao ditsheng tsa Internet tse nang le mefuta ya kgwebo e tshwanang le ya hao. Batho ba tla tseba ka kgwebo ya hao leha ba se na ho reka hanghang. Hape o ka qoqa mahlo mahlong le bareki bao o kgonang ho bonana le bona.
Eya dibokeng
E nngwe keletso ya papatso ke ho ya dibokeng le dikopanong mme o be setho sa mekgatlo ya kgwebo e tshwanang le ya hao. Sena se tla etsa o kgokahane le borakgwebo ba bang ba tikolohong ya heno e leng se ka o atlehisang.
E nngwe hape ya dikeletso ke ho leka ka hohle hohle ho fumana tjhelete yohle ya ditjeho. Boloka diresiti tsohle tsa dintho tse kang mohala wa ka tlung, ditjeho tsa Internet, tshebediso ya koloi kapa mohlomong wardrobe ya hao mme tsena tsohle o ka kgona ho hula ditjeo tsa tsona phaellong yohle o e fumaneng.
Ho na le di-website tse ngata tse nang le maele a ka o thusang ho atlehisa kgwebo ya hao ya lapeng. Pele o ka thakgola kgwebo ya hao lapeng, ho tla ba molemo ho bala ka mekgwa ena ya nnete ya katleho o shebe ka moo e sebediswang le hore na e ka kgona ho atlehisa kgwebo ya hao. Re le lakaletsa mahlohonolo!
ka Vincent Murphy [s]
Maele a ho atlehisa kgwebo ya hao lapeng
Mageu Number 1
KELETSO YA KGWEDI
Sehlahiswa:
Hlalosa mofuta wa sehlahiswa kapa yona tshebeletso eo o fanang ka yona ho bareki ba hao. Ho bohlokwa ho fumana hore bareki ba hao ba hloka sehlahiswa sa mofuta ofe pele o ka ba rekisetsa sona. O ka etsa sena ka ho etsa diphuputso.
O ka etsa diphuputso tsena ka ho botsa batho mohaleng, mahlomahlong kapa o ba romella mangolo. Ho sa natsehe hore sephetho sa diphuputso se setle kapa tjhe, seo se tla o thusa katlehong ya sehlahiswa sa hao.
FUMANA A MANG MAELE KGATISONG E HLAHLAMANG YA BONA
BONA - August 2005
