sotho.2132.Lettersjan
Le hapileng R100
Romela mangolo a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083, Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Ho babadi ba rona ba Sexhosa...
Bona ke boipeletso bathong bohle ba buang puo ya Sexhosa. Ke rata ho hlahisa ngongoreho ya ka ka ho theoha ha maemo a puo ya Sexhosa dibohoding tsa TV le radio. Ke utlwile e mong lenaneong la tsa tumelo a re: "UThixo usisimanga."("Modimo ke Radimakatso.") Tsela e nepahetseng ke ya hore, "UThixo ungummangaliso." O mong mohlala ke ona: wa papatso ya laesense ya TV. E rialo: "Makhe sizifake kulo mkhuba wokonga." Le polelong e ka hodimo, lentswe le reng "umkhuba" ke la puo ya Sezulu!
Ho kotsi haholo ho sebedisa mantswe a kang ana haeba o hlile o sa a tsebe, a bolaya puo ya rona ya Sexhosa.
Sobi Siyongwana, East London
#Ekaba babadi ba bang ba Sexhosa ba dumellana le Mong Siyongwana" Ekaba maemo a puo a a theoha" Re ka reng ka tse ding dipuo" Basotho le Mazulu a reng ka tshebediso ya puo ya habo ona ho boraditaba. Re ngolle o re fe maikutlo a hao...
Tshenyo e kaalo!
Ke ne ke bone ditabeng mmuso o lahla dieta tse neng di tletse khonteina tseo ho thweng di ne di kene kwano ntle ho molao ho tswa Far East.
Ha se lekgetlo la pele re utlwa ka thepa ya mokokotelo e kenang kwano ntle ho molao e ilo lahlwa - ke bona ena e le tshenyo e kgolo jwalo ka ha ho na le batho ba tsamayang ka maoto ba se nang dieta le ba tsamayang ba hlobotse ba se nang diaparo.
Hobaneng ho lahlwa diaparo" Hobaneng ba sa tlose matshwao ba abele mafutsana diaparo tseo"
NN, Bloemfontein
Tsa mehleng"
Ke hopola mehleng ya kgale nakong eo bana ba sa ntseng ba hlompha batho ba baholo.
Mehleng eo ka yona bana ba neng ba sa tjhikele batho ba baholo.
Ke tshepa hore re phela setjhabeng se kulang, moo ditokelo tsa bana di behwang pele haholo.
Ka bomadimabe, bana bana ha ba hlokomele hore tlhompho ke yona e bopang setjhaba kgotsong le kutlwanong.
Thando Ntombela, Dobsonville
Ithute ho kgetha motswalle
Pele o ka fumana motswalle, o tlameha ho tseba hore o hloka motswalle ya jwang.
O ke ke wa ba rata bohle, empa o ka ba motswalle wa bona!
Se rate ho kgahlisa ba bang, ha ebe bona ba kgahlisang wena.
Itshepe. Batho ba itshepang, ba kgahla ba bang, ba sa itshepeng bona ha ba kgahlise.
Eba le tjheseho jwalo ka ha ho se katleho ntle le yona.
Itshepe, o latele dikeletso tsena bakeng sa katleho.
Isaac Tema, Birchleigh North
E nngwe hape keletso
Hobaneng re tshwara basebeletsi ba ka tlung jwalo ka dintja" Bona bana ba hlwekisang matlo a rona, ba hlatswe bana ba rona, ba hlwekise dijarete tsa rona, ba re hlatswetse - ha re leboheng mosebetsi oo ba re etsetsang ona.
Emely Langa, Tshwane
E ba motlotlo!
Ke dilemo di 17 mme ke qetile sehlopha sa Grade 12 ka 2005. Batswadi ba ka ha ba sebetse, ka hoo, ha ba na matla a ho nkisa sekolong. Ke amohetse maemo jwalo ka ha a le jwalo, ha ke ba nyatse ka letho. Jwalo ka ha ke dula mahaeng, ke hlile ke ngongorehiswa ke dithaka tse ding tsa ka sebakeng sena.
Ha ho jwalo. Le rona ba mahaeng, re ntse re na le bokgoni ba ho etsa dintho di etsahale.
Katleho ha eye ka hore o dula kae. E tla ka lebaka la boitshepo, ho sebetsa ka thata, boinehelo le mamello.
Re entse dikopo tsa dibasari mme ho se ho le teng ba re arabileng. Ka hoo, re tla kgona ho ya diyunivesithing selemong sena.
Hoja ka nyahama, sena sohle ekaba ha se aka sa etsahala. Ena ke nako ya hore bana bana ba mahaeng ba tlohele ho ithetsa ka hore menyetla ya thuto ke ya ba ditoropong feela.
MM, Mphahlele
Re lwantsha bonokwane
Bona ke boipiletso ho Maafrika Borwa ohle hore re lwantsheng bonokwane selemong sena. Ha re jaleng kgotso naheng ena ya habo rona e bokgabane.
Bonokwane bo re ama kaofela, ka hoo, ha re pokoleng re lwantsheng bonokwane bona.
AK, Limpopo
Ke lentswe le le leng feela
"Tshwarelo" ke lentswe le le kgutshwane haholo, empa le boima hore le tswe molomong wa motho. O kgona ho bolela lentswe leo ha kae mothong eo o mo sitetsweng kapa eo o mo utlwisitseng bohloko"
Kajeno e ba ntja le katse ha o bona motho e mong. Ka nako e nngwe o hlabehetse motho o sele e ka ke yena ya itseng o hlabehe!
Ha se ho itheola seriti ho ikokobetsa, o re tshwarelo.
Makoko ana a qetile dikereke le malapa.
O a tseba hore ho kotsi ho se kope tshwarelo" Bohloko ba sena bo ka qetella bo amme bophelo ba hao. O ke ke wa ba wa fumana ditlhohonolofatso tsa Morena haeba o dula o tshwere motho ka pelo.
Ke kgothaletsa babadi ba BONA hore ba phahame ba yo kopa tshwarelo ho bao ba ba sitetsweng.
Tlohela ho ba letswalo mme o tla bona hore bophelo ba hao bo tla fetoha.
Gloria Motsi, Tshwane
Mangolo a hao
BONA SESOTHO - January 2006
u
Mangolo
t
EITSI - kalafo e molemo"
Ke tshepa hore re ka e lwantsha kokwanahloko ena haeba re latela tataiso e latelang...
lAmohela hore ha ho ngaka kapa lethuela le ka alafang EITSI.
lTseba hore EITSI ha e bakwe ke boloi; kapa lona lefu la makgowa.
lHa se thohako ho bua ka EITSI. Batho ba tlameha ho bua ka bolokolohi ka lefu lena, le maemo a bona bakeng sa tshireletso ya ba bang.
lHo tlameha ho kgothaletswa batho ho itlhatlhoba, ba eletswe.lBatho ba tlameha ho tlohela ho kgetholla batho bana ba nang le lefu lena - haholoholo ha bona ba tshaba ho itlhatlhoba.
AM, Lady Frere
Tse ding ka EITSI...
Ke leboha BONA ka ho ruta batho ka lefu la EITSI. Batjha naheng ena ha ba nkele lefu lena hloko - sena se kotsi.
Ke eng se sa lokang ka batho bana"
Ha ba utlwe ha ba hlokomediswa ka thobalano e bolokehileng" Ho bohloko ho bona batho ba beha bophelo ba bona kotsing ka mokgwa ona - haholo jwang jwalo ka ha ho se pheko ya lefu lena. Pheko e teng feela, ke boitshwaro bo botle le botshepehi dikamanong.
WN, Bloemfontein
BONA SESOTHO - January 2006
Re a leboha, BONA!
Ke ngola lengolo lena ho leboha BONA ka dimakatso tseo e nketseditseng tsona nna le keretjhe eo ke sebetsang ho yona.
Makasine ena e ruta setjhaba ka se etsahalang kwano le mose ho mawatle. Re bile hape re sebedisa ditshwantsho tsa makasine ena bakeng sa ho etsa dipopi.
Ezekiel Themba, Hazyview
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
Motho ohle o a e etsa, ekaba e bohlokwa"
E mong wa batjha o re kumela maikutlo a hae ka tsa ho intsha...
Batjha ba bangata ba etsa eka ho intsha le kgarebe kapa yena mohlankana ke e nngwe ya dintho tse hlokahalang bophelong.
Ke dilemo di 17 mme ha ke bone hore ke tlamehile hore ke be ke intshe hore ke kgone ho thaba bophelong.
Bongata ba rona bao re seng re kile ra intsha, re setse le dipelo tse bohloko tse re sitisang dinthong tsa bohlokwa - jwalo ka ho pasa ditlhahlobo tsa rona.
Hape ke tshepa hore bana ba intshang ha ba intshe ka lebaka la lerato, ke tshepa e le hobane ba iphahamisa feela.
Batjha ha ba a tlameha ho itlamella matsoho ka morao. Ena ke nako ya ho thabela bophelo le ho kopana ha batho ba batjha bophelong - o be le bolokolohi lefatsheng mona.
Se natse hore na ba bang ba reng. Se dumelle batho ba bang ho o laola. Ha o hloke "molekane" ho ba motho ya "ikgethang." O hlile o motho ya ikgethang, ha ho motho ya kang wena.
Teboho Masoabi, Thekong [s]
