sotho.2128. lesego
O hapilwe
maikutlo
Ka moo Lesego Motsepe wa Isidingo a neng a hape ka teng maikutlo a mokaubere wa rona wa raditaba mme a qetella a iphumana a habola sopho e entsweng ka mokopu eo a neng a sa nahane hohang hore a ka e ja. Bala, o tla ikutlwela.... Pale ka Pule Sekano
HA O kgahlilwe e le ka nnete, o ka iphumana o habola leha e le sopho ya mokopu. Ha ke rate sopho eo hohang, bonnete ke ne ke sa nahane hore mokopu o ka etswa sopho... Empa ka iphumana ke e habola butlebutle e bile o theohela
ha monate.
Ke ne ke mametse ka moo mokopu o lokelang ho loya ka teng hore sopho ya ona e be monate mme e thelle feela mmetsong. Le ka moo e lokelang ho kgabiswa ka teng ka parsley e kgabetsweng ha sesanyane.
Ke ne ke sa kgolwe hore nna ka sebele nka ngola ka disopho, ya mokopu le hona - empa kajeno ke tseba le resepe ya yona.
O tla hloka mekopu e mebedi ya butternut, apole e le nngwe le eie, 50g botoro, le kotara ya kgabana ya curry powder e sa babeng, 40g cake flour, bohashana ba ground nutmeg, chicken stock cubes tse pedi, 500ml lebese le halofo ya kgabana ya letswai...
Empa ha ke kgolwe hore nka boela ka e thabela hape ha ke se ke le mong, bonneteng, e ne e hlile e natefiswa ke hore ke ne ke dutse le Lesego Motsepe. Ke ka hona ke reng ke ne ke nkehile maikutlo.
Ha o sheba Lesego, o tla utlwisisa seo ke se bolelang.
Ke ne ke se ke sa tsebe hore nka se botsa eng sebapadi sena sa Isidingo se neng se qale ho bapala paleng ena ha e ne e qala dilemong tse 10 tse fetileng, eo kgaolo ya hae ya ho qetela paleng ena e neng e le mohla la 26 Loetse.
Na ebe e tla ba toka hore re iqoqele ka bofokodi ba motho ba nama kapa ka ditaba tsa marato feela ka kakaretso" Kapa ka kgwebo ya difiliming" Kapa ke nonye maikutlo a hae ka motjheso o matla lefatsheng, leqeme la dijo kapa ka Robert Mugabe kapa yona kankere ya letswele" Ke ne ke ferekane maikutlo, ke sa tsebe ke tla nkang ke e kopanye leng. A be a qhanolotse yena, a habola sopho, a emetse hore ke phunye taba.
A re qale ka ho utlwa hore o kene jwang mosebetsing ona... "Ke holetse lapeng leo re neng re ena le monyetla wa ho hlahisa maikutlo a rona ka dithoko le mmino," ho bolela Lesego.
Ke hotse ke dutse ke labalabela ho ya bina meketeng mme ke tjeke. Ke hona moo ke neng ke qale teng.
"Ho bapala dipapadi tsa sebaya le tsa thelevishene ho ne ho nthabisa haholo ke rata le ho thoholetswa ke letshwele."
O ne a qale ho bapala ho TV ka 1990, a bapala karolo ya setsebi sa khomputara ho Horizon.
A kgothalletswa keng ho ya ditekong tsa Isidingo"
"Ke ne ke bone e le monyetla o motle wa ho ba mohlala wa lelapa le hlonephang moetlo wa Seafrika, le hatellang lerato, boitshwaro bo botle le maikemisetso a maholo," ho bolela yena.
Seo a se ratileng haholo ka karolo ya hae ke ho ba le lerato le mofuthu. Athe Lesego wa nnete, yena o dutse a batla ho hlahisa maikutlo a hae.
Haufinyane o sa tswa kgethwa ke khampane ya ditlolo hore ebe sebui sa yona bakeng sa melaetsa ya yona mananeong a setjhaba.
E meng ya melaetsa ke ya ho thusa basadi ho hlokomela kankere mmeleng e sa ntse e qala, e leng seo Lesego a dumelang hore se lokela ho etswa e le ka nnete. "Batho ba batsho ba ne ba swabiswa le ke ho bua ka matswele kapa yona kankere ya ona hara setjhaba. Ke nako ya hore re bue ka ditaba tsa mofuta ona molemong wa basadi."
Ke yena ya hlokomedisang setjhaba ka kankere, re reng ka bohlola le bonyopa" Ke seo re hlolang re se bone difiliming, dibapadi di lokela ho nka boikarabelo ba ho ntshetsapele dihlooho tsena tsa bohlokwa tse amang setjhaba.
O imamela hantle pele a bua. Bonneteng, ke ile ka hlokomela hore o itlhokometse dinthong tse ngata. "Lona boraditaba le rata ho fetola seo re se buileng," ho bolela yena.
Empa ka mora moo a nkaraba ka hore... "Bongata ba batho ba dikamanong tsa marato, ba tsamaya ba hloka botshepehi ka dinako tse ding - ka nako e nngwe, e ba mahlatsipa kapa e be bona sesosa."
O tiisitse he teng. Difiliming tsa marato ha ho bapatswe bohlola, ho mpa feela ho hlahiswa tse ding tsa dintho tse etsahalahang bophelong. Leha ho le jwalo, Mofumahatsana Motsepe ha a dumele ho mpolella hore ebe yena o kile a ekwa kapa a eka kapa tjhe.
Lesego o ile a nkgahla haholo mme a ba a nkgothaletsa ho nwa sopho ya mokopu e leng seo ke neng ke sa se nahane hohang empa ya nnatefela - ka mora nako ke ile ka bona hore ha se hakaalo hore e ne e le monate ke ne ke mpa feela ke natefetswe ke ho dula le yena. Ha ke bone e le motho ya ka phoqang ba mo tshepang. O hopole hore ha o bua le sebapadi, o lokela ho dula o ipotsa hore ebe kelellong ya sona se bua le wena sa mannetennete kapa se inahanetse karolo e nngwe ya filiming.
Ke seo bohle re se etsang - re leka ho pata maikutlo a rona mme re hlahise a ba bang. Ebe yena o kgonne jwang ho atlela kgwebong ena eo ba bangata ba hlolehang hakale ho yona" "Nke ke ka buella ba bang, hobane ha ke tsebe diphephetso tseo ba kopanang le tsona. Ke dula ke kgothalletsa dibapadi tse ntjha hore di hlome ka tsebo mme di se ke tsa fetwa ke dithuto tsa ho ba sebapadi. Ba bangata ba bona ekare ke atlehile empa ke sa ntse ke ena le dintho tse kgolo tseo ke lakatsang ho di fihlela nako le nako."
Ya fela jwale sopho ya ka ya mokopu le mabotle enwa a tshwanela ho kena tseleng... [s]
BA RONA
O RATA BA KGOPO
Thatohatsi ena ya rona e rata ho bala haholo mme dibuka tseo e ratang ho di bala, di ka nna tsa makatsa ba bang, empa yena o na le tlhaloso e ntle ya kgetho ya hae.
"Hara dibuka tseo a di ratang, o kenyeletsa le tse buang ka batho ba kang Hitler, Idi Amin, Robert Mugabe le baetapele ba bang ba kgopo, ba bileng ba leng manganga. Dibuka tsena di re ruta ka dintho tseo batho ba bang ba sa lokelang ho di etsa," ho bolela yena.
