sotho.2122.yourman_motoring
E TSWA PELE
E a phela, e entswe hantle, e se e fihlile! Re kgannile koloi e ntjha ya
Hyundai i20 hatch
E ENTSWE India, mme Hyundai i20 le yona e rekiswa jwalo ka Getz, ke koloi e pele. Ka lebaka leo, i20 e bitsa haholwanyane, empa mmotlolo wa 1,6 litre o matla ka 20 lekgolong ho feta o motjha wa 1,6 Getz.
Mmotlolo wa i20 o tla le dintho tse ngata tsa bokgabane le polokeho tseo o neng o di fumana ho Mercedes kapa BMW dilemong tse 10 tse fetileng.
Ntle le difenstere tse sebetsang ka motlakase, mariki a ABS le air-conditioning, koloi ena e na le di-disk brake ka pele le ka morao, sebapalammino se nang le dipika tse tsheletseng le Bluetooth, MP3 e laolwang mona lebiding la ho kganna, mamati le boot ha di bulwe ka senotlolo, di bulwa ka remote control. Hape e na le khomputara e o bontshang motjheso wa maemo a lehodimo, hore e ja mafura ha kae le hore mafura a setseng o ka tsamaya sebaka se se kae ka ona. Ditulo tsa yona o ka di nyolla le ho di theola - mme diipone di sebetsa ka motlakase, hape o kgona ho di futhumetsa ho tlosa phoka le mohodi ho tsona.
Hyundai i20 e bulehile ka hare mme e entswe hantle.
Ena ke koloi e o tshwanetseng mme ka R149 900 o ka fumana 1,4 ha ka R159 900 teng o ka fumana 1,6.
E boetse hape e na le warranty ya dilemo tse hlano kapa 150 000km, service plan ya dilemo tse tharo kapa 60 000km mme o tlameha ho e isa ho service jwalo ka 15 000km.
Leha dintho di le mpe indastering ya dikoloi, empa Hyundai yona e boletse ha thekiso ya yona e ntlafetse ka 2008.
Bohle ba a ipotsa hobaneng o rata koloi ena ya Korea. [s]
Pale le ditshwantsho: Gavin Foster
5 DIKELETSO HA O REKA KOLOI FANTISING
Ho reka koloi fantising ho ka o bolokela tjhelete - mohlomong 30 lekgolong lenaneng la yona - empa hape menyetla ya ho reka koloi e sa lokang e mengata ho feta ho e reka ho morekisi ya tsejwang.
1. Netefatsa hore beng ba fantisi eo ba molaong jwalo ka ho ba ditho tsa South African Institute Of Auctioneers, e leng se tla o tswela molemo haeba ho etsahala e be koloi eo e utswitswe kapa e entsweng botjha.
2. Maemo a dikoloi tsa fantising a a fapana, shebisisa mme o kope ho e kganna ha ho dumelleha.
3. Kopa motswalle ya tsebang ka dikoloi ho tsamaya le wena hore a o thuse ho bona koloi e nang le mathata.
4. Kopa ho bona logbook ya koloi hore o bone hore ha e a ngodiswa e le Code 3 kapa Code 4, tse bolelang hore ke koloi e entsweng botjha.
5. Nka qeto hore o batla koloi e fe le hore o ikemeseditse ho lefa bokae mme o emise ha lenane leo le feta.
DIKOLOI
