SOTHO.2117.sis sarah
108 BONA SESOTHO - October 2005
Ha se monna wa sebele
Monna eo ke ratanang le yena o ne a mpolelle hore ha se monna wa sebele, empa o leka ka hohle ho nkgotsofatsa thobalanong. O se a qadile ho nyala, empa jwale ke dutse ke ipotsa hore ho tla etsahala jwang haeba mohlomong ha re se re nyalane, ke bona tlhokeho ya monna ya tla etsa dintho tse etswang ke banna ba sebele" Ke kopa thuso ya hao hobane monna enwa ke ntho yohle bophelong ba ka.
JMS, Thekong
O maemong a sa tlwaelehang, ka hoo, nka qeto hore o tla kgona ho emelana le maemo a kang ao bophelo bohle ba hao - kapa ha o tsebe le haeba ho teng se o lahlehelang"
Ha o a hlakisa hore bothata ba monna enwa ke bofe thobalanong. Tseba se bohlokwa bophelong ba hao. O batla lerato kapa monna wa sebele" Haeba o tseba bohlokwa ba monna wa sebele, seo se bolela hore dikamano tsa lona ke lefeela la mafeela.
Ha ke hloke ntlo
Ke mme wa bana ba bane ya dilemo di 38. Ke ne ke ntse ke lakatsa ho intsha le monna eo a re sapotang, empa ha ke so ka ke lakatsa hore a nkahele ntlo jwalo ka ha ke kgotsofetse ke ntlo eo ke dulang ho yona le bana ba ka. Ha ke rate hore monna enwa a tlo dula le rona. Nkeletse hle.
DHN, Intuthuko
O nahana hore o tla kgona ho fumana monna ya tla le sapota, empa yena a se kgole molemo wa letho ho seo a le etsetsang sona!
Ho bobebe ha jwale hore o bolele seo o se lakatsang ka bokamoso ba hao, empa ke nahana hore o a kakamela, e ba le mamello, o emele motho eo o mo ratang pele o ka rera. O ka nna wa kopana le motho eo o tla phela bophelo bohle ba hao le yena, eo o tla lakatsa hore o dule le yena.
Ho bohloko, ho a hlohlona
Ke dilemo di 39 mme ha ke kgone ho itshwara ha ke tswerwe ke moroto. Sena se qadile mathwasong a selemo sena mme se ke tswa tliliniking. E se e le dikgwedi tse ka hodimo ho tse tharo jwale ke sebedisa kalafo ya teng, empa maemo a a mpefala. Setho sa ka sa sesadi se a hlohlona ho be bohloko ha ke rota. Nka etsa jwang" Nthuse hle.
SMM, Carltonville
Ha ke na boiphihlelo mabapi le tsa bophelo bo botle, ke o eletsa ho ya ngakeng mme yona e ka o laela ngaka e nepaneng le bothata ba hao. Tsamaya le kalafo eo o e sebedisang ha o ya ngakeng e le hore e tle e tsebe ho bona hore kalafo eo e tla o thusa kapa tjhe. Ho molemo hore o phahamela mathata ana ka maoto jwalo kaha o bolela hore a ntse a mpefala letsatsi le tjhabang le le dikelang.
O robile ditshepiso
Ke dilemo di 30 mme mma bana ba ka yena tsa hae di 27. Ka 1999, ke ne ke ahlolwe dilemo tse 20 tjhankaneng. Ke ne ke mmolelle hore a ka ipatlela motho e mong hobane ha ke rate a senyehelwe ke bokamoso ka lebaka la ka. Empa yena o ne a bolele ha a tla nkemela. Ka 2001, o ne a nketele a kopa tshwarelo jwalo ka ha a ne a imme ngwana wa monna e mong. O ne a mpolelle hore o ntse a nthata. Empa nna ha ke sa mo tshepa hohang. Ke etse jwang, ke mo tshwarele kapa tjhe"
MS, Johannesburg
O ne o bolelle kgarebe ya hao hore e batle motho e mong jwalo ka ha dilemo tse 20 e le nako e telele haholo. Empa yena o ne a tshepise ho o emela, e leng polelo e bobebe ya molomo ya ka nako eo.
Ke eng se etsang hore o se mo tshepe" Ke hobane a se a robile ditshepiso"
Botebong ba pelo ya hao o tsebile hore ho tla ba boima ho ema dilemo tse 20, empa jwale o makatswa ke eng ha seo se se se etsahala"
Ke nahana ntho e molemo o ka e etsang e le ho mo tswarela. O sa le monyane, o hloka ho tswelapele le bophelo ba hae. Seo nka o eletsang sona ke hore tshepa hore o tla tswa moo tjhankaneng a so nyalwe mme ke moo he le tlang ho nka qeto ka bokamoso ba lona.
Ke lakatsa ho ya robala habo
Ke dilemo di 18 mme ke ratana le mohlankana ya dilemo di 20. Ke lahlehetswe ke borwetsana ba ka ho yena. Bothata ba ka ke hore jwale o se a rata hore re be mmoho bosiu kaofela habo. Ha ke rate ho etsa jwalo hobane ke a tseba hore batswadi ba ka ba ke ke ba dumela. Molao wa bona o thata haholo, leha ke intshitse, ke tlameha ho boela lapeng kapele.
Ha ke mmolella sena, o ba manganga a bolele hore batswadi ba ka ba a tseba hore jwale se nka robala matsekela leha ba so ka ba mpolella. Ke rata ho ba le yena bosiu kaofela, empa ke tshaba batswadi ba ka.
GNT, Paarl
O sa le tlasa batswadi, o tlameha ho mamela molao wa bona. Jwalo ka ha ba o batla o le lapeng pele ho hora ya borobong bosiu, ho hlakile hore ha ba rate o robale matsekela - ke ntho e siyo eo e bolelwang ke mohlankanao.
Ha ke tsebe hore le se le intshitse nako e kae le mohlankana eo, empa ke tshepa hore ha le kaba la intsha di tloha feela. Ha a o rata e le ka nnete, o tla utlwisisa, a ke ke a o qabanya le batswadi ba hao.
Ke a tshepa hore le etsa thobalano e bolokehileng. Hopola hore EITSI e ba qetile batjha naheng ena, itlhokomele!
Mme ya kgathatsehileng
Moradi wa ka o ne a emariswe ke monna e mong. E ne e re ha moradi wa ka bolella monna enwa ka ho ima ha hae, o ne a mo leleke. Kajeno ngwana o hlahile mme ngwana o hloka ho etsetswa meetlo ya ha habo. Ha ke bitsa monna enwa ha a batle le ho utlwa. Ke kopa thuso ya hao hle.
NGM, Isipingo
Ena e bile thuto e kgolo morading wa hao mme ke a tshepa hore kamoso o tla ipotsa a ikarabe pele a ka etsa thobalano le monna e mong - haholo ha kakang jwalo ka ha EITSI e qetile basadi bana ba tsamayang ba etsa thobalano le banna ba sa ba tsebeng le hantle.
Monna enwa o tlameha ho sapota ngwana wa hae, empa menyetla ya hore a latole hore ngwana ke wa hae e mengata. Ka hoo, tharollo e tla ba ho nka diteko tsa madi. Jwalo ka ha monna enwa a sa rate le ho bua le wena, ho molemo ho mo nkela mehato ya semolao. O ka ikopanya le ba ha Scorpion Legal Services nomorong ena 011-842-8994, ke tshepa ba ka o hlaha thusong.
Empa he tabeng ya "fane" ya setloholo sa hao, ke bona o ingongorehisa ke lefeela hobane ha ke bone bohlokwa bo bokaalo bo ka etsang hore ngwana eo a be a sebedise fane ya habo ntatae.
Ha a so qete ho nyala
Nna le mohlankanaka re dula mmoho empa ha a so qete ho ntefella mahadi.
Ha ke mmotsa hore na o tla qeta neng ho lefa mahadi, o le nyaha le kolobe. Ke nahana hore ho qeaqehiswa ke hobane ha a so ka a ba le bana le nna, ka hoo, ha a tsebe hore a nnyale kapa tjhe. Ke kopa keletso ya hao hle.
ZC, Msomi
Leha o sa hlakise hore le se le ratane nako e kae le monna enwa, empa ka ho ya ka dintlha tsa hao lengolong lena, ho a hlaka hore e se e le nako e telele. Haeba monna enwa a sa hlakise ka taba ya lenyalo, ho betere o ikopanye le ba lelapa ho utlwa hore na monna enwa o eme kae tabeng eo.
Ho na le tse ding dintlha tseo o tlamehang ho di shebisisa. Haeba monna enwa a sa kgone ho tshepahala a tsebe ho bua le wena, o nahana hore o tla boela a fetoha" Botshepehi le ho bontshana ke motheo wa sebele wa lenyalo la nnete mme ke nahana hore ke wena ya tlamehang ho qeaqea ho dumela ho nyalwa ke motho ya kang yena tjena.
Ya bobedi: ho ka etsahala hore ha ho se mo susumetsang hore a qetele mahadi jwalo ka ha a fumana melemo yohle e fumanwang ke monna ya "nyetseng."
Ha se hore ke nahanela mohlankana wa hao bobe feela, empa ho na le dintlha tsa nnete tse hlokang ho hlahlojwa pele.
Monna ya makgethe
Ke dilemo di 21 mme kgarebe ya ka ha e rate ke sebedise kgohlopo thobalanong ya rona. Ke a mo rata, ke etse jwang"
MQM, Kroondal
Ho a kgothatsa ho utlwa monna ya kgathallang tshebediso ya dikgohlopo jwalo ka wena, athe ka ho le leng ho a makatsa ho utlwa se bolelwang ke kgarebe ya hao. O tlameha ho netefaletsa kgarebe ya hao hore EITSI ke mathata a maholo a tjamelaneng le naha ya Afrika Borwa mme tshebediso ya dikgohlopo ke bona boitshireletso lefung lena, e bile ke ntho e nepahetseng. Haeba a hlile a o rata jwalo ka ha o mo rata, o tlameha ho dumellana le wena.
Haeba a ntse a sa utlwesise, ho hlakile hore ha a o kgathalle mme he o a hlokomela hore bophelo ba hao bo kotsing - se bapalle mollong hobane o tla tjha![s]
Botsa Sis Sarah
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - October 2005 109
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
