sotho.2115.lettersjul
LE HAPILENG R100
BONA SESOTHO July 2008
Banna ba sebele ba ka lwantsha tlhekefetso
Ke ntho e tetebetsang maikutlo kamehla ho bala ka dipeto, dipolao esitana le ditlhekefetso tse etswang ke banna ba Afrika Borwa basading le baneng.
Le nna jwalo ka monna, ke kgathetse ke boitshwaro bona. Ke etsa kgoeletso banneng bohle naheng ena ho lwantsha ketso tsena tse mpe.
Ke rona ditshiya tsa malapa, ka hoo, ha re sireletseng bana le basadi ba rona. Ha se dintho tsa tlhekefetso. Ha re ba neheng hlompho e ba tshwanelang.
Ha re tloheleng sena, se re theolang seriti jwalo ka banna. Re ikutlwa jwang ha re hleketsa ba sa kgoneng ho itshireletsa.
Ha o monna wa letho haeba o fetotse mohatsao le bana bolo eo o bapalang ka yona. O boyi, o tshaba thaka tsa hao.
O bomadimabe haeba o fetohile koko baneng le ho mohatsao.
Ke rona ba ka tlang le tharollo. Ha re bontsheng kgalefo ya rona dintho tse utlwahalang - ke yona tsela e ka qetang sena.
Banna ha ba a tlameha ho thola ka sena. Ha re emeng re phehisane le ketso tsena! "
Goitsimodimo Molusi, Rustenburg
Le bafutsana ba tlameha ho una ho BEE
Ho tla ba bohlokwa ha mmuso o motjha o kena tshebetsong isao hore o boele o lekole leano lena la Black Economic Empowerment.
Haeba leano lena le hlile le thehetswe ho lwantshana le bofuma, ho tlameha ho netefatswe hore dibaka tsa mahaeng le makeisheneng di behwa sethathong.
Ho a makatsa ho bona ho una boradipolotiki feela ho lona.
Phineas Matjeding, Witbank
Tse ding ka black empowerment
Ke Moafrika Borwa ya ngongorehiswang ke maemo a moruo wa naha ena. Taba ya ka ke ena: black empowerment e ke ke ya sebetsa ho fihlela re fetola maikutlo a rona.
BEE ke leano le letle le tlileng le mmuso, empa ho tswa ho rona ho le etsa le sebetse. Re ka etsa seo ka hore re tlohele ho phutha matsoho re lebelle ho kgaketswa.
Thuso e a fumaneha, re tlameha ho tlohela ho tletleba, re shebe moo re ka fumanang thuso ena teng. Ba tla una molemo ke ba sebetsang ka thata.
Ha re tloheleng mona, re kgothatseng ba lekang ho iphedisa ka yona BEE. Ha re tloheleng ho monela bana ba itekang, ba iqallang dikgwebo tsa bona, ha re ba kgothatseng.
Le rona re tlameha ho kgothatswa ke boiteko boo ba bona.
Batho bana ba mona ba botswa haholo mona naheng ena. Tlohela mona mme o phahame o etse letho.
Busisiwe Siyothula, Umlazi
Kaofela re holofetse
Ka mora ho bala pale ya dibapadi tse tenese ya ba tsamayang ka ditulo tse mabidi, ke ne ke hlokomele ho hong.
Ha ke sheba, kaofela ha rona re holofetse - phapang empa e le hore kgolofalo ya ba bang yona e hlakile haholo!
Setjhabeng ka kakaretso, ke re: ha re amoheleng baena le dikgaitsedi tsa rona tse holofetseng. Le bona ke batho. Le bona ba ka phela bophelo bo tlwaelehileng jwalo ka rona mme ke leboha tshehetso eo ba e fumananang.
MS, Elandsdoorn
Ho qeta morusu
Re ka qeta morusu naheng ena ka ho itlhompha.
Haeba re itlhompha, re ka kgona ho hlompha ba bang.
Haeba o itlhompha, o ke ke wa kgothalla ho ikutlwisa bohloko mmoho le ba bang ka dintho tse kang bonokwane le dithethefatsi.
HM, Rustenburg
O tla kgola molemo
O batla hore ba bang ba tlodise bofokoding ba hao mahlo? Atleha.
O tla bona, o tla nkwa jwalo ka mohlodi mme ho tla kgaotswa ho nna ho buuwa hampe ka wena.
Hopola - ha di fumanwe di tonositse. O tlameha ho sebetsa ka thata, o inehele.
Ho boima haholo ho nyolosa thaba, empa ha o fihla ka hodimo, o se o hetla moo o tswang, o ba motlotlo.
Mzuvukile Maya, St Albans
Itshepe
O holofetse kapa o sa holofala mmeleng - amohela maemo ao o leng ho ona. Itshepe mme o be motlotlo.
Ha ho le teng se sebe se etsahalang, se ipotse hore "hobaneng nna?" Amohela maemo. Tiha sebete, o tobane le diphephetso tsa bophelo.
Ho ka etsahala eng kapa eng e ntle ho wena, e re "Ke a leboha."
Itshepe mme ka ho etsa jwalo, o tla kgona ho fihlela ditoro tsa hao.
MM, Mokopane
Re bolawa ke ho se tsebe
Ho utlwisa bohloko ho bona bana ba banyane ba bolawa ke ho se tsebe. PHAPHAMANG! Tlohelang ho iketsisa - le beha maphelo a lona le a ba bang kotsing.
Siyabulela Mpikwa, Polar Park
Ithute ho boloka
Eish, ha ke sa na tjhelete!
O atisa ho rialo ha kae bophelong ba hao?
Se bohloko ke hore, Maafrika Borwa ha a ya itlwaetsa ho "boloka" tjhelete - e leng se etsang hore motho a fumane moputso kajeno kamoso ha a sa na letho.
Ha re ka kgona ho boloka tjhelete le ho fokotsa ditjeho tseo re bang le tsona, kgwedi e ke se fele motho a se a se na tjhelete.
Thabo Thulo, Senekal
Ke eletsa maqheku le ba sa sebetseng hore ba ntlafatse thuto ya bona dikolong tsa ba baholo dibakeng tsa habo bona.
Ke sa tswa pasa Grade 12 hona jwale ke le dilemo di 53! Ke motlotlo haholo ka seo!
A ko leke mme o tla bona ka moo bana ba tlang ho kgothala ka teng ha ba bona batswadi (le bonkgono le bontatemoholo) ba ithuta mmoho le bona!
Ha re tloheleng ho lahla tshepo. Thuto ha e tsofallwe.
MM, Duduza
HLAHISA MAIKUTLO A HAO
Ngolla ho: Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fekese: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Re Ngolle
O ka kgona
Keletso e molemo...
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa re kopa o le ngole la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
Re Ngolle
P Na ebe mmuso o fela o atlehile naheng ena?
TJHE. "Dintho tsohle di theko e hodimo bakeng sa bafutsanehileng. Re ne re tlameha ho phela bophelo bo botere jwale."
Noliwa Mafa, Orlando East
TJHE. "Bobodu bo jele setsi mme ha ho mesebetsi. Mmuso o leka ho lokisa tseo tsohle, jwale nako e se e lekane motinyane."
Siyabonga Matiase, Pimville
TJHE. "Ba ne ba etla hantle empa jwale ba kgutlisetsa naha ho seo e neng e le sona pele ho 1994. Dintho tse kang motlakase le dijo di bitsa tlolo."
James Banda, Pimville
TJHE. "Mmuso ha o so ka o kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa baahi bohle ba naha ena."
Karabo Mohlahlo, Pimville
E. "Diphetoho di teng. Le nna nka kgona ho ba le kgwebo ya ka, ke ithekisetse dipompong mebileng.
Pascoal Manyise, Pimville
BONA SESOTHO July 2008
TJHE. "Ha ba nahanele batho ba bang. Bohle ba neng ba lwanela tokoloho ba lahletswe thoko kwana kajeno."
Maria Khumalo, Soweto
TJHE. "Ba re tshepisitse ditshebeletso tse ngatangata, jwalo ka thuto ya mahala le matlo empa ha ho nko ho tswa lemina."
Ntombifuthi Ngcobo, Soweto
E. "Ba hlophisitse merero ya bona hantle mme ba fihlela e meng jwalo ka kaho ya matlo - leha ba so phethe ditoro tsohle tsa bona."
Kagiso Motsamai, Pimville
TJHE. "Presidente Thabo Mbeki o manganga. Melao ya hae ya moruo e bolaya naha."
Lindiwe Khumalo, Protea Glen
TJHE. "Ba hloleha hohang. Naha ena e ruile haholo, ba ka kgona ho thusa setjhaba kaofela. Empa ha ba se thuse ka letho."
SM, Pimville
ReNgolle
BONA SESOTHO July 2008
Ha se mara ha se ho fela
Ke na le kgollo ya hore lefu ha le bolele ho fela ha bophelo. Ke nahana hore ke qaleho ya karolo e nngwe ya bona. Ke kgollwa hore motho ha a fele - se etsahalang feela ke hore bophelo ba motho bo dikarolokarolo.
Lebitleng ho patwa mmele feela, ha e le moya ona o dula o phela.
Ka lebaka lena, ke rata ho hlokomedisa bana ba ratang ho ipolaya hore ba kgaotse. Ho ipolaya, ha se tharollo ya mathata.
Jwalo ka ha ke se ke boletse, ho ka etsahala hore lefu ha se ho fela ha bophelo, ho ka etsahala o ipolaye hobane o qoba mathata, a nne a o latelle le ka mora lefu!
Mphikeleli Mahlangu, Lotus Gardens
MOIFO WA RONA
BONA WEBSITE
www.bona.co.za
NTLO KGOLO (THEKONG)
19-21 Joyner Road, Prospecton
Box 32083, Mobeni, 4060
Tel: 031-910-5745; Fax: 031-912-2720
E-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Mookamedi wa Bahlophisi Chris Burgess
Mohlophisi wa Mosebetsi Lorna King
Motlatsi wa hae
Patricia McCracken
Sezulu Manqoba Dlamini (mohlophisi);
Zanele Mbatha
Sesotho Lerato Zulu (Mohlophisi);
Moeketsi Letsohla
Sexhosa Dumisani Ntshentshe (mohlophisi)
Neliswa Mzimba
Mohlophisi wa ditaba Marie Gurr
Molaodi wa bonono Jozia Lorek
Bathusi ba hae Jenny Weideman;
Clive Thompson; Kyle Young
Mongodi Barbara Zulu
GAUTENG
Caxton House, 368 Jan Smuts Ave,
Craighall, Johannesburg, 2001
Mohala: 011-889-0600
Mohlophisi ya moholo Force Khashane
Moqolotsi wa ditaba Steven Makhanya
DIPOTSO KA DIPAPATSO
GAUTENG
368 Jan Smuts Avenue, Craighall, 2196
Tel: 011-293-6000 Fax: 011-789-9656
THEKONG
19-21 Joyner Rd, Prospecton, 4110
Tel: 031-910-5700 Fax: 031-902-8829
KAPA
36 Old Mill Rd, Ndabeni, 7405
Tel: 021-530-8600 Fax: 021-531-3795
CLASSIFIEDS
Tel: 011-293-6076
E-mail: logang@caxton.co.za
DIPOTSO KA THEKISO
Paul Smith
Tel: 011-248-3500 Fax: 086-627-8591
E-mail: mags@rnad.co.za
DIPOTSO KA BOINGODISO
Box 725, Maraisburg, 1700
Tel: 011-473-8700 Fax: 011-474-5479
DIMPHO LE
DITLHODISANO
Mohokahanyi: Busisiwe Motlhasedi
Tel: 011-449-1033
E-mail: busisiwem@caxton.co.za
DITABA
O ka romella ditaba ho e-mail e latelang: bona@dbn.caxton.co.za, kapa o di romelle ho:
BONA Submissions,
Box 32083, Mobeni, 4060
