sotho.2111.lettermay
Ke nako ya tlhompho
Mehleng ya pele mapato e ne e le ntho e hlomphehang. E ne e le yona nako eo batho ba isang hlompho e feletseng ho mofu wa bona mme ba mamella bohloko ba ho shwellwa.
Empa matsatsing a kajeno mapato a fetotswe meketjana. A re kgutlisetse hlompho mapato a bang ka rona.
MM, Lesotho
Le hapileng R100
Re molato kaofela
SETSEBI se seng sa kelello se kile sa re: "Ha motho a qala ho etsetswa bonokwane, o teneha hampe. Empa ha a phela hara bona letsatsi le letsatsi, o a bo tlwaela mme a bo mamelle.
"Athe ha a phela hara bona, o qetella a bo amohetse e le tsela ya ho iphedisa." Bonokwane bo jele setsi haholo naheng ena - mme se tshosang haholo ke hore matsatsing ana bo tsamaisana le morusu o tshabehang.
Bonokwane ke taba e hlokolosi haholo empa nna ke bona e le ntho e totobetseng: re molato kaofela, ka bonokwane. Ke bolela mmuso, mapolesa le setjhaba ka kakaretso.
Mmuso o molato hobane ha o nke bohato bo tiileng ba ho fedisa bonokwane. Leha ho le jwalo, hona le mapolesa a inehetseng mosebetsing wa ona leha ba sebetsa tlasa maemo a thata.
Empa ho na le a mang a mmalwa a thusang dinokwane, ka ho di utswetsa dithunya le ho lahla ditokomane tsa nyewe, ba etse le mehlolo e meng e mengata e tla pholosa dinokwane. Setjhaba se kgothatsa dinokwane ka ho reka dintho tsa boshodu. Batho ha ba tlalehe bonokwane sepoleseng.
A re ineheleng kaofela twantshong ya bonokwane ka ho di tima sealolo leha e ka ba ke ba leloko la habo rona.
Mphikeleni Mahlangu, Phase 5
Mangolo a hao
Maafrika Borwa
Tlohelang ho nna le tsetsela, le nyatsa mmuso ka theho ya mesebetsi. Ke ne ke batla ho ntshetsa pele dithuto tsa ka empa ke se na tjhelete ya ho etsa jwalo. Ka se ke ka lahla tshepo, ka sebetsa ka thata mme kajeno ke makgwebo ya atlehileng. Ka mamella leha metswalle ya ke e ne e ntsheha e nkgothalletsa ho etsa dintho tse ding tse tswileng tseleng. Ke qadile ka difaha, ka kenya dikgareteine le masela a tafole.
Kajeno ke na le kgwebo ya ka ya ho aha. Se nnang le tsetsela, phahamang le iketsetse!
AZ, Dibeng
Na Modimo o re lahlile"
Afrika ho tletse dintwa tsa lehae, dipolao, bobodu - le diketsahalo tsohle tse mpe di etsahala dinaheng tsa Afrika.
Maemo a dinaha tse ngata ha a a tsitsa hohang. Basadi le bana ba se nang molato ba a sotleha.
Seo re lokelang ho ipotsa sona jwale ke hore: "Ebe Modimo o re furaletse, Afrika""
Dihlahiswa tsa rona tsa tlhaho di a fela mme kontinente ya rona e lahlehetswe ke tsela.
Ebe bofutsana le mereferere e tla fela kontinenteng ee" Ntle ho thuso ya Moya o Halalelang, ha ke na tshepo hohang ya bophelo bo botle kontinenteng ena.
Ha re so fumane tokoloho!
MM, Soweto
Bua ka yona
Batswadi ba rona ba etsa matsapa ohle a ho re bontsha phapang pakeng tsa bobe le botle empa ba dihlong ho bua ka tsa thobalano. Ba tshaba le ho thetsa lentswe lena "thobalano" baneng ba bona, ekare ke tlhapa.
Batswadi ba dutse ba kgothalletswa ka mahohle hore ba bue ka tsa thobalano le bana ba bona. Jwale ebe ba tshabang" Ba qala ho kgathatseha ka nako eo bana ba seng ba le mathateng a tsa thobalano, ebe hona ba batlang ho bua - ba ahe serobe phiri e se e jele.
M Moya, Port Elizabeth
BONA SESOTHO - May 2007
Ho hlahisa maikutlo a hao:
ngolla ho: Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060,
South Africa
fekese: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
u
t
Mangolo a hao
Se bapaleng ka dikoloi tsa mmuso
Ke hlola ke bona ka moo dikoloi tsa mmuso ho bapalwang ka tsona ka teng. Ho lokela ho nkelwa taba ena bohato. Ke nahana hore ha mapolesa a ka tswa letsholo a tshware basebetsi bana ba mathakang ka dikoloi tsa mmuso hohle mona jwalo ka ha ekare ke tsa bona, ho ka ba molemo.
Dikoloi tsena di reketswe ho thusa setjhaba empa basebetsi ba di nka ba re ba ilo sebetsa kaekae ka tsona empa ba ikele boithabisong. Basebetsi ba mofuta ona ba lokelwa ke kahlolo e boima hore bobodu bona bo tswe hohang setjhabeng. Rona re le setjhaba, re lokela ho tlaleha diketsahalo tsena hobane ke tjhelete ya rona ya lekgetho ena eo ho bapalwang ka yona. Papikie, Koringpunt
Keletso e ntle
BONA SESOTHO - May 2007
(1) Ipone ka mahlo a kelello o fihlela seo o se batlang. O phela bophelo boo e leng kgale o bo labalabela.
Ho sa kgathallehe hore ke maemo afe, bona ke bohato ba pele boo o ka bo nkang.
Mahlo a kelello a kwala sekgeo pakeng tsa moo o leng teng le moo o batlang ho ipona o le teng.
Ha o kgona ho e nahana, ho pepenene hore e ka phethahala. Inanahane o se o fihleletse maemo a hodimo mme o tla fela o a fihlele.
Lebogang Mpudi, KwaXuma
(2) Hlonepha batswadi ba hao. Se ba thetse, o se ba utswetse. Ba o hodisitse mme ke nako ya hao ya ho ba hlonepha jwalo ka ha ho loketse.
AD, Ekangala
Phoofolo e kotsi lefatsheng
Hara diphoofolo tsohle tse teng lefatsheng, motho ke yona e kotsi ho di feta kaofela. Re bile re kotsi le diphoofolong tse ding esitana le ho rona ka borona.
Hara diphoofolo tsohle tse phelang, ke rona feela batho, ba betang, ba bolayang, ba hlaselang batho ba sa kgoneng ho itshireletsa jwalo ba bana le basadi.
Re bolela hore re a ratana empa re halefile, re hloyane mme hape ha re tshehetsane. Afrika Borwa phaphama. Na ebe seo ke sona seo re se bitsang tokoloho"
Makhosonke Mkhaliphi, Piet Retief
Eba le mohau
HA RE SE lebaleng hore dihlola le tsona ke batho. Ho di hloya ho etsa hore le rona re be babe hantle jwalo ka bana ba di bonang e le dintho tsa ho etsa thobalano feela.
Re lokela ho boela re hopola hore basadi ba bangata ba kentswe ke maemo a itseng mosebetsing wa bohlola. Ba bangata ba ne ba betwe, bang ba hatellwa hobane ho ena le dintho tseo ba batlang hore di patwe. Athe ba bang bona ba kentswe ke bofutsana, ba ne ba batla ho fepa ba malapa a bona.
A re beng le mohau basading bana.
Andrew Noge, Alexandra North [s]
ELA HLOKO
RE TSHEPA ha babadi ba hlokometse hore theko ya makasine e nyolohile hanyenyane, e se e le R7,45. Hona ho bolela hore re tla ntlafatsa tjhebeho ya makasine ena ya BONA mme re ntlafatse le pampiri ya yona.
O ka sebedisa lebitso leo
e seng la hao la nnete bakeng
sa phatlalatso empa o re bolelle la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
