sotho.2107.yourworld_entertain
BOITHABISO BA BORANTSHO
Boithabiso ba ka
Bahama Pub and Restaurant (kapa Ziba Park) KwaThema, Springs ke e ikgethang. Ntle le hore ke lebenkele la dijo, e na le sebaka sa ho besa nama, sa ho hlatswa dikoloi, salune le paka - ke sebaka seo o ka qhanollang ho sona
DINTLHA KA SONA
Ho bulwa ka 8am ho ya ho 8pm hara beke, 8am ho ya ho 2am ka mafelo a beke.
Meqebelo le Disontaha ke ona matsatsi o ka yang ka ona: o ka siya koloi ya hao e hlatsuwa, o bese nama o ntse o mametse mmino wa R&B le house (ka Meqebelo) kapa jazz le Afro jazz (ka Disontaha).
O apara hantle, diteki ha di a dumellwa. O lokela ho boheha hantle, ho bolela monga sebaka sena, Bra Ziba.
O ka fumana Bahama Pub and Restaurant ho 10632 Kgaswane Street, KwaThema, Springs.
Letsetsa 083-952-9102 bakeng sa dintlha kapa ho ipeheletsa.
MMINO
KGWEDING ENA: Meketjana ya Keresemese e qala ka bo Dj mona Afrika Borwa
Electro Candi 2 (e kopantswe ke DJ Chynaman, Euphonik, Franky le Ricardo Da Costa)
Electro Candi Vol.1 e rekisitse maemo a platinum, Soul Candi e ntshitse albamo e nang le di-CD tse nne. Ba tsebang electro grooves le ho tswaka mmino, ba tla utlwisisa hobaneng o tlameha ho ba le albamo ena. Tse pele re ka bala She Walks Alone le Circles ho CD ya Chynaman mmoho le Flying High le Your Friend ho ya Euphonik.
Es'khaleni 6 (DJ Cleo)
Ena ke albamo ya kgale ya DJ Cleo. Pina ya pele albamong ena ke, Ndizayitsha Lemali, eo batho ba buang ka yona, athe e halefisa basadi ba Maxhosa. Mzimba Shaker, ho yona ho utlwahalang lentswe la sebohodi sa tsa dipapadi, Baba Mthethwa, e tla ba e pele Keresemeseng ena. Ha o e bapisa le tse fetileng mmoho le tsa dibini tse ding tsa house tsa Thekong, o tla e utlwa hore e tebile, e na le phapang.
The Second Tick (DJ Clock)
DJ enwa ya ileng a kgethelwa dikgau tsa SAMA, o ne a ntshe albamo tse pedi a le dilemo di 22 feela. Albamo ya hae ya bobedi, The Second Tick, ke motswako wa dipina tsa lehae le tsa matjhaba. Motswako wa setlabolane sa Shugasmax, Monate So seo ho sona ho utlwahalang lentswe la JR ke e ikgethang mmoho le Umanyonyoba ya Clock le Brickz
RE LEKOLA DI-DVD
KGWEDING ENA: Re o tlisetsa
di-DVD tse nang le dibini
Obsessed
Dibapadi tse pele: Beyonće Knowles, Idris Alba
Bolelele: hora le metsotso e 48
Beyonće o bapala karolo ya mosadi ya boulelang wa mookamedi wa khampane Derek Charles (Idris Alba) ya neng a nyollelwe maemong mme bophelo ba hae ba fetoha. Bothata bo ne bo qale ha mosebeletsi wa nakwana khampaneng ya hae a dutse a mmehile leihlo hohle moo a yang mme a mmolella hore o tla mo theola seriti a lahlehelwe ke sohle seo a nang le sona.
This Christmas
Dibapadi tse pele: Chris Brown, Columbus Short, Regina King
Bolelele: Dihora tse 2
Chris Brown o thabela karolo ya hae ka nako ya Keresemese. Ena ke pale ya lelapa la ha Whitfield le ketekang matsatsi a phomolo ka mora dilemo tse nne kaofela. O a tseba le wena ha lelapa le kopana ka mora nako e telele ho ba monate, mme ho qabana le hona ho natefisa filimi ena.
Smokin' Aces
Dibapadi tse pele: Alicia keys, Common, Taraji P Henson
Bolelele: Hora le metsotso e 49
Sebini sa R&B Alicia Keys o bapala karolo ya Georgia Sykes, ya se nang mohau. E ne e re ha seswaswi sena se ikemisetsa ho paka kgahlano le lequlwana le leng la dinokwane lekgotleng la dinyewe, ho ne ho be le ya neng a mo tshepise moputso ha a ka tlohela seo. Ba ne ba hire Georgia. O ka shebella Common, ya qalang ho bapala difilimi. [s]
BALA, BOHA, PHOMOLA
Kereke ya ka
Sebini sa mmino wa bodumedi le Moruti Jabu Hlongwane o bua ka kereke e nepahetseng
Kereke: Crosspower Ministries, Sandton, Johannesburg
Moruti: Jabu Hlongwane
Tshebeletso ka Disontaha: 1pm
O e thehile neng kereke ya hao?
Ka Phato monongwaha. Pele ho mona ke ne ke kena Grace Bible Church mme Modimo a ntaela hore ke thehe kereke ena, ka etsa jwalo.
Ke toka na ho tjhentjha dikereke?
Ha ho phoso haeba e le tlasa mabaka a utlwahalang; re ka etsa mohlala, haeba o falla, kapa haeba o se o sa phuthuloha kerekeng ya hao kapa kereke ya hao e sa tswele pele. Empa haeba o tjhentjha dikereke hobane o balehela boikarabelo, moo teng ho ebe ho le teng se sa lokang ka wena.
Motho a ka lebella eng kerekeng?
Kgokahanyo pakeng tsa maemo le Modimo. Kereke e tlameha ho bua ka Bibele e seng ka tjhelete. Dikereke di tlameha ho fana ka thuso ho wena, o tlameha ho hlokomela dikereke tse nang le dinthontho, tse sa o fepeng moyeng.
Motho a ka mmona jwang moruti ya nepahetseng?
Hopola hore o lebeletse ho fepeha moyeng, ka hoo, o tlameha ho rapela Modimo ho o bontsha moruti ya nepahetseng. E tlameha ho ba motho ya nang le matshwao a boetapele. Ha a ya tlameha ho ba motho eo batho ba nang le kgwao ka yena, o tlameha ho bua ka se Bibeleng. Crosspower Ministries e ho 135 North Road, Sandown, Sandton, Johannesburg. Bakeng sa dintlha, letsetsa 011-793-2128.
E bokeleditswe: Ntokozo Maseko
