sotho.2106.metropolitan
BAKENG SA DITLHALOSETSO TSE DING: Letsetsa Metropolitan Life Contact Centre ho 0860-724-724.
leqephe le lefelletsweng
BANA ke mohlodi wa thabo le lerato ka lapeng - empa ditjeho tsa ho ba hodisa di boima haholo ho ya ka moo moeletsi wa ditjhelete a bolelang ka teng.
Ka hoo, ha o etsa qeto ya ho ba le ngwana, o lokela ho ipha nako ya ho nahana hore ho tla bitsa hakakang ho mo hodisa ho fihlela a eba le dilemo tse 17 - haholoholo jwalo ka ha ditjeho tsa sekolo di se di nyolohile hakana. Ho bohlokwa hore o qala ho bolokela ngwana wa hao tjhelete le pele a hlaha.
Ha o qala ho etsa matsete, mohlomong a R300 ka kgwedi e nyoloha ka dipersente tse 10 ka dilemo tse pedi, ha re etsa mohlala mme o tswelepele leha a se a hlahile, ka nako eo a qalang ho kena sekolo o tla be o ena le R35 970. Ha o rera lelapa la hao, o hlophisetsa thuto, hopola hore:
O tla hloka tjhelete, e seng ya ho lefella sekolong feela empa le ya ho reka dibuka, diaparo esitana le ya ho lefella dipapadi.
Thuto ya ngwana e bitsa haholo ha a ntse a hola.
Ditefello tsa thuto di nyoloha ka pele ho feta dintho tse ding kaofela, ho fihlella jwale, di nyoloha ka dipersente tse 10 ka selemo.
Sheba menyetla ya matsete
u Endowment policies: Mokgwa o tlwaelehileng wa ho bolokela ngwana wa hao tjhelete ya thuto ke ho reka pholisi ya FutureBuilder Education Plan ya khampane ya inshorense e jwalo ka Metropolitan Life.
Hangata tsena ke dipholosi tsa ho etsa matsete ke ka hona o nang le monyetla wa ho ikgethela nako eo o batlang ho e emisa ka yona - eo hangata e bang nako yane eo o qalang ka yona ho lefa tjhelete e ngata.
Ha ho tshwane le ho akgela tjhelete akhounteng ya savings, dipholisi tsena di molemo haholo empa di hloka hore o be le mamello hobane o tla di lefella kgwedi le kgwedi nako e telelele. Ha o a lokela ho tlohela feela hara nako hobane pholisi e ka hlakolwa mme ho be le tjhelete eo o e lefiswang, ka hoo o lokela ho nahanisisa hantle pele o kena tlasa leano lena.
Pholosi ena e ka boela hape ya thusa ngwana wa hao ha o ka hlahelwa ke kotsi, wa holofala o sa ntse o lefella ditjeho tsena tsa thuto ya hae. Ba o fa monyetla wa ho kgetha hore ha o holofala kapa o eshwa, pholosi ya hao e tswelepele ho lefellwa, ka hore inshorense ya yona e lefe kaofela tjhelete e setseng.
u Unit trusts: Yona e o neha monyetla o bonolo wa ho kena mmarakeng mme o iketsetse phaello e ka hodimo hole le ho nyoloha ha tjhelete. O tla boela o ikgethela hore o batla ho boloka bokae ka kgwedi le hore o ka e ntsha neng athe hape o ka boela wa di rekisa ha o hlahelwa ke mathata a tjhelete.
Empa erekaha ha o saene tumellano, o hloka ho ba le boitshwaro mme o kgone ho nyolla matsete a hao ntle ho moo, tjhelete e tla ba nyenyane haholo.
Leano lefe kapa lefe leo o le kgethang, qala ka ho hlophisa lenaneo la hao la tjhelete hantle mme o netefatse hore o tla sireletsa bokamoso ba ngwana wa hao. Leano lefe kapa lefe leo o le kgethang, le tla o thusa hore o kgone ho lefella thuto ya ngwana wa hao.[s]
BONA SESOTHO - September 2007
Phethisa diroto tsa bokomoso ba thuto ya ngwana wa hao ka ho boloka tjhelete ya ho lefella dithuto tsa hae
Itherele leano la thuto
O hloka ho boloka bokae
Dilemo 0-5: ngwana ya qalang keretjhe a le dikgwedi di 18 o ka lebella ho lefa R800 ka kgwedi kapa
R9 600 ka selemo. Ha ditjeho di nyoloha ka dipersente tse 10 ka selemo, o tla hloka:
Selemo 1: R9 600
Selemo 2: R10 560
Selemo 3: R11 616
Ka hoo, ha ngwana a le keretjhe, ka dilemo tse tharo o tla hloka ho lefa R31 776.
Dilemong tse 10 ho tloha jwale, ha re bala, ka selemo ditjeho tsa keretjhe e tla ba R22 636.
Age 5-7: Bongata ba dikolo tsa mmuso ha jwale di bitsa pakeng tsa R500 le R1 000 ka kgwedi. Ha re re bonyane ke R750 ka kgwedi, o tla hloka ho boloka:
Selemo sa pele: R9 000
Sa bobedi: R9 900
Sa boraro: R10 890
Dilemong tse tharo sekolong sa praemari: R29 790.
Ka tse 12 ho tloha ho Grade 1 - Grade 12, o tla lefa e fihlellang ho R190 000.
Re sa bale diaparo tsa sekolo, dibuka le ho lefella maeto a sekolo le dipapadi, ka hoo o ka nna wa lebella ho lefa R250 000.
BONA SESOTHO - September 2007
