sotho.1112.BEC success-tips
NANDZIHA HOMEBAKED COOKIES
Pale e nngwe ya katleho e kgothatsang ba batlang ho kena kgwebong!
BONA SESOTHO - December 2005
GLADYS Kgorane o ne a bone monyetla o motle wa kgwebo selemong se fetileng. O ne a hlokomele mokgwa o ka thusang ho nolofatsa maphelo a batho letsatsi le letsatsi. Ho tloha a sa le monyenyane, Gladys haesale a rata ho baka. Kajeno lerato leo la ho baka le fetohile mosebetsi wa boiphehiso.
Ka 2004, Gladys o ne a bule semmuso sebaka sa ho baka, Monate Homebaked Cookies. Sena ha se sebaka sa ho baka mahobe feela, ke se ikgethang, batho ba fumane mesebetsi mme hape ke khampane e bakang dikuku tse tshwanang hantle le tsa lapeng.
Khampane ena e ngodisitswe semmuso selemong sena mme Gladys o ne a tshohe ha a utlwa hore a ke ke a ingodisa ka lebitso, Monate. O ne a kgathatsehile ka ha o ne a se a tsebisahala ka Monate Homebaked Cookies. A nka monyetla wa hore Afrika Borwa e na le dipuo tse 11 tsa semmuso mme a fetolela lentswe lena monate puong ya Seshangane - ya eba Nandziha, jwale khampane ya hae e bitswa Nandziha Homebaked Cookies.
E bakela setjhaba le dikhampane tse fapaneng dibiskiti. Ba bakela le mekete e fapaneng - ha o ba bitsa feela, Nandziha Homebaked Cookies ba o etsetsa sohle seo o se batlang!
Ka nako eo Gladys a neng a qala Nandziha Homebaked Cookies, mosebetsi o ile wa mo tlala matsoho mme a mema basadi ba bang ba bararo ho tla sebetsa mmoho le bona, Esther Bogopa, Christine Modise le Idah Maluleka. Kgwebong ena Gladys o ne a ikemiseditse ho rekisetsa setjhaba, dikhampane esitana le ho bakela dihotele le mabenkele a rekisang tee.
Gladys le basebetsimmoho le yena ba sebeletsa malapeng a bona, ba tjhentjhana ka dibeke. Haufinyane ba ne ba sa tswa qala ho bakela mafu le mekete e fapaneng ya setjhaba. Ba itlhophisetsa ho rupella basadi ba bang ba babedi ka bokgoni ba ho baka le ba bahlano ba tla rekisa dikuku le dietswa tsohle tsa bona.
Gladys o se a ena le menyetla e meholo ka khampane ena ya hae mme Maafrika Borwa ohle a ikemiseditse ho mo tshehetsa. Ba na le maikemisetso a maholo a ho kgotsofatsa batshehetsi ka ho ba rekisetsa dijo tsa boleng bo hodimo mme ba hlole bao ba qothisanang lehlokwa le bona. Ba se ba qadile ho etsa diphuthelwana tsa Keresemese mme ka sephuthelwana se seng le se seng se otorwang, ho ba le mosebetsi o thehwang mona kgwebong ya Nandziha Homebaked Cookies. Le wena o ka otora ka mohala ho Gladys: 083-554-2390.
DIKGAU TSA HO QALA DIKGWEBO TSE NYENYANE TSA MAGEU NUMBER 1
Tsena dikgau ke tse ikgethang bakeng sa ditho tsa BONA Empowerment Club le babadi ba BONA ba qadileng dikgwebo tse nyenyane. Bakeng sa ho hapa moputso o ka hodimo ho R50 000 letsohong le meputso e meng re romelle lebitso le aterese ya hao, mohala le wa selefoune esitana le lebitso la kgwebo ya hao.
Bakeng sa ho kenela, motho o tlameha ho tlatsa setlankana se fumanehang ho workshop ya Bona Empowerment kapa hona ho website, ho www.empowermentclub.co.za.
Re bolelle ka bokgutshwane ka kgwebo ya hao. O rekisa dijo, o na le spaza kapa o etsang kgwebong ya hao-
Meputso e tla nehwa batho ba nang le bokgoni le bao dikgwebo tsa bona di etsang phaello e ntle hape tse bontshang ho hola hantle. Romela dikenelo tsa hao ho Mageu Number 1 Small Business Start-up Awards,
Box 3858, Rivonia, 2128. Bahlodi ba tla phatlalatswa ho BONA ya Pherekgong 2006, le ho website athe bona ba tla tsebiswa ka mohala. Bahlodi bohle ba tla nehelwa le disetifikeiti. Ba 12 ba ho makgaolakgang ba tla kopana ka Loetse 2006 mane Johanesbeke bakeng sa makgaolakgang. [s]
MENYETLA YA KGWEBO KA SUNBAKE!
Sunbake, e tsebisahala ka hore ke The Best Bake under the Sun, e na le seabo se seholo mmokeng wa Bake and Cook for Profit mane Limpopo ka Pudungwana.
Sunbake e tla fana ka diphahlo tse feletseng tsa spaza sa hlomao-hlomolle! Bahlodi ba tla kena kgwebong hanghang kapa ba sebedise dietswa tseo ho pheha kapa hona ho baka.
Hape babadi ba BONA ba kotjwa ho romela resepe ya bohobe, dikuku kapa dietswa dife feela tsa Sunbake. E hapileng moputso, monga yona o tla fumana sephuthelwana sa Sunbake se bitsang R100. Romela resepe ya hao ho Sunbake, Box 1300, Rivonia, 2128, o ngole lebitso, aterese le nomoro ya mohala kapa selefoune.
Sunbake e na le makala Northwest, Limpopo, Gauteng le Mpumalanga. Sunbake ke dietswa tsa boleng mme hape o tla boloka tjhelete ha o phehela lelapa esitana le batho ba bangata. Ikopanye le Linda de Witt wa Sunbake nomorong ena 015-298-8706 ha o batla ho reka dietswa tsena bakeng sa lebenkele la hao le Limpopo kapa ha o batla ho reka thepa e kgolo.
O ka buisana le ba BONA Empowerment Club nomorong ena: 011-883-8829. Hape o bale BONA kgwedi le kgwedi kapa o shebe website ho www.empowermentclub.co.za bakeng sa ditlhalosetso tse ding ka leano la Bake and Cook for Profit mme o iqalle kgwebo ya hao.
Dikeletso tsa Gladys tsa Kgwebo
Ke ana maele a tla o thusa ho theha dikamano tse ntle tsa kgwebo.
1. Iketsetse dikarete tsa kgwebo tseo o tla di neha batho dikopanong. Se lebale nomoro ya hao ya mohala le batshehetsi ba hao.
2. Bapatsa kgwebo ya hao ho Internet. Ditshebeletso tsa Internet di fana ka leqephe la mahala bakeng sa dintlha ka monga kgwebo le ditlhalosetso tsa kgwebo eo ya hae.
3. Ha o nkile dikarete tsa batho tsa kgwebo, ba letsetse! Ngola ka mora e nngwe le e nngwe ya tsona hore o kopane kae le bona. Iphe nako ya ho boela o bonana le bona hape le thehe dikamano tsa kgwebo.
4. Ho buisana le batho ka tsa kgwebo e be karolo ya bophelo ba hao. Sebeletsa ho hodisa kgwebo ya hao ka ho aha dikamano tse ntle le batho.
5. Ha o aha dikamano tsa kgwebo le batho, fana pele o ka lebella ho fuwa. Bontsha hlompho ho ba bang pele o ka kopa thuso ho bona.
6. Etsa jwalo ka ha ekare o a itshebetsa ha o se o batla tshehetso e ntjha ya kgwebo. Ithekise jwalo ka ha ekare o seetswa sa bohlokwa haholo.
7. Borakgwebo ba lokela ho itlwaetsa ho bua le batho, athe le ho phatlalatsa ditshebeletso tsa bona ho bohlokwa. Bakeng sa ba batlang mosebetsi, hona ho ka thusa ho hohela batshehetsi mme ba hlokomele le bokgoni ba hao, e leng se ka ntlafatsang menyetla ya kgwebo.
8. Hopola hore bohle bao o kopanang le bona ke batshehetsi ba hao kapa ba tla o kopanya le bona. Motho ohle o kopanang le yena o tsebana le e mong eo e ka bang motshehetsi wa hao.
9. Ditsebi tsa dikamano tsa kgwebo, di nka metsotswana e 30 feela ho etsa hona. Dula o ntlafatsa puo ya hao ya tsa thekiso e le hore o hlahelle o itshepa o bile o sa ye lolololo ha o bua.
10. Tshepahala bathong. Batho ba bangata ha ba thabela ho qoqa le batho ba etsang ekare ba tseba sohle. Eba seo o leng sona, se nna o iketsisa. Hape eba le boitshwaro bo botle. Se lebale ho leboha ba o thusitseng.
BONA SESOTHO - December 2005
