sotho.2094.legendsjul
Khufu - kapa Cheops, ho ya ka moo Makiriki a mehleng a neng a mo bitsa ka teng - ke yena monna ya neng a laele hore ho ahwe Sehopotso se seholo mane Ekgepeta...
DILEMONG tse diketekete tse fetileng pele ho Kreste, ho ne ho ena le batho ba batsho ba neng ba dula pela noka ya Nile. E ne e le balemi mme ka nako eo ba hlaselwang ke setjhaba sa botjhabela, ba ne ba sa itlhophisetsa ntwa hohang. Ka mora ho lwana nakwana - ho eshwa batho - batho bana ba batsho ba fallela ka borwa ho noka eo.
Mokaubere o neng o etelletse pele setjhaba e ne e le Nguni...
Batho bao ba qetella ba se ba bitswa Banguni mme ba hahlaula jwalo ho fihlela ba fihla ba tsitsa Afrika Borwa.
Maarapo a ne a susumeletse setjhaba sena ho tswa naheng ya sona, a qhanolla jwale ha se tsamaya. Le ona a thabela mobu wa teng o nonneng mme ya eba Maekgepeta, bathehi ba naha e tswetseng pele Lefatsheng. Ntho e ikgethang ka setjhaba sena ke majwe a sehopotso - mme re leboha Morena Khufu ka Sehopotso se Seholo sa Giza, e leng se seng sa tse kgolo ka ho fetisisa.
Moetapele ya lonya
Yena o ne a sa tshwane le ntataemoholo, Djoser Netjeriket, le ntatae Sneferu, bao bobedi e neng e le baetapele ba pelonolo, Khufu yena o ne a le lonya a bileng a le kgopo ka ho fetisisa. Makiriki a ne a mo bitsa Cheops, mme o ne a buse dilemo tse ka bang 24.
Leha Sehopotso se Seholo se haufi le Cairo e le sona se tsebisahalang haholo lefatsheng, pale ya monna ya neng a se thehe ha e tsejwe hohang.
Sengodi se seng sa Mokiriki se neng se phela dilemong tsa bo 450 pele ho Kreste, Herodotus, se ne se re ka mora puso ya Khufu, "ke yena ya neng a tlisetse Ekgepeta masisapelo a tshabehang."
Bang ba re o ne a kopane ke rameleko e mong, Djedi, ya neng a mo thetse a re o tseba ho tsosa bafu. Khufu a laela hore ho tliswe motshwaruwa e mong, a bolawe, Djedi mo tsose.
Djedi a bona hore ho tla nkga ho sa bola mme a hana hore eo a bolawe a re a ka etsa mohlala ka nonyana. Sena seo a neng a se etse ke seo borameleko le ba kajeno ba sa ntseng ba se etsa, dinonyaneng le dikgohong, ba etse eka ba di kgaotse melala mme ba boele ba di tsose.
Sehopotso
Sehopotso se Seholo ke karolo e kgolo ya pokello ya meaho e kenyeletsang le o ikgethang wa wa ditempele tse pedi, majwe a dihopotso a mararo, diketswana le meaho e meng.
Ho boetse ho na le toropo e haufi le moo mmoho le mabitla, dibaka tse bakang bohobe le feme e ritelang biri. Meaho e mengata e ntse e fumaneha.
Ka nako eo ho neng ho ahwa Sehopotso sena se Seholo se ne se le bolelele ba dimitara tse ballwang ho 147 empa kgoholeho ya meya le ho utsuwa ha majwe a mang a sona a ka sehlohlolong, ho entse hore se qetelle se le bolelele ba tse 139.
Mohatong wa yona e baphara ba dimitara tse 230. Sehopotso sena se ne se phethilwe ka majwe a pholetjhilweng hantle. Ke ka hona se neng se benya ha se kgantshwa ke letsatsi esitana le ke kgwedi mme se bonahala leha motho a le bohole ba dikilomitara tse 300 dithabeng tsa Ekgepeta borwa!
Empa dilemong tsa bo 1400 lefatshe le ne le reketle ha bohloko hona hoo majwe a mang a mangata a neng a helehe mme ka mora dilemo ba e heletsa ha ahwa tempele.
Hona le meaho e meng e meraro ka hara Sehopotso sena se Seholo. E latellana hantle ho tloha sehlohlolong. Ona moaho ke o moholo ho e feta empa ha o so qetwe ho ahwa ho fihlela lena. O bohareng o bitswa "Queen's Chamber," ke yona e nyenyane. Lebota le ka botjhabela le na le mekoti e mmedi e mesesanyane e ka bang bolelele ba disentimitara tse 20, e tswelang kantle ho moaho, empa o kwetswe ka majwe ane a matle mme hape ho na le dihuku ka moo.
Ebe na setopo sa Khufu se epetswe ka hara meaho eo ya sehopotso? Setopo sa mmae ha se tsejwe leha ho ne ho bonahale lebokose la bafu ka hara Ntlo ya Morena hona ka hara moaho wa Sehopotso ha ho tsejwe leha eba ho ne ho sebediswe lona ho mo pata.
Ho ahilwe jwang
Diakanyi tse pele tsa matlo le jwale ha di tsebe hore moaho ona o ne o ahwe jwang. Ha ba batle le ho tseba hore ke basebetsi ba ba kae ka palo ba neng ba sebetse moo:
2 400 000 (palo ya majwe a sebedisitsweng) ÷ 20 ya dilemo (tseo ho nahanelwang hore di ne di sebetswe ÷ 365 matsatsi a selemo ÷ 10 dihora tsa ho sebetsa ka letsatsi ÷ 60 metsotso horeng ka nngwe = 0,55 lejwe ka motsotso. Hona ho bolela hore, ho ne ho sa kgathallehe hore diakanyi di re ho sebetse batho ba bakae ho qeta ho aha ka nako e behilweng, ba tlameha ho qeta boloko bo le bong metsotsong e meng le e meng e mebedi, dihoreng tse 10 ka letsatsi, ka selemo, dilemong tsena tse 20!
Rasaense, Joseph Davidovits yena o re majwe a sebedisitsweng moo ha a ya kgabiswa.
O re ba ne ba tla le konkrete e metsi e kentsweng ka hara mabokose a mapolanka mme ho sebediswe yona. Ka mora matsatsi a mmalwa seretse sena se a oma mme ha ho sa tla hlokahala hore ho samentwe hape.
Ho kenngwe ditene tse nyenyane dikgeong ho ya ka moo Davidovits, a bonang hore mekgabiso ena e entswe ka teng. Hape ho sa tswa fumaneha hore ho ne ho sa sebediswe makgoba ho aha jwalo ka ha ho ne ho nahanelwa. Banna ba neng ba aha moo e ne e se makgoba hohang.
Ba ne ba baka bohobe, ba bo jelella ka tlhapi, ba etsetsa badimo ba habo bona dihlabelo mme hape ba ena le malapa. Ho boetse hape ho na le bopaki ba hore ba ne ba lefellwa meputso!
Morena Khufu o shwele empa o siile meaho ya sehopotso empa ho a makatsa hore ebe yena o etseditswe sehopotso se senyenyane sa disentimitara tse mmalwa feela bophahamo! [s]
BONA SESOTHO - July 2006
pale ka WALTON GOLIGHTLY
setshwantsho ka GREAT STOCK!
King Khufu
Morena wa dihopotso
Ke majwe a dihopotso, Cairo e a bonahala ka mora ona.
BONA SESOTHO - July 2006
