sotho.2092.monkeybiz
Pale e nngwe ya katleho Afrika Borwa
pale ka BRENDA NKUNA
ditshwantsho ka NEIL BAYNES/ICON IMAGE
PELE ho 2003, bophelo ba Namudi Dabula (42) bo ne bo le boima, a sa kgone ho fepa bana ba hae ba bane, a sa sebetse. Dilemo tse nne ka mora moo, mosadi enwa wa Khayelitsha, ya phelang le kokwanahloko ya HIV, o motlotlo, ha a sa na tshabo ya ho bua ka maemo a hae mme le bana ba hae ba fumana thuto le mopheme.
Bophelo ba Dubula ha bo a fetolwa ke ho fumana mosebetsi wa ditoro, empa ke ho kena ho Monkeybiz, mokgatlo o sa sebeletseng phaello o mane Kapa o rutang basadi ho etsa mesebetsi ya matsoho e fapafapaneng ka difaha.
Dilemong tsena tse fetileng, Monkeybiz e se e hirile batho ba neng ba sa sebetse jwalo ka Dubula ba ka bang 450, bao bongata ba bona bo tswang setjhabeng se kojwana di mahetleng.
Ba kgabisa dintho tse kang diphate, dipopi, difaha tsa molaleng, tsa matsoho, mekotla le dintho tsa ho kgwesa dinotlolo. Di rekiswa mabenkeleng a mangata, ha tse ding di lebiswa mose ho mawatle.
Empa Monkeybiz ha e a shebana le holoha difaha feela, e etsa le dintho tse ngata tse ntshetsang pele maphelo a batho. Basadi ba ka bang 60, ha re etsa mohlala, ba etela HIV Wellness Clinic e tsamaiswang ke Monkeybiz hona moo Kapa.
Molemo
Dubula ya dulang Site C, Khayelitsha, o re tliliniki eo e molemo haholo hobane ho yona basadi ba kgona ho bua ka bolokolohi. Empa leha ho le jwalo, o re ho ba bang ho ntse ho le boima ho bua ka maemo a bona a ho phela le kokwanahloko ya HIV. O re le ba ithwetseng ka mora peto, ba ntse ba thatafallwa ho phetela ba malapa a bona ka tsietsi ya bona.
Basadi bana ba fumana ho thojwa maikutlo, ba rutwe ho loha difaha esitana le mmino.
"Ho ba le kokwanahloko ya HIV, ha ho bolele ho fela ha bophelo," ho rialo Dubula, "o ka nna wa iphelela bophelo ba tlwaelehileng."
E mong wa ditshiya tsa mokgatlo ona wa Monkeybiz, ke Mathapelo Ngaka, mothehi wa mokgatlo ona mmoho le Barbara Jackson le Shirley Fintz. Ka 2005, mokgatlo ona o ne a fumane kgau ya DoUKCare mme wa ba wa ananelwa le ke Nelson Mandela. Ngaka o ne a qete materiki ka 1996 sekolong se phahameng sa Fezeka mane Gugulethu, empa ka lebaka la mathata a tjhelete, a se ke a kgona ho ntshetsa pele dithuto tsa hae.
O ne a qetelle a rekisa dipompong seteisheneng sa Woodstock hobane a ne a sa fumane mosebetsi.
Ka selemo sa 1998, o ne a kgone ho etsa dithuto tsa khomputara mme ka sona selemo seo, a kena dithutong tsa motjeko le bonono.
Ka 1999, a kopana le Jackson, mokaubere ho tsa bonono, ya neng a hapehe maikutlo ke boiphihlelo ba hae mme a kopa Ngaka ho tla studio sa hae.
Bohlale
Monkeybiz e ne e hlomamiswe semmuso ka 2000 mme Ngaka a ipabola haholo mosebetsing wa difaha. A batla ho phahamisa mosebetsi o neng o kgellwa tlase nakong ya kgenthollo mme yena a rata ho o phahamisa le hore o tsebisahale, "molokong ho ya ho o mong."
Ngaka o dutse a hahlaula le Amerika Borwa le Leboya esitana le Yuropa a tsebisa Monkeybiz matjhabeng. Ngwahola, yena le dibini tse ding tse 20, ba ne ba nke karolo dipontshong tsa Amerika, International Folk Arts Market, moo ba neng ba kgone ho rekisa thepa e fetang R100 000.
Ngaka o bona Monkeybiz e thusa basadi haholo hore ba kgone ho ikemela, ba tlohela ho dula ba kgaketsa banneng e leng se etsang ba bonahale eka ha ba kgone ho "iketsetsa letho."
O re basadi ba thabela ho sebetsa Monkeybiz hobane ba kgona ho fepa bana ba bona.
Mafumahadi ana a a lefuwa ka seetswa se seng le se seng seo ba se etsang sa difaha kapa yona rekere. Ba kgona ho hlokomela malapa a bona kaha ba sebeletsa le malapeng. Phaello e etswang ke mokgatlo ona, e boele e kgutlisetswe hona setjhabeng seo basadi bana ba tswang ho sona ka maikemisetso a ntshetso pele.
Rekere
Ntle le HIV Wellness Clinic, Monkeybiz e boetse hape e bokeletsa rekere e lahlilwe. Ba nka ya mabidi a dikoloi athe ho na le batho ba bang ba nehelang leanong lena.
Ba e sebedisetsa ho etsa dintho tse kang mekotla, dintho tsa ho kenya dinotlolo esitana le dipopi. Basadi bana ba boele ba rutwe le ho etsa dintho ka masenke tse kang difaha tsa molaleng le masale ka masalla a koporo le aluminum.
Monkeybiz e na le letlole la mapato bakeng sa ditho tsa yona, e tshehetse leloko ka leng ka sekoto tjheleteng e lefuwang kgwedi le kgwedi. Sena se thusa ditlhophisong tsa mapato le ditjehong tsohle tsa lona.
Ka motsheanong 2006, mokgatlo ona o simolotse e nngwe projeke, ya ho pheha. Ka projeke ena, HIV Wellness Clinic, e tsholela batho dijo tse tjhesang, ditholwana, tee le kofi ha nngwe ka beke.
Ngaka o boetse o na le sehlopha sa batjha seo a se rutang motjeko lapeng la hae. "Mosadi enwa o na le kgollo e le nngwe: ya hore "ha mosadi a rata bo phela bophelo bo itseng, a ka bo phela." [s]
West Cape News.
BONA SESOTHO - December 2007
Ho thuswa basadi ba kojwana di mahetleng
Mathapelo Ngaka o potapotilwe ke mosebetsi wa difaha mane lebenkeleng la Monkeybiz Kapa.
Ka moo basadi bana ba sebedisang
difaha ka teng
KA HODIMO: O mong wa mesebetsi e rekisitsweng naheng ya New York, Germany le Australia.
BONA SESOTHO - December 2007
u
ya hao ka molao
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
SE NKILWE KE SEBONTSHI
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - December 2007
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
Ho rarolla mathata a basebetsi mosebetsing (1)
BOTHATA: Mosebetsi wa ka ke ho rarolla mathata a basebetsi. Batshwari ba ka ba hlooho di thata mme ba batla ke nke diqeto tse thata. Nka fihlela sena jwang" Nka thabela keletso ya lona.
KELETSO YA HA SCORPION:
Ntho ya pele eo o tlamehang ho e hopola, hara tseo o tlamehang ho di etsa, re ka bala tse latelang:
O tlameha ho netefatsa hore o etsa mosebetsi wa hao ka botshepehi hape molemong wa mohiri wa hao;
Ka dinako tsohle o tlameha ho sebetsa jwalo ka mosireletsi wa basebetsi khampaneng.
Dintlha tsena di ka thatafatsa mosebetsi wa hao.
Jwale - ha re tle tabeng ya ha ho na le nyewe mosebetsing. Tabeng e jwalo, khampane e ba le dikgetho tse pedi - ho leka ho rarolla mathata kapa ho nka mehato ya kgalemo moo ho ka etsahalang mosebeletsi a lelekwe.
Pele o nka qeto, ipotse dipotso tse kang tsena:
t Na taba eo e fupuditswe ka botlalo mme ho na le bopaki bo ngotsweng fatshe"
t Na ekaba bopaki boo bo badilwe hantle ha hahlojwa diphoso tse ka bang teng ho bona"
t Na mosebeletsi ya molato o nehilwe monyetla wa ho hlalosa ketso ya hae" Faele ya hae mmoho le nalane ya hae di hlahlobilwe"
t Na ebe e kaba molemong wa khampane hore ho tswelwepele le qoso kapa ho shejwe tsela ya ho rarolla bothata boo"
t Na ho teng tshusumetso o e fumaneng ho mohiri ho ka fihlela qeto ya hao"
t Na ekaba mohiri wa hao o o phahamisetsa maikutlo hore o utlwisise qeto eo a e hlokang"
O se nke bohato bo fe kapa bo fe kapa yona qeto o sa arabe dipotso tsena. O se tshabe ho kopa keletso. Khampane e tlameha ho ba le leqwetha kapa yena mosebeletsi wa ditaba tsa basebetsi. Mo letsetse mohala mme o tla ba motlotlo ho bua le wena. Kgatisong e latelang, re tla shebana le ka moo ho leng molemo ho leka ho rarolla mathata ho ena le ho sebedisa tsela ya komiti ya kgalemo. [s]
t
Ba hlokomela malapa a bona
