sotho.2088.robberies
Ba riba
mapolesa ka methokgo
BONA E A FUPUTSA
Na mashodu a mangata a hlonepha meetlo? Na ka nnete methokgo e ka thusa ho riba mapolesa, hore dinokwane di eketsetse boithatelo? Na e fela e sebetsa jwalo? Ke mofuta ofe wa lethuela le ntshang meriana ya hore dinokwane di lo hlekefetsa ba bang ka bonolo?...
LEHA boholo ba setjhaba sa habo rona se kgella bothuela le methokgo ya bona fatshe, empa ho na le ba bang ba bo rolelang kgaebane. Ke dinokwane, di dutse di jesetsa ba bang kgwebeleng!
Ena taba ha e thetswe le makgotleng a dinyewe empa dinokwane tse ngata di tshepa meriana haholo mme di re e di thusa hampe ha di se di tsokotsa dithipa tsa tsona le dithunya, di hlekefetsa setjhaba.
Mapolesa a mangata le ona a re dinokwane di tswa di kena mathueleng. Di tshaba ho tshwarwa, di re batho ba bang ha ba utlwisise maikutlo a tsona, di batla kgefu pele di qalella ho ya etsa bonokwane bo bong hape.
Di kgetha lethuela le lerato, le tla di thusa ho riba mapolesa. Hangata, di batla ho tiiswa ka meriana, di be di kenngwe le mabanta a nang le moriana a tlamellwang diphakeng.
Ba re ha di bonahale, haholoholo mapoleseng. Na ke nnete? Ha se kgale ha mapolesa a ne a utulla selao sa dinokwane tse 19 tse neng di hlomme mane White City, Soweto, mme a di tima sealolo di tloha feela.
Empa ka mora moo, tsa qhomisa motjhini wa banka mane Northcliff, Joburg, tsa ipha dimenyane ka tjhelete. Ke bafe ba neng ba tiile ho feta ba bang? A reng mathuela ha batshehetsi ba ona ba llelwa ke dinotlolo ba bang ba tjhophola?
"Ke lehlohonolo feela la mapolesa athe dinokwane di bolawa ke bohlaswa ba tsona, ho se hlophise hantle le ho buela taba mollong," ke tlhalose ya lethuela le leng.
E. Meriana ha e a lokela ho thibela bonokwane ka ho tlosa lehlohonolo la mang kapa mang ya bo etsang? Tse neng di qhomise motjhini East Rand tsona? Di ne le tshwarwe di hlomme di bile di kentse mabanta diphakeng...
"Ba jele meriana kapa ba sa e ja, re tla ba tshwara qha!" o boletse jwalo Superintendent Eugene Opperman. Tse neng di utswe ha Pick n Pay le Honeydew, Joburg, ka 2006, moriana o ne o di sebeletse, tsa lefa ngaka ya tsona hanghang tsa leboha.
Empa mapolesa a ba beha merebele. Ona a tsebang ka mathuela? Kapa a na le a ona...
Tjhe. Sepolesa se matla ho sa kgathallehe hore dinokwane di tiile kapa tjhe - setjhaba se kgathetse ke tsona. "Se re loma tsebe nako le nako," le boletse jwalo le leng la ona.
Re di tshwara di tlamme mabantanyana ao a tsona, ha re kgathatsehe hore ngaka tsa tsona di tla reng.
Ba re mapolesa a lonngwe tsebe e seng hore meriana ya tsona e nyopile! Ngaka e nngwe ya methokgo le yona e boletse hore ka nako e nngwe dinokwane di a monelana mme di talolane kapa di talolwe ke baratuwa ba tsona ho iphetetsa, empa e re meriana ya yona e a di lopolla diatleng tsa mapolesa.
"Tse ngata di kgutla di ntshwaretse mophotha wa tjhelete ho nteboha, di lebohe le badimo ba habo tsona ka katleho eo di e fihletseng," e boletse jwalo kgerenkgwa eo.
O bile o re ba tseba le methokgo e etsang hore le ditlhwedi di se ba talole. "Tsa ka di atisa ho nehwa beile ha di tshwerwe hore di kgone ho kgutla re bontshane, ke di hlokomedise moo di e lahlileng teng." Hobaneng a batla ho thusa bahlekefetsi, ba sa tshabeng ho tsholla madi?
"Dinokwane le tsona ke batho, ba lapile, ba etsa matsapa a ho iphedisa, le ba malapa a bona. Nke ke ka ba ahlola." O nahana hore mathuela ke batho ba bohlale? Lena lebaka ha le utlwahale hohang! Bofutsana bo kenya batho bonokwaneng empa ha se bona sesosa sa bonokwane. Bafutsana ba bangata empa ke ba mmalwa feela ba kenang bonokwaneng!
Haeba e ne e le sesosa e le ka nnete, ho ka be ho dubehile! Ebile sena ke thohako bathong ba futsanehileng, ba phedisang ba malapa a bona ntle le hore ba kene bonokwaneng. Motho ya lapileng, a ka nna a utswa dijo. Bana ke ba kgopo ba hlekefetsang ba bileng ba leng botswa, ba batla ho ja ka mofufutso wa phatla tsa ba bang.
Ha e le mathuela a thusang batho bana ona, le ona a lokela ho balellwa hara dinokwane, ha ho hlokahale hore ho be ho tsohe badimo hore ba tlo ba bolella hore ba batla tjhelete ka mokgwa osele.
Re ka reng ka lethuela leo re sa tswa utlwa ka lona, leo mapolesa a neng a le patele le bokanetswe ke dinokwane tse 18 tseo a neng a sa ntse a di kubetsa ka mora hore di utswe tjhelete bankeng...?
Ke mang ya qhekellang ba bang moo? Meriana ya hae e tiile ho le ho kae ho ba bang ha e hlolwa le ho sireletsa yena monga yona ka sebele?
Ke ona mathuela ana a tlotlollang mosebetsing ona wa bongaka ba setho mme ka bomadimabe, bongata ba mathuela a habo rona, a phela ka ona mokgwa ona. Ho bua nnete, ba bang ba bile ba tseba hore ho sebedisetsa meriana ya hao mekgweng ya bokgopo, ho etsa hore motho a lahlehelwe le ke matla ao a ho alafa.
Dinokwane tsona... ha mapolesa (le mathuela) a nepile, batho ba kotsi ho bona ke ditlhwedi tsena tsa mapolesa.
Mohlomong ba ka mpa ba batla methokgo ya ho kwala melomo eo ya bona e meholo hore ba tlohele ho tswa ba kena ba ithorisa ka moo ba atlehileng ka teng leanong la bona la boshodu... [s]
Pale: Jasmine Adams
Ditshwantsho: Sipho Mchunu
Dino-kwane tse ngata di e di tlo nteboha ka katleho ya tsona ha di tswa utswa
Tse ding tsa disebediswa tsa dinokwane - meriana, dithunya le diselefounu tse utswitsweng.
NAHANA FEELA
Letsoho la molao le le lelele... na methokgo e fela e sebetsa ho riba mapolesa.
Seo re ka thabelang ho se bona - dinokwane tse ding di a tshwarwa...
O re le bao ba lapile, ba kgwa-ntlella ba malapa a bona
Tse ding tsa dintho tsa ho itshireletsa tseo ba di fumanang mathueleng ao ho thweng a mosa.
NAHANA FEELA
Lethuela leo re buileng le lona le boletse hore ha o sa balellwe bomadimabe ba hore mapolesa a longwe tsebe, ekaba 95 lekgolong moo dinokwane tse jeleng meriana ya lona ka tshwanelo di ka qhekella batho ka katleho.
O utlwahala a le motlotlo empa ha o se o shebisisa hantle, hara dinokwana tse 10, tse supileng di ka nna tsa tshwarwa ka thuso ya ditlhwedi.
O re re se tsotelle seo hobane ha se bofokodi ba meriana. Hona ho etsa hore re sale le dinokwane tse tharo.
Ha re re kaofela di a atleha. Ho bolela hore mathuela a ka ithorisa ka katleho e feletseng mme le tjhelete e re ntate ho ona.
Empa ke ba bararo hara batshehetsi ba bona ba 10 ba thuswang ke methokgo eo.
Ha ho kgahle. Hape motho a ka ipotsa hore: ke mang ya qhekellang e mong ha ho le tje?
