sotho.2086.bucket
pale ka ISAAC KWELA
setshwantsho ka INDEPENDENT NEWSPAPERS
Re boloka tshepiso ya presidente
Re fedisa mabakethe!
Nako e behilweng e a fela, bomasepala bohle naheng ka bophara ba befile, ba letsholong la ho qeta matlwana a mabakethe mafelong a selemo sena
MAAFRIKA Borwa a mangata a a tseba matlwana ana a mabakethe. Haesale batho ba bangata ba phela ka matlwana a mofuta ona dilemo tse ngata. Dikatakata di ne di fihla ho tla qhala mabakethe ao. A ko nahanele batho ba etsang mosebetsi oo.
"Re dutse re nkgelwa ka dinako tsohle mme ka nako e nngwe re fumane dintho tse ding tsa kang masea a lahlilweng ke bomma ona," ke e mong wa bona eo.
Leha a ne a ntse a ngongorehiswa ke ho lahlehelwa ke mosebetsi, empa o re: "re ka thabela ho tjhentjhwa ha mefuta ena ya matlwana, ho kengwe ana a sebetsang ka metsi molemong wa bophelo ba bana ba rona." Sena ke seo Lefapha la Meru le Metsi le leng letsholong la sona ka tshebedisanommoho le bomasepala ho leka ho fihlela tshepiso ya Mopresidente Mbeki ya hore matlwana a mabakethe a be a fedile mafelong a 2007.
Ho na le dibilione tsa diranta tse seng di behetswe mosebetsi ona. Ka 1994, ho ne ho bolelwa ha ho na le batho ba dimilione tse 21 ba neng ba phela ka matlwana ana a sa bolokehang a mabakethe.
Ha jwale ho setse matlwana a ka hodimo ho 100 000 a mofuta ona mabatoweng a supileng haholoholo Foreisitata, Kapa Botjhabela mmoho le Leboya Bophirima. Ho na le a 84 984 Foreisitata, a 17 072 Leboya Bophirima le a 8 170 Kapa Botjhabela.
Mpumalanga teng a se a fedile mme ke yona ya sethatho ho qeta matlwana a mofuta ona.
Projeke ena e neng e qale ka Pherekgong 2005, e se e qetile matlwana a 18 000 a mabakethe ho bomasepala ba latelang, wa Dipaleseng, Albert Luthuli, Lekwa, Msukaligwa le wa Govan Mbeki. Ho ona kaofela, a 10 000 e ne e le a dibakeng tsa mekhukhung. Mpumalanga hape ka molomo wa mmuelli wa Lefapha la Meru le Metsi lebatoweng leo, Themba Khumalo, o re lefapha lena le bonahala le tsepamisitse tshebetso ya lona dibakeng tsa ditoropong le malekeisheneng.
Batho ba dibakeng tsa ditoropong bona ba thuswa ke lefapha la naha le qalang ka dintlafatso pele ho ka ahwa matlo, ke yena eo.
Lefapha le kopantse ditsebi tsa borametjhini ba tsamaiso ya dikgwerekgwere ho thusa bomasepala mme ka lebaka lena ke tshepa hore re tla kgona ho fihlela nako e behilweng.
Maafrika Borwa a balwang ka dikete a tla kgola molemo mona. E mong wa bona ke Thandi Manyani ya bolelang hore mabakethe a ne a sa qhale kamehla jwalo ka ha ho ne ho tshwanetse.
Mabakethe ana a tlatswa ke dintho tse ding tse kang moroto le mahlatsa mme a dule moo ho fele leha e le matsatsi a mahlano masepala a sa fihle.
Maemo a mo ngongorehisa haholo jwalo ka ha a na le lesea la dikgwedi tse tsheletseng feela.
Maemo a na a baka mathata a kang letshollo baneng e leng ntho e kotsi haholo.
Haeba dintho di ka tsamaya ka moo di rerilweng ka teng, bophelo ba hae le leseanyana la hae, bo tla bolokeha mafelong a selemo sena. [s]
BONA SESOTHO - June 2007
Ntlwana ya diemere sebakeng sa mekhukhung.
