sotho.2078.BEC feedback
Leano la BONA Empowerment le kwetswe ha monate ka di-workshop tse babatsehang
BONA e leboha batshehetsi
KA HODIMO: Moithaopi e mong le yena o kentse letsoho ha ho bakwa di-scones mmokeng ona wa Bake for Profit.
DIKETEKETE tsa babadi ba BONA di ile tsa ya ithabisa meketeng ya rona mme kaofela ba kgutla ba sa e kwale molomo.
Hona ho ile ha hatella BONA hore e inehele ho boela e tswelapele hape e kene selemong sa bobedi ka diboka tsa mofuta ona hohle naheng ya Afrika Borwa. Selemong sena mmoka wa rona wa pele o qadile Turffontein, mme o latelwe ke e meng e 13 e tla ba Mtubatuba, Empangeni, Newcastle, Port Elizabeth, Pietermaritzburg, Kokstad, Mthatha, Mafikeng, Nelspruit, Polokwane, Rustenburg, Witbank le East London.
Dibokeng tsena kaofela ho tla ba le dipontsho tse 12 tsa ho Baka le ho Pheha bakeng sa ho iketsetsa Phaello mmoho le tse ding tse robedi tsa ka moo motho a ka iqallang kgwebo ya hae e nyenyane ka teng.
Ho totobatsa katleho ya leano lena la BONA ho tla boela hape ho phatlalatswa dipale tsa katleho. Ha e le ka katleho ya BONA Empowerment Club, mohlophisi le basebetsi bohle ba BONA ba isa diteboho tse kgolo ho batshehetsi ba leano lena, ba bileng le seabo se seholo katlehong ya lona. (Mabitso a bona a ngotswe ka tlase hona leqepheng lena.) [s]
BONA SESOTHO - December 2005
KA HODIMO: Babadi ba BONA ba emetseng hore mmoka wa BONA Empowerment o qale.
LE LETSHEHADI: Bongekile Zondi, Bertina Dladla, lesea, Nqoba le Nombuyiselo Shele.
