sotho.2077.jobs
Na moputso wa hao o monyenyane, o sebetsa ka thata le mohiri wa hao ke sephoqo feela" Ka nnete o tlameha ho itebohela. Hobane ha o tsebe ka moo o leng lehlohonolo ka teng ha o sa etse e meng ya mesebetsi ena e latelang...
BA BUA ka mesebetsi ya ditoro empa na ba tiisitse" Ho tsohella mosebetsing, o ilo sebetsa ka thata hore ba bang ebe barui. Ho bonahala hore eka ke mokgwa wa tlhaho, hore re tlamehe ho etsa dintho tseo re sa di rateng...
Mohlomong ha ho hobe hakaalo ho wena. Ho bua nnete leha re ka nyefola mesebetsi ya rona - ka mabaka ohle ao re ka a a hlalosang - ho na e meng e bodutu le e thata ho e feta. Ha re bue letho ka ba bang ha sa kgone ho fumana mesebetsi. Tjhe, seo re se bolelang feela ke hore ho na le mesebetsi e meng eo le motho ya sa sebetseng a sa e kgalleng.
1Meriana ya diphoofolo
Ho ya ka makasine ya Discover mane Amerika o ka nna wa fumana tjhelete fihlellang ho $200 ka letsatsi ka ho etsa diteko ka ho nwa meriana wa diphoofolo. Ha ho molao wa US o buang letho ka ketso eo mme ho ya ka sebui sa kgwebo eo: "E bolaya batho ba mmalwa haholo ha ho tshwantshwa le jwala athe hape mahlatsipa a yona a ya lefshwa bakeng sa hore ona a lefe." E molemo ha e le jwalo.
2Ba hlatswa samente
Re hlola re ba bone mebileng, ho ena le samente e tswakilweng le kokriti bakeng ya ho aha. Moqomo o tshelang seretse sena sa samente ena o na le mahare a fapakaneng ka hara ona. Ka nako eo o bidikelang ka lehlakoreng le leng, seretse sena se kenella harehare moqomong jwalojwalo ho fihlela se fihla moo se iswang teng.
Se bidikiswa jwalo se ntse se qhalanela moo se batlehang teng ho fihlela se lekana. Ka mora moo, seretse se a salla, se kgoaramele moqomog. Ke hona mona moo basebetsi bana ba hlokahalang teng. Ba hlwella hodima ka hara moqomo, ka dihamore mme ha kgwakgwatholle samente. Ha se mosebetsi o bonolo...
3Asbestos
Ho sebetsa ka asbestos ho ka nna ha etsa hore motho a qetelle a ena le kankere ya matshwafo, lefu la pelo kapa mathata a letlalo. Empa ho nka nako hore ba hlokomele sena athe hape asbestos e ne e sebedisetswa ho ana haholoholo ho etsa le siling dikantorong. E a ntshwa jwale, ke mosebetsi o ntseng o le kotsi bophelong ba motho...
Motho ya sebetsang ka asbestos o re: "Ke kgasa ka hara lerole letsatsi lohle, ke qoba dikgo le ditepo tsa tsona ke tenne sutu e sa keneng moya e bileng e ntiisang. Moriri le mahlo a tlala lerole le letsho la asbestos..."
4Tlhwekiso ya masapo
Etela sebakeng se bolokang dintho tsa tlhaho tsa kgale, o tla kopana le masapo a motho a masweu kapa ona a diphoofolo. Hore a kgone ho dula a boheha jwalo, ho na le setsebi ka seng se hlahisang bokgoni ba sona, motho ka mong o na le degree ya ho etsa dintho tse nyontsha tseo hangata di sa atiseng ho balwa ha ho balwa mesebetsi ya profeshenale.
Setsebi se seng se ithutileng ka bophelo ba diphoofolo se kile sa dumella diphoofolo tse jang nama ho kena ka moo ho tla ja nama ditopong tseo ha ka nako e nngwe a tlohelang maruarua le di-dolphins ka tankeng e se nang metsi hore di itjhwelle. Athe ba bang ba bedisa dinama tsa batho...
5Bonna ba diphoofolo
Ho hlokahala lero la botona - le lengata le hona bakeng sa pelehi ho sa kgathallehe hore ke ya tlhaho kapa ya maiketsetso. Ho bolelang hore ho tlameha ho ba le motho ya tla bokelletsa lero lena. Ke hona mona moo mathaka ana a hlokahalang teng. O ikgethela mokgwa a ka o sebedisang.
Wa pele, o hlaba phoofolo qholong ka nale ya motlakase. Bohloko boo bo etsa poho e ntshe lero la botona. O mong, ke wa ho kenya setho sa bosadi sa maiketsetso botoneng ba poho eo - ona he dipoho di o rata hampe.
Difariki tsona di etswa seo ka matsoho.
6Kgethollo ya dikgoho
Kgethollo ya bong ke boiphediso ho ba bang. Mona basebetsi ba dula ka hara ditsuonyana letsatsi lohle ba kgetha tse tona hara tse tshehadi hang hadi qeta ho qhotswa.
Ho etswa jwang" O kgama tsuonyana hanyenyane hore e pshehe mme o hlahlobe mantle a yona ho bone hore e tona kapa tjhe.
O etsa seo letsatsi kaofela, tsuonyaneng e nngwe le e nngwe e qhotsitsweng letsatsi leo ho fihlela o tjhaisa...
7Diphoofolo tse felang
Re tla etsa mohlala ka sehlekehleke sa Hawaii. Ho na le mefuta e 34 ya dinonyana tseo bophelo ba tsona bo leng kotsing. Bongata ba tse ding ha di eso ka di bonwa hohang dilemong tse 20 kapa ka hodimo ho moo - empa leha ho le jwalo ha ho motho ya batlang ho dumela hore di fedile lefatsheng.
Ho na le batho ba hlahlobang diphoofolo tseo ho bonahalang di le kotsing ya ho fela lefatsheng.
Jwale ha o so hlokomele hore o etsa mosbeetsi o betere, o ka reng ke eo re e badileng...[s]
Mesebetsi eo o ke keng wa e thabela
pale ka ISAAC KWELA ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Samente e a omella e kgwakgwathele teramong mme ho tlameha hore ho be le motho ya tla e kgwakgwatholla.
Ha ho qellanwe, ke lephehlophehlo...ditsuonyana di hloka ho behwa ka bong ba tsona...
7 ya mesebetsi e boima ya profeshenale
Mesebetsi e mebe paleng ya lefatshe...
Dipale di re hlokomedisa ka mesebetsi e tshabehang bophelong. Ha o ne o dula London dilemong tsa bo 1600, ha re etsa mohlala ho na le mesebetsi e mebe eo o neng o ka nna wa e fumana e jwalo ka ho bokelletsa ditopo. Ha ho hlaha koduwa, mesebetsi wa hao o ba mongata. Ka bomadimabe o ba kotsing ya ho kenwa ke dikokwanahloko le wena mme o shwe.
Kapa o dule o thunya dinku bakeng sa ho di hlaba sebakeng seo ho hlabelwang ho sona. O boele o arole dikahara, o hame mala, o be o a phuthehe hantle. Na ebe ho monate" Ka nako e nngwe o inele dikahare tseo metsing a batang nakwana pele o di tula, o di suha ho etsa dithapo tsa diletsa ka mmino tse kang violins, violas le tse ding.
Ho ne ho le thata ho kena mmino matsatsing ao, leha motho a ena le bokgoni ba bonaledi. Ha o batla ho ba naledi ya opera ha re etsa mohlala, seo o neng o se hloka feela ke metsi a tjhesang, jwala bo bongata bo sa bitseng haholo, dikere tse bohale le ditlhalosetso tsa ho etsa mosebetsi.
Shemo, shemo, marete a ile mme jwale o se o ka kgona ho bina noto yane e hodimo eo e leng kgale o e labalabela!
O reng he ka ho ba lekorwane, o none tlolo ya molao - o ne o tuma mme o be morui.
