sotho.2068.fashion2
FESHENE
Setaele sa
O ka apara skinny jean le dieta tse phahameng haeba o batla ho shebehala o le molelele o le motle.
Ho apara top e telele hodima skinny jean ho ka kwahela dirope tse tenya.
Bakeng sa tjhebeho e bokgabane, o ka apara jean le sekete se sekgutshwane. Ena ke keletso haeba o sa rate ho apara sekete kapa mose o mokgutshwane ha o le dirope di tenya.
Tsela ya ho apara skinny jean
NALEDI
SEBINI sena se pele sa Amerika se tswa pele mminong le fesheneng. Ha a na dihlong ka mmele wa hae le ho bontsha hore o apara boholo ba 36 mme tsohle di a mo tshwanela, ekaba ha a iphomoletse ka jean kapa a apere tse pele tsa mekete e pele. Beyoncé o a dumela hore ha a tswe lapeng a sa ka a lekola tjhebeho ya hae ho tloha hloohong ho ya tswa leotong. Le wena o lehlohonolo hobane re a o thusa hore o shebahale jwalo ka Beyoncé ntle le thuso ya profeshenale.
Kgothatswa ke tjhebeho e bokgabane ya Beyoncé
Tjhebeho
1. Meqathatso
(R275), Rage.
2. Sekhafo (R10), Joburg street trader.
3. Masale (R35), le sefaha (R29,99), ka bobedi ke tsa ha Mr Price.
4. Sekipa(R300), Guess ha Foschini.
5. Skinny jean ya denim (R500), Guess ha Foschini.
6.Mokotla (R699),
Nine West.
7. Lesapo la letsoho (R45 ka leng), Foschini.
Setaele: Lethu Nxumalo Ditshwantsho: Ivan Naude
MABENKELE: FOSCHINI: Mabenkeleng ohle naheng ena MR PRICE: Mabenkeleng ohle naheng ena RAGE: 031-265-0660 NINE WEST: 011-555-2300
