sotho.1109.buffon
Sethibathibane se pele lefatsheng, se sebetsang hantle le sehlopha, se tsebang le ho rekisa ka papadi, boo ke bophelo ba hae bo bokgutshwane ho Juventu karolong ya Serie B, leha a hapa Mohope wa Lefatshe, setjhaba se qabana le sehlopha...
pale ka ISAAC KWELA
Matsoho a bolokehileng bolong
DITHIBATHIBANE tsa bolong ya maoto ha di tshwane le tsa dipapading tse ding. Di bile di tena le diaparo tse ikgethang.
Athe ha sehlopha se hlolwa ka 5-0 ha se molato wa tsona. Mohlomong o rekisitswe ke dibapadi tsa morao, tsa se ke tsa kwala ba direng, athe leha ho se ho tjhentjhwa dibapadi, sona ha se atise ho tjhentjhwa.
Empa nnete ke hore ho theolwa kapa ho nyollwa ha sehlopha, ho matsohong a sona. Ke ka hona Presidente wa UEFA, Michel Platini a bolelang hore, ha o batla ho atleha bolong ya sejwalejwale, o hloka sethibathibane se hlwahlwa, le bahlabadintlha bao o ka ba tshepang mmoho le dibapadi tse ding tse robong tse hlwahlwa, papading ka nngwe.
Gianluigi Buffon (29) o a mo hanyetsa. Dikarolo tsena tse pedi ke tsa bohlokwa haholo mme o re: "Ha monyetla wa ho hlaba ntlha o hlaha, sethibathibane le mohlabadintlha ba ebe ba shebilwe ka mahlo a matala."
Empa sethibathibane se neng se hape Mohope wa Lefatshe sehlopheng sa Italy selemong se fetileng, sona se re: "ho ya ka boiphihlelo, dibapadi tse ding, di bohlokwa haholo, ke tsona tse etsang hore le hlole kapa le hlolwe."
O etsa mohlala ka dipapadi tsa Jeremane tsa 2006, moo dintlha tse 13 tsa Italy di neng di hlajwe ke dibapadi tse 10 tse fapaneng.
"Setho ka seng sa sehlopha sena se ile sa hlahella hara letshwele. Tshebedisanommoho ke yona feela mohlodi wa katleho sehlopheng ka seng," ho bolela yena. Buffon o lokela ho dula a tseba seo hobane bolo e mading ho yena...
Juventus
Mmae Maria e ne e le sebapadi sa discus, ha ntatae Adriano a ne a phahamisa ditshepe, malomae Angelo a bapala basketball athe dikgaitsedi tsa hae, Veronica le Guendalina ba bapala volleyball. Ba kile ba bapalla le naha ya Italy.
Gianluigi ke wa leloko la habo sethibathibane sa mehleng, Lorenzo Buffon, ke ka hona ho sa makatseng hore ebe ho bile bonolo hakana ho kgetha karolo eo a ka e bapallang.
Ka 1995, ha a le dilemo di 17, o ne a qale ho bapalla Parma AC mme a kena ho Serie A la pele a bapala kgahlano le AC Milan. Ba hlola Mohope wa UEFA ka 1999, Buffon a kwetse mekwallo.
A fetela ho Juventus FC ka 2001, a bitsa tjhelete e fihlellang ho R450 million. Ka 2003, Buffon a fumana kgau ya Sebapadi se Bitsang le ya Sethibathibane se Hlwahlwa sa UEFA mme a ba a bitswa Pelé ka Hlakubele 2004 a rehellwa ka sebapadi se seng se pele hara tse 125 tsa lefatshe.
Bobodu
Buffon o ne a ena le dilemo tse 19 ha a qala ho bapalla naha ya Italy mane Moscow Mohopeng wa Lefatshe wa 1998 wa FIFA, a bapala kgahlano le Rashia ho bile ho kgethehile lehlwa.
Ka ditlhodisano tsa Mohope wa Lefatshe tsa 2002, e ne e le yena sethibathibane se hlwahlwa sa Italy. O ne a bapale ditlhodisanong tse supileng ho se ntlha e mo phonyohang, hape a bapala metsotso e 453 ho se sehlopha se hlabang ntlha tlhodisanong ya Mohope wa Lefatshe ya 2006.
E ne e be sebapadi sa bobedi ho se bileng hlwahlwa ditlhodisanong tsena a latela Walter Zenga wa Italy, ya neng a bapale metsotso e 517 Italy e sa hlolwe hohang metsotsong e 90.
Se makatsang ke hore Buffon o ne a batle a sa ye Jeremane. Ka Motsheanong, monongwaha, yena le dibapadi tse ding ba ne ba nyatsuwe ka ho rekisa ka ditlhodisano tsa Serie A ntle ho molao e leng bobodu bo tshabehang boo bolong ya Italy.
O ne a sa qale Buffon ho ba ditabeng. Ha a le dilemo di 22 a bapalla sehlopha sa Parma, o ne a qoswe ka hore o na le lengolo le maemong a materiki Italy ha a ne a batla ho ingodisetsa dithuto yunivesithi ya Roma.
A boela a iphoqa ha a kgetha ho tena jeresi ya nomoro ya "88" feela dilemong tseo. "Nomoro ena 88 ke eo neo-Nazis a neng a e sebedisa ha a ne a "dumedisa Hitler".
O ne a bolele hore Buffon o se a kile a bonahala a tenne sekipa se ngotsweng mokaubere ona o "Boia chi molla" ("Lefu ho Makwala"), lepetjo le neng le ratwa mehleng ya Mussolini. "O ne a batle a re bolella lebaka le kgetho ya hae empa a fetola maikutlo ho hlonepha Majuda, baprofeta le ditabane," ho bolela Pavoncello.
Qetellong Buffon, a dumela ho tjhentjha mme a tena nomoro ya 77.
Ho ba tala ke hona ho neng ho thusa batjha "ho phela tlasa kgatello ya dilemong tseo," ho hlalosa yena Buffon. "Ke ntho e tlwaelehileng hore motjha a etse dintho tseo a sa di nahanisisang hantle."
Ho theolwa maemong Ntle le hore ba ile ba theolwa ha bohloko empa o ile a phakisa ho ba thatohatsi ya Italy hape. Setjhaba sa thaba ha a kenngwa sehlopheng sa Mohope wa Lefatshe wa Jeremane ka 2006. Leha diqoso tsa hae di ile tsa qhalwa empa haeka yaba ho fela ha mathata a hae.
Ka Phupu 2006, Juventus a boela a ntshwa sehlopheng se seholo a kenngwa ho Serie B ka lebaka la seabo sa hae bobodung ba ho rekisa ka dipapadi. Pele ho nako e kae dinaledi tse kang Buffon le Alessandro Del Piero tsa iphumana di lokela ho bapalla dihlopha tsa mabatowa mabaleng a maemong a tlase.
Sena se ile sa tshosa dipapadi tsa Serie B, Juventus ya tshwarwa ka 1-1 ke Rimini e neng e se e setse ka banna ba 10. Koranta ya moo e ne e thabetse ho bona Juventus e le mathateng mme ya fana ka dikipa tse ngotsweng hore, "ke ne ke le teng."
Dinaledi tse ding tsa sehlopha tsa fetela dihlopheng tse ding empa Buffon a tshepahala ho "Mosadimoholo," ho ya ka moo sehlopha sa Juventus se neng se bitswa ka teng ke batshehetsi.
Ka mora koduwa ya Rimini a batla ho tjhentjha ha a hlokomela hore dihlopha tsohle tse ho Serie B di tla bapala ka boinehelo ha di tobane le Juventus.
"Re ne re se maikemisetsong a matle," o boletse jwalo ka mora papadi. "Ka le hlahlamang re tla tlameha ho lomahanya meno, ke ho fela ha seo re se hlokang ho B." Juventus boela a kgulisetswa ho Serie A, ka Mmesa 2007 Buffon a saena tumellano e felang ka 2012.
Boikarabelo
Gianluigi le moratuwa wa hae, wa sebontshi sa Czech, Alena Seredova, ekare ba tla tshwana le banyalani ba Matadiana, ba ha Beckham, ba sa feleng ditabeng. Ebe o ikutlwa jwang?
"Boraditaba ba dutse ba batla ho ngola ka dibapadi tsa bolo mme le rona re mehlala setjhabeng," ho bolela yena. "Ho bolelang hore bohle ba amehang bolong ba lokela ho amohela boikarabelo ba ho kgothalletsa boitshwaro bo botle bakeng sa kaho ya setjhaba."
O reng ka boikarabelo ba ho bapalla naha? Ao mathata ke kobo anela le Italy ho jwalo, dibapadi tse pele tse kang Alessandro Nesta le Francesco Totti le bona ba kile ba hana ho bapalla sehlopha sa naha.
Ka mabaka a utlwahalang a bona esitana le a bophelo ba bona," ho bolela Buffon. "Qeto ya bona e lokela ho hlonetjhwa. Ba a kgutlela sehlopheng sa naha ha maemo a se a ba dumella. Bophelo ba bona le malapa a bona ke tsa bohlokwa."
Empa nna ha ke bone lebaka le ka etsang hore ke se bapalle naha ya heso." [s]
Gianluigi Buffon
u
t
Ho ba mohlodi ho monate
Sethibathibane sa pele sa ho kenya di-gloves, sa tswa mekwallong le sa ho qala ho raha bolo se leka ho kenya ntlha ho ba direng - e ne e le Amadeo Raúl Carrizo, aka "Tarzan" wa Argentina.
O hlahile ka 1926, a bapalla First Division ya Argentina ka 1945, ho River Plate. A phakisa ho kena sehlopheng sa naha sa Argentina mme a atleha haholoholo kgahlano le Brazil. Empa leha ho le le jwalo, Carrizo o ne a ntse a ena le mathata, empa mohla Czechoslovakia e betsang Argentina ka 6-1 Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa 1958 ho ne ho be hobe. Tlholo eo ya eba pheletso ya mosebetsi wa hae wa matjhaba.
Ka 1968, Carrizo a etsa nalane tse pedi ka nako e le nngwe: ho bapala ditlhodisanong tsa semmuso tsa First Division (513) tsa Argentina le ho bapala ditlhodisano tse 8 ho sa kene ntlha leha e le nngwe ka ho yena.
O a tseba?
