sotho.2058.career_2
Mesebetsi e metle
Tshebeletso e ikge- thang
RE KA phela jwang ntle le metsi, ekaba bakeng sa ho nwa, dijalo kapa hona ho a hlwekisa. Ho hlokahala boiphihlelo bo ikgethang le bokgoni ho netefatsa hore re fumana metsi a hlwekileng. Ke moo he bohlokwa ba plumber bo hlahellang teng.
Mosebetsi ona o kenyeletsa ho kenya le hona ho lokisa dipeipi, ditanka esitana leha e le sesebediswa sefe feela se sebedisetswang ho tsamaisa metsi.
Mosebetsi - wa motho ohle
Nomusa Shezi e ne e le titjhere. Empa ka mora ho qeta dithuto tsa hae, a hlokomela hore ho fumana mosebetsi jwalo ka titjhere ya Senyesemane le Biology ha ho no ba bobebe.
"E ne e le leqeme la mesebetsi ya dititjhere sebakeng sa heso. Ke ne ke fihlelwe ke mohopolo wa ho ipulela kgwebo mme ke ha ke etela lekala la dikeletso ka tsa kgwebo ho Masepala wa Thekong.
"Ke ne ke sa rate ho etsa se etswang ke motho ohle mme ke ha ke fumana hore ho na le leqeme le leholo la di-plumber tse nang le boiphihlelo - hape le basadi ba ne ba le siyo lekaleng lena!
"Ke ne ke le matla hape ke itshepa ka matsohong. 'Re hotse lapeng ntate a re bolella hore ha ho mosebetsi wa banana kapa bona bashanyana haholo jwalo ka ha moshanyana a le mong hara banana ba bararo. Motho ohle o tlameha ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe!'
"Ke ne ke ikopanye le e nngwe plumber ka kopa ho mo sebeletsa ntle ho moputso molemong wa ho ithuta mosebetsi mme a dumela.
"Ke ne ke sebetse ka thata ke netefatsa hore ke ithuta sohle ka plumbing.
"Ka boela ka ntshetsapele tsebo ya ka kholetjheng e nngwe ya Thekong. Ho ne ho le boima, empa ka atleha. Ka pasa le diteko tsa indasteri eo mme jwale ka fumana tumello ya ho sebetsa jwalo ka plumber."
Ho etsa tjhelete
Phephetso e kgolo ya Nomusa ya ba ho theha khampane ya hae, Masisizaneni ("Ha re thusaneng") ka 2001. O ne a qale a sebeletsa setjhaba sa habo ka tjhelete e tlase, a ipapatsa ka ho tsamaya a fanyeha diboroto.
"Batho ba bangata, haholoholo banna ba ne ba maketse ho bona mosadi a etsa mosebetsi ona," ke Nomusa a ntse a tsheha. "Ba ne ba re: 'O tiile o tla o etsa mosebetsi ona"'
Taba e ne e tlohe ha Nomusa a ne a fumana tumellano ya ho sebeletsa Metro Water.
"Ke ne ke hira vene ho ya etsa mosebetsi. Ke ne ke sebetsa ka thata, ke boloka tjhelete ho fihlela ke reka ya ka vene ka 2003."
O se a hirile batho ba babedi mme o ntse a tswelapele le tumellano ya hae.
Hara mesebetsi a e etsang, o lokisa dipompo, a kenye dimitara tsa metsi a hlahlobe le dikotopo mebileng hape a kenye dipeipi tsa metsi.
Nomusa o ikemiseditse ho hodisa kgwebo ya hae a hire ba bang batho.
Jwalo ka ha a tseba toro ya hae, ha ho letho le ka mo thibang ho e fihlela.
Menyetla
"Ho na le tlhokeho e kgolo ya di-plumber tse nang le boiphihlelo Afrika Borwa mme e ntse e nyoloha," ho rialo John Mitchell, molaodi wa diteko tsa boiphihlelo Inala Training And Development, Thekong.
"Plumber e nang le boiphihlelo e ka kgetha ho basic plumbing, ya di-indastering kapa a shebane le ho lokisa moo ho senyehileng. Di-plumber tse ngata di kgetha hara karolo e le nngwe ho tsena tse tharo.
"Bongata ba bona bo fumana mosebetsi ka mora ho etsa diteko tsa boiphihlelo ba mosebetsi mme ba bang ba kgona ho tshelela mose ho mawatle ho ya sebetsa teng." Bongata ba bona bo ithehela dikgwebo tsa bona. Dintho tsa ho qala tse hlokahalang ke vene, disebediswa esitana le ho fumana motho ya tla o thusa.
O tlameha ho ba motho ya jwang
O tlameha...
lHo rata mosebetsi wa matsoho;
lHo se tshabe mosebetsi o thata jwalo ka ho tjheka;
lHo se nyonye ditshila jwalo ka ho thibolla matlwana a thibaneng;
lO kgone ho sebetsa kantle tlasa maemo ohle a lehodimo;
lHo kgona ho sebedisa kelello ya hao;
lO etse mosebetsi o motle haholo.
Moputso
Meputso e fapane. Ho ya ithutang o qala ho R12 ho ya ho R50 ka hora ho ya seng a na le boiphihlelo. Ho ba nang le dikgwebo tsa bona ba bitsa tjhelete e tlohang ho R150 ho ya ho R300 ka hora le ho feta ho fetana dibaka kapa indasteri o e sebeletsang.
Thupello
Ho na le lenaneo la thupello le behilweng ke Construction Industry Education And Training Authority (CETA) ho ba kenang indastering ena:
tKarolo 1. O tlameha ho fumana lengolo la N2 ho building science and plumbing theory kholetjheng e dumeletsweng.
tKarolo 2. O qete dikarolo tse 46 tsa dithuto tsena ka ho etsa mosebetsi ona kholetjheng e dumeletsweng. Sena se tlameha ho nka dibeke tse 12.
tKarolo 3. Bonyane o sebetse dikgwedi tse 18 tlasa tataiso ya plumber e nang le boiphihlelo.
Ke sona se hlokahalang e le hore o tsebe ho fumana teko ya boiphihlelo indastering ena. [s]
BONA SESOTHO - August 2006
Ho ba plumber ke mosebetsi o pele, e bile ha se wa banna feela!
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
'Institute of Plumbers SA -
fax: 011-477-4520; email: iopsa@iafrica.com; website: www.iopsa.org.za.
'Bakeng sa dintlha ka dithuto tse hlokahalang indastering ena le di-learnership tsa CETA ikopanye le skills development administrator ho 031-202-4415 kapa 082-220-0074.
BONA SESOTHO - August 2006
QETELLONG LE LETONA: Plumbing e tla o isa hodimo le tlase mme o tlameha ho emelana le phephetso eo.
LE LETSHE-HADI: Ke mang ya reng basadi ba ke ke ba ba di-plumber" Nomusa ke enwa o a o etsa mosebetsi ona!
