SOTHO.2056.legalmay
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Kotsi e ditjeho
Ha ke etswa ka lebenkeleng, ke fumane koloi ya ka e tjhaisitswe ke e nngwe ya ba ya thula leralla, e tloha moo ke neng ke e pakile teng ka molao. Monga koloi a re e tswile taolong ka kotsi. Ka mo nyatsa hanghang ka hore o ne a sa tlama mariki ka tshwanelo empa a nkganyetsa a re seo se etsahetse ka kotsi, mariki a hae a ne a tlanngwe hape a sebetsa hantle haholo. A re ebile ha ho paki e boneng sena se etsahala jwale nke ke ka mo nyatsa ka letho ka ha ha ke na bopaki ba sohle seo ke buang ka sona.
Ditjeho tsa ho lokisa koloi ya ka di fihlella ho R6 275 mme ke utlwa bohloko hore ke lokela ho senyehelwa ke tjhelete e ngata hakana ka molato o e seng wa ka.
Elizabeth Nkosi, Thekong
lHo na le diphoso tse pedi tseo motho a ka nnang a fosetsa e mong ka tsona: ya bonokwane kapa phoso. Phoso ke ho utlwisa motho e mong bohloko ka kotsi e leng se ke keng sa ballwa tlasa ketso ya bonokwane ka molao wa Common Law kapa ka Criminal Procedure Act kapa ka o mong feela.
Ha phoso eo e etsahetse ka bohlaswa ba motho e mong, ya utlwisitsweng bohloko, o lokela ho lefellwa ke monga phoso.
O tlameha ho hlahisa bopaki bo feletseng ba hore phoso eo e etsahetse ka lebaka la bohlaswa ba motho eo o mo qosang ha wena o utlwisitswe bohloko.
Ke nnete hore motho e mong le e mong o na le boikarabello ba ho hlokomela e mong. Ha re etsa mohlala motho ya pakang koloi ya hae motheong o lokela ho etsa bonnete ba hore o siya sekgeo se lekaneng hore koloi e se thule tse ding ha ho ka etsahahale hore e tsamaye ka phoso, a le teng kapa a le siyo ka hara yona.
Hape o tlameha ho netefatsa hore mariki a koloi ya hae a sebetsa hantle e le hore ho se etsahale phoso. Nyeweng ena ya hao, ekare ho na le dintlha tsa bohlokwa tseo re ka buang ka tsona. Mona ho na le dintho tseo re tla lokela ho di nahanela hore di etsahetse.
Ho a totobala hore mariki a koloi eo a ne a sa sebetse ka tshwanelo haeba a ne a tlanngwe. Ntho e thata ke hore wena kapa paki e nngwe feela, ha ho ya boneng hore mokganni eo e mong o siile koloi a sa tlama mariki kapa tjhe.
Ka lehlohonolo, molao o tla o sireletsa.
Ho na le molao o dumelang hore ha ntho ya motho e mong e senyeditse e mong ka bohlaswa ba monga yona (monga yona a le teng kapa a le siyo), monga yona o tla tlameha ho rwala boikarabello bohle.
Hona ho bolela hore o ka nna wa itseka hobane mokganni eo o emisitse koloi ya hae motheong ka boomo, a e siya moo, koloi ya sala e itsamaela ka boyona, ya ba ya thula ya hao ya e suthumeletse leralleng ya kgobeha.
Ho a totobala hore mariki a hae a ne a sa tlangwa hantle ha e le hore a ne a sebetsa ka tshwanelo mme boo ke bohlasweng ba hae.
Ha o batla ho qosa mokganni eo, o tla hloka thuso ya leqwetha, nyewe ya hao e tla mamelwa. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
