sotho.204.bec feedback
Dikgwebo tse nyane di a hlahella
MODULASETULO wa East London Empowerment Club e ne e le moruti ya tsejwang sebakeng seo. Mohlophisi wa BONA, Force Khashane, o ne a bule kopano eo ka mantswe a kgothatso.
Mihlali Msimukondo o ne a emetse Small Enterprise Development Agency (SEDA), e neng e thehwe ka Tshitwe 2004 ka ho ya ka molao wa National Small Business Act.
Molao ona o ne o kopanye mekgatlo ya mehleng ya dikgwebo e kang Ntsika Enterprise Promotion Agency, NAMAC Trust le Community Public Private Partnerships (CPPP) ho ba mokgatlo o le mong.
Ho molemo haholo ho bonana le batho bao o tlang ho ba hloka bakeng sa ho qala le hona ho hodisa kgwebo ya hao.
Hara se etswang ke SEDA re ka bala tshehetso le papatso ya dikgwebo haholoholo tseo tse dibakeng tsa mahaeng.
Hape e:
u Thusa di-SMME ho fumana tshehetso ya ditjhelete;
u Ntlafatsa menyetla ya tsa kgwebo mefuteng e itseng ya dikgwebo tse nyane;
u Theha tshebedisanommoho ya tsa kgwebo naha ka bophara mmoho le thupello ya borakgwebo ba banyane.
u Tshehetsa thero ya dikgwebo tse nyane makgotleng a metse ho phatlalla le naha yohle.
Ikopanye le kantoro e haufi le sebaka sa heno ya DTI o fumane hore ke mang o ka ikopanyang le yena bakeng sa SEDA.
Pres Les e tsebisahala ka masela a yona.
Ho se ho fetile selemo jwale Mageu Number One e na le tlhodisano ya Small Business Awards bakeng sa ditho tsa BONA Empowerment Club. Brand manager Dorah Ditshwene o thabela ho phatlalatsa bahlodi ba kgwedi le kgwedi.
Re tla ba le mokete wa bahlodi bohle moketeng o ikgethang wa Empowerment Club isao ka Pherekgong.
Lulama Gaulana Jazz Band e thabisitse ditho tsa rona.[s]
BONA SESOTHO - December 2006
KA HODIMO: Ditho tsa mokgatlo di thabetse se yang ka maleng.
LE LETSHEHADI: Moruti e ne e le modulasetulo ya hlwahlwa!
Lulama Gaulana jazz band e thabisa letshwele
LE LETONA: Ditho tsa Lulama Gaulana Jazz Band di ne di bontsha bokgoni ba tsona nakong eo di neng di thabisa letshwele.
KA HODIMO: Ditho tsa Eastern Cape Tourism Board di bontshana ka tsa bohahlaudi Kapa Botjhabela.
KA TLASE LE LETONA: O ka etsa tje- Setaele sa Jazz Lulama Gaulana!
BONA SESOTHO - December 2006
KA TLASE: Mohlodi wa ha Pres Les o amohela moputso wa hae.
