sotho.2048.bec recipes-tips
TSELA YA HO REKISA!
HO BAPATSA ke ho bontsha esitana le ho rekisa dihlahiswa tsa hao. Haeba o na le monahano wa ho qala kgwebo, eba le tsela e nepahetseng ya ho bapatsa.
HO BAPATSA LE HO BEHA THEPA
Tsela eo batho ba ka tsebang ka kgwebo ya hao ka yona, ke ka ho bapatsa moo batho ba fetang. O ka etsa jwalo ka ho ntsha dipampitshana direnkeng tsa ditekesi le sebakeng sa heno. O ka nna wa kopa seyalemoyeng sa heno ho phatlalatsa dinyehlisetso tsa dihlahiswa tsa hao esitana le ho etsa dipuisano le bona. Ona ke mokgwa o pele wa ho bapatsa.
Haeba o na le lebenkele, o ka beha thepa ya hao ka tsela e tla hohela bareki, motho a e reke leha a ne a sa ikemisetsa.
Haeba o rekisa ditholwana, di hlwekise mme o di fafatse hanyane ka metsi, o di boloke moriting, o behe tse shebahalang hantle ka hodimo.
Hopola ho ala lesela le hlwekileng tafoleng o rekisetsang ho yona.
Haeba o rekisa mesebetsi ya matsoho jwalo ka diaparo kapa dijeresi, beha tse mmalwa hodima tafole hore batho ba tle ba di bone hantle. Mabenkeleng a maholo tsela ena ya ho beha thepa ba e bitsa merchandising ka Senyesemane. Sena se bolela hore ho ba teng motho ka lebenkeleng ya shebaneng le tsela eo thepa e behwang ka yona.
HO PHUTHELA
Ho ka hlola eo o qothisanang lehlokwa le yena, phuthela thepa ya hao ka bokgabane:
lSheba tsela eo thepa ya mabenkeleng a maholo le e rekwang haholo e phuthetsweng ka yona.
lHo phuthela ka pampiri e tlwaelehileng e sootho e nang le lebitso la kgwebo ya hao, ho tla o bitsa hanyane, empa ho tla o bapaletsa kgwebo ya hao leha thepa e se e le siyo ka lebenkeleng.
lDintho tse kganyang tsa ho phuthela dijo di leleka dikokokwanahloko, hape motho o kgona ho bona seo a se rekang.
lDula o kwahetse dijo.
DITSELA TSE DING TSA HO REKISA
lBomme ba malekeisheneng ba a tseba hore lephoka le monate le hohela bareki. Netefatsa hore lebenkeleng la hao ho nkga ha monate ho bile ho hlwekile. Haeba o rekisa dijo, o ka baka bohobe kapa dikuku ka lebenkeleng ho hohela bareki ka lephoka.
lHo latswisa bareki seo o se rekisang ke e nngwe tsela ya ho bapatsa. Ka mora ho latswa, ba tla batla ho tla reka hape!
lRekisa dintho tse kang makwenya direnkeng mantsiboya ha batho ba oroha.
lNka diotara ho bareki.
lBuisana le ba ka rekang ka bongata jwalo ka dikolo, ditliliniki le mabenkele a maholo.
lRekisa le peing.
DIKAMANO LE BAREKI
Moreki ke morena. Mo tshware hantle, o tla kgutla ka lehlahlamang a tlo reka hape. [s]
Ho hlokomela beng ba dikgwebo tse nyane
Karolo ya mopheho ha Illovo e na le lethathama la ditswekere le disirapo tse etseditsweng molemong wa tsa mopheho le babadi ba BONA ba iqaletseng dikgwebo tsa mopheho.
Dihlahiswa tsena di phuthelwa hantle molemong wa bareki ho ba neha monyetla wa ho reka diphuthelwana tseo ka theko e fihlellehang.
Lethathama lena le kenyeletsa, dipakana tsa ditswekere, disirapo, ditjhokoleiti le dipakana tse fapafapaneng tsa ditswekere.
Catering syrups e fumaneha ka mefuta ya:
25kg Golden Syrup
25kg Maple Syrup
3,5kg Golden Syrup
3,5kg Maple Syrup
3,5kg Chocolate Sauce
3,5kg Mint Chocolate Sauce
Tswekere e tshweu le e sootho e fumaneha ka:
25kg
Mefuta e ikgethang yona e fumaneha ka:
25kg Caster Sugar
25kg Icing Sugar
25kg Brown Icing Sugar
Black Empowerment le ba ha Aranda. Iqalle kgwebo ka ho rekisa dikobo tsa ha Aranda.
BONA SESOTHO - April 2006
Kgola molemo. Ha o etse sena molemong wa hao le wa ba heno -- empa o ka kenela le tlhodisano ya MAGEU NUMBER 1 SMALL BUSINESS AWARD. Romela pale e hlalosang kgwebo ya hao, tsela o etsang phaello ka yona, dintlha tsa hao, le dinomoro tsa mohala mme o ka nna wa ikgapela o mong wa meputso e bitsang R50 000. Fumana setlankana sa ho kenela ho website ya rona, www.empowermentclub.co.za, kapa mmokeng. O ka nna wa letsetsa Wellington ho 011-883-8829 dihoreng tsa mosebetsi a o romelle yona ka fekese. Reka kgatiso e latelang ya BONA ho ka fumana hore ka mang mohlodi wa pele tlhodisanong ena.
BONA - August 2005
