sotho.2043.insurance
Bareki ba bangata ba kgenethela dikolotong ha ba reka thepa ka mokitlane, ba lefella theko ya yona habedi. Ke tsena tseo o ka di phemang
Ipolokele diketekete tsa diranta
NTOMBENTSHA Mashiya o ne a batla ho ithekela setofo le home-theatre system lapeng la hae le mane Khayelitsha selemong se fetileng ka Pudungwane. "O ka nka thepa mme o qale ho lefa mokitlane selemong se tlang," o ne a bolele jwalo morekise wa lebenkeleng leo.
Ntombentsha a saenne tumellano eo ya thekisetsano, a ba a fuwa sandwich toaster. Empa seo e ne e le lerothodi feela. Sa thwasa selemo, a qala ho lefa mokitlane, a sala a se na le ya ho palama a ye mosebetsing.
A qala jwale ho balabala....
MSetofo sa hae se ne se bitsa R2 630,70, home-theatre e bitsa R1 638,59. Tsa etsa R4 269,29 ha di kopana - ha ho kengwa VAT, ditjeho tsa ho isa thepa ha hae le phaello ya ho reka ka mokitlane, ya etsa R10 565,54.
MInshorense ya bitsa haholo (R2 296,76) le phaello ya (R2 851,61) tsa etsa R5 148,37 - tsa batla di eba ka hodimo ho lenane la thekiso ka sekete kaofela!
MKa ho saena tumellano eo ya thekiso a lefiswa R68,40.
MHape o tlameha ho lefa mokitlane wa R400 ka kgwedi - dikgwedi tse 24 - tjhelete e ka hodimo ho kotara ya moputso wa hae.
"Ha ke kgone hohang!" o boleletse BONA jwalo mahareng a Hlakola. "Ke batla ba nke thepa ya bona e sa ntse e le ntjha tjena, re kgaole tumellano eo."
Inshorense e turang
Inshorense feela e bitsa tjhelete e fihlellang kotareng ya sekoloto sa Ntombentsha se feletse - empa motho ha a tlamellwa ho e nka ha a sa rate. Empa ho molemo ho e nka. Ba bakae bareki sa tsebang hore ha ba a tlameha ke yona"
"Ke hona mona moo barekise ba bangata ba qhekellwang," ho bolela Astrid Ludin wa lefapha la tsa kgwebo le diindasteri. "Empa nnete ke hore Ntombentsha o bile lehlohonolo haholo. Ho na le ditumellano tse ding tse saenwang moo ditjeho tsa inshorense di etsang halofo ya lenane la thekiso!"
Mabenkele a fenetjhara a bokelletsa dimilione tsa diranta ka selemo tjheleteng ya inshorense, ho ya ka moo setsebi sa ditjhelete Mark Ansley wa African Harvest Fund Managers mane Kapa a bolelang ka teng.
"Boramabenkele a fenetjhara ha ba na tlhodisano e kgolo kgwebong ya bona ke ka hona ba etsang phaelo e ntle," ho bolela Ludin. "Ba e rekisetsa ka lebenkeleng kapa ba etsa tumellano e ikgethang le khampane ya inshorense hore bona ba fumane tjhelete e itseng ya khomishene ka ho ba rekisetsa.
"Tlasa maemo ana ha ho molemo o moreki a ka o fumanang. Borakgwebo ba re ho thata ho theola ditjeho tsa inshorense empa ha barekise ba diselefoune ba kgona ho lefisa batho R10 ya inshorense ka kgwedi, bona ba hlolwa keng""
Iketsetse inshorense
Bareki ba bangata ba amohela diinshorense tsena ba sa bolellwa ka tsona hobane ba sa tsebe hore ho na le mokgwa o mong. Ke nnete ho bohlokwa ho ba le inshorense - empa hoo ha ho bolele hore o lokela ho e reka lebenkeleng la fenetjhara.
Nnete ke hore ha o reka thepa ka mokitlane, e ba ya monga lebenkele ho fihlela o qeta ho e lefella. Nahana feela ka koduwa eka nnang ya o hlahela - mohlomong o tjhellwe ke ntlo, kapa o utswetswe kapa o fellwe ke mosebetsi, o sale o se na tjhelete ya mokitlane.
Ntle ho haeba o ena le inshorense e tla lefella molato wa hao kaofela, o tla tlameha ho lefa ho fihlela o qeta.
Empa nahana ka tshenyo ena ya tjhelete ya hore nako le nako ha o reka ka mokitlano o lefelle inshorense e bitsang...
lNanaha hantle: Mohlomong o na le yona inshorense e ka nnang ya o lefella ha o hlahelwa ke koduwa. Batho ba bangata ba na le diinshorense tsa bophelo ba bona tseo ka nako e nngwe ba di lefellang mmoho le penshene. Ha o lefa bond ya ntlo o tlameha hore o be o ena le inshorense. Ha o ka bontsha ralebenkele eo hore o na le inshorense, a ke ke a o hatella hore o boele o nke e ntjha.
lKopanelang: Ha mohlomong ka lapeng ho na le ba bang ba sebetsang mme le lakatsa ho reka fenetjhara e fapaneng ka mokitlane, le ka e kopanela. Le arolelane ka ho lefa mokitlane. Motho ka mong o tla boloka tjhelete e itseng bakeng sa ho lefella inshorense ya hae a le mong mme le mokitlane ha o sa tla ba boima hobane ha o tswe mothong a le mong. Hlalosang hantle hore mang o dula kae e le hore ha le hloka thuso ya inshorense le se be le mathata.
lItshepe: O tseba maemo a hao a bophelo - e mekae menyetla ya ho tjhellwa ke ntlo kapa matlo a baahisane ba hao" Mosebetsing teng o bolokehile ho le hokae" Hona o na le tjhelete e kae polokelong ya hao" Haeba o se na mathata a tsena tsohle, o ka tshepa ishorense ya hao.
Intshe dikolotong!
BONA SESOTHO - April 2006
pale ka PATRICIA McCRACKEN
ditshwantsho ka VAL ADAMSON
Bala tjhelete eo o ka e bolokang!
Motho ka mong a ka boloka tjhelete e itseng hobane dikoloto tsa rona ha di lekane. Empa lenane la thekiso ya setofo sa Ntombentsha le home- theatre ke mohlala - sheba ka moo a neng a ka boloka tjhelete ka teng, halofo ya eo a neng a tlameha ho e lefa!
Inshorense ya Ntombentsha: R2 296,76
Ditefello tsa koloi (le tswala) R846,72
Tjhelete ya tswala ha o reka ka mokitlane: +/- R1 200
KAOFELA E KA ETSA: +/- R4 300!
BONA SESOTHO - April 2006
Kopa thuso
Ditefello tsa koloi e isang fenetjhara ya Ntombentsha ebile R427 e leng theko e hodimo haholo," ho ya ka moo Astrid Ludin wa lefapha la kgwebo le indasteri a bolelang ka teng.
Ntombentsha o ne a tla hloka koloi e isang fenetjhara ya hae Khayelitsha ho tloha toropong ya Kapa empa seo a neng a sa se tsebe ke hore ha o a tlameha ho hira koloi ya lebenkeleng leo.
O ka nna wa kopa motswalle kapa e mong wa ba leloko ya ka o thusang ka koloi ya hae e kgolo.
O tla mo lefella ditjeho tsa petrole le yena empa di ke ke tsa fihlella ho eo ba lebenkeleng la fenetjhara ba e batlang - hahoholo hobane ditjeho tseo di kenyeletswa sekolotong sa hao mme ho nyolohe tswala.
Ho bolelang hore Ntombentsha o qetelletse a lefile R846,72 ha ho balellwa le tswala dikgweding tseo tse 24.
u
t
Mabenkele a fenetjhara a bokelletsa dimilione tsa diranta ka tjhelete ya inshorense feela selemo le selemo
Re o hlaha leseding
"Ka bomadimabe ha ho seo re ka se etsang ho laola dikhampane tsa inshorense hobane di ka thoko ho lefapha la rona," ke ka moo Astrid Ludin, e mong ba baetapele ba leano la molao wa National Credit Bill, o tla kenngwa tshebetsong ka Mmesa isao. Maikemisetso a ona ke ho etsa hore thekisetsano ya mokitlane e tswele bareki molemo. "Phapang e se e bonahala."
Molao ona o tla hatella borakgwebo, bomatjhonisa le dibanka hore di se inahanela tsona feela ha di adima bareki tjhelete. Ho bolelang hore ha o saenne tumellano ya thekisetsano jwalo ka Ntombentsha, ba o patetse dintlha tse ding tsa bohlokwa, o ka nna wa itokolla.
Molao ona ha o so qetwe empa tshepo e teng bakeng sa bareki ba sa ntseng ba nahana ho reka ka mokitlane kapa ho adima tjhelete.
Ha jwale, eba sedi mme o hopole hore Ntombentsha ha se yena feela lehlatsipa la makanyane a rekisang fenetjhara ka mokitlane. Sibonelo Magwaza wa Vereeniging o ne a reke dikhabathe tse tharo ka
R2 840 letsohong. Ha a ne a di lefella ka mokitlane o ne a tla lefa tjhelete eo hararo - e be R6 477,68. Hape inshorense le tswala e batlile e etsa halofo ya lenane la thekiso.
"Motswalle e mong wa ka o ne a mpolelle hore nka aha dikhabathe tse ntle tsa kitjheneng ka tjhelete eo," ho bolela Sibonelo. "Ke ne ke sa hlokomele.
BONA SESOTHO - April 2006
Ntombentsha ba mo otla habedi
Ntombentsha o ne a otlwe habedi, ke inshorense e bitsang a re o sa utlwile - a phetwa ka tswala ya ho reka ka mokitlane.
lTumellano ya bohlale: Ntombentsha o ne a tla lefa tjhelete e tlase hole hoja ebe o ne a tsebile hore ho reka fenetjhara ka mokitlane ho tshwana le ha a adima tjhelete ya matjhonisa.
Tswala ya ha o reka ka mokitlane e laolwa ke Usury Act. Hona ho bolela hore tswala ya tjhelete e ka tlase ho R10 000 ha e a lokela ho ba ka hodimo ho dipersente tse 20 - Ntombentsha yena o lefisitswe tse 32,99. Athe tjhelete e ka hodimo ho R10 000 yona ha e a lokela ho ba ka hodimo ho dipersente tse 17.
O lokela ho lefa tjhelete ya peheletso ha o reka ka mokitlane ke ka hona bareki ba beng ba adime ditjhelete ya bomatjhinisa - ba lebale le tswalahadi eo ba tla e lefa.
lTswala e ngata: Ntombentsha ho ne ho etsahetse jwang hore lebenkele le maemo a hodimo hakalo le mo lefise tswala ya dipersente tse 32,99 e kgahlano le molao"
"Mabenkele ana a dumetse ho laolwa ke melawana ya bomatjhonisa, e thusang ho sireletsa bareki," ho hlalosa Siva Naidoo wa lefapha la tsa moruo le bohahlaudi la KZN. "Athe ha ba rata ba kopa ho ntshwa tlasa molao ona wa Usury Act e be ba bitsa ka moo ba ratang."
lThekiso e bomenemene:
Ntombentsha o ne a ka nna a sireletseha ha a adima tjhelete ho bomatjhonisa ba ngodisitsweng tlasa Micro Finance Regulatory Council.
MFRC e hatella hore moreki o lokela ho hlalosetswa sohle ka puo ya habo. Ntombentsha o utlwisisa taba hantle ha e buuwa ka Sexhosa mme o ne a tla kgetha ho hlalosetswa ka sona hoja o ne a ile a nehwa monyetla oo.
Ho reka ka mokitlane ho ne ho ke ke ha mo tswela molemo hohang. Haholoholo hobane ha o se o saenne tumellano ena lebenkeleng leo, ha o tsebe ho e hlakola ho ya ka Siva Naidoo. Monyetla ona wa ho kgaola tumellano ka mora matsatsi a mahlano ha o lakatsa ho etsa jwalo o sebetsa ha o reka sebaka sa ho phomola kapa yona ntlo empa tumellano eo e sa saenelwa mabaleng a kgwebo eo.[s]
Molemong wa hao
Ntombentsha o ithutile ho hong ka mekgwa eo o ka rekang ka yona ho phema tswala e tshabehang. Ke ena e meng ya yona:
lTjhelete letsohong: Ho boloka tjhelete hore o tsebe ho reka ho shebahala e le ntho e thata haholo. Empa ho ena le ho lahlehelwa ke tjhelete jwalo ka Ntombentsha na ha ho molemo"
lStokofele: Se ka o thusa haholo, athe ha ho ena le batho ba bang ba sebetsang ka lapeng le ka nna la kopanya tjhelete ho fihlela e lekana hore le ka reka fenetjhara eo le e hlokang.
lPeheletso: "Ona ke mokgwa wa kgale wa Seafrika Borwa," ho ya ka moo Mark Ingham, a bolelang ka teng "hape ha se mokgwa o tsejwang dibakeng tse ding." Ka mokgwa ona ha o lefe tswala hape ya hao thepa e tla behwa lehlakoreng hore e se rekiswe.
lCredit card: Ho molemo ho reka ka yona ha ena le mokitlane hobane tswala ya yona e betere haholo. FNB, ha re etsa mohlala e ne e lefiswa tswala ya dipersente tse 17 ka nako eo re neng re ngola pale ena.
