sotho.2042.disabled
Ha ba thusahale
HO fedile Tshepo
Dikolo di a bulwa jwale mme bana ba kgutlela dikolong, ba holofetseng bona...
NOZIZWE Ziwele (58), ke motswadi ya se nang molekane, o tseba hantle bohloko ba ho hodisetsa ngwana ya holofetseng mmele le kelello lekeisheneng.
Moradi wa hae Xolelwa, o hlahile a holofetse sephaka le leoto, ha a tsebe ho tsamaya kapa ho itjesa le ho itlhatswa. Ba dula mokhukhung o diphaposi di pedi lekeisheneng la Kapa, Khayelitsha, moo ho seng tshehetso le e nyenyane eo a e fumanang.
Nosizwe o re Xolelwa o ne a sa kgone ho kena sekolo sa bana ba holofetseng kgolong ya hae hobane di ne di bitsa haholo. Ha se yena feela, ba bangata batswadi ba tsietsing e kang eo ya hae, ba se nang tjhelete ya ho lefella thuto ya bana ba bona ba holofetseng hobane e bitsa haholo.
Ho ya ka dipalopalo tsa mmuso, ke bana ba ka hodimo ho ba 260 000 ba holofetseng naheng yohle, bao kaofela ha bona ba sa keneng sekolo. Ke palo e tshosang haholo hobane ngwana ka mong o na le tokelo ya thuto.
Ba kang Xolelwa ba ka thuswa jwang? Karabo ha e bonolo.
Maqalong a 2007, mmuso o ne o hlophise leano la ho amohela bana ba nang le kgolofalo e nyenyane dikolong tse tlwaelehileng. Di ne di tla lokiswa hore bana bana ba kgone ho amoheleha, jwalo ka ho lokiswa ha sebaka sa di-wheelchair, le ditlhoko tse ding jwalojwalo.
Mmuso o boetse hape wa tshepisa hore o tla theha dikolo tse ikgethang tsa bana ba mofuta ona hohle naheng ena.
Ho ne ho hlophisitswe dikolo tse 30, empa leqeme la tjhelete la etsa hore di fokotswe di be 12, ho ya ka moo Moses Simelane wa Lefapha la Thuto a bolelang ka teng.
Leha ho le jwalo, bongata ba dikolo tsena ha di na ditlhoko tsa bohlokwa tsa bana bana mme ha di sebediswe ka tshwanelo. Se sebe ka ho fetisisa ho ya ka moo Simmi Pillay wa Komishene ya Ditokelo tsa Botho naheng ena (SAHRC) a bolelang ka teng, ke hore ha ho matitjhere a rupeletsweng, a mangata ho lekana ho thusa bana bana ka ditlhoko tsa bona ka diphaposing tsa borutelo le bophelong ba bona.
Dave Balt, mopresidente wa National Professional Teachers Organisation Of South Africa (Naptosa), o re hona ho totobaleditse mmuso hore leqeme le leholo la matitjhere. Naptosa e re bana bana ba bangata haholo.
Ho ya ka Balt, mokgatlo o emetse karabo ya mmuso. Sandra Ambrose wa Disabled Children's Action Group o re melawana ya mmuso le yona e iphapanyetsa ditlhoko tsa bana ba holofetseng mme ke ka hona ka nako e nngwe ba qetellang ba patwa malapeng ba be ba hlekefetswe. Empa sebui sa Lefapha la tsa Thuto, Lunga Ngqengelele o re mmuso ha o etse matsapa a lekaneng ho thusa bana hore ba fumane thuto e phethahetseng.
O lla ka batswadi ba sa ikgathatseng ho batlela bana ba bona dikolo kapa ho tlaleha mathata a bona ho basebeletsi ba setjhaba hore ba thusahale.
Ho ya ka lefapha, ho na le merero ya ho lokiswa ha dikolo tsa setjhaba hore ba tsebe ho kena ho tsona ho ena le hore ba iswe ho tse ikgethang dibakeng tse hole.
E mong wa bahlophisi bana ke Nosipho Franse, mosuwehlooho wa Tembaletu Special School, Gugulethu, Kapa. Ho fihlela jwale sekolo sena se na le bana ba 185 bao ba 166 ba bona ba fumanang tshehetso ya tjhelete.
Leha ho le jwalo, sekolo se sa ntse se hula ka falese ho neha bana bana thuto e maemong. Ho ya ka Nosipho, ha re etsa mohlala, ha ba kgone ho lefella basebetsi ho lokisa meaho ya sekolo le ho reka dijo esitana le ho lefella dipalangwang.
Ka bomadimabe sekolo ha se fumane tshehetso e kaalo batswading.
"Dipersente tse 80 lekgolong tsa bona ha di sebetse, ba phela ka pei ya mmuso le bona," ho bolela yena.
SAHRC e dumela ha ho sa ntse ho ena le mosebetsi o moholo o lokelang ho etswa, o tla tlameha ho qalwa ka ho theha mekutu e metle ya dipuisano hore ho bontshanwe ka menyetla eo batswadi ba nang le yona bakeng sa ho hodisa bana ba bona ba ikgethang.
"Lefapha la thuto le lokela ho sebetsa mmoho mme le potlakele ho etsa diphetoho tse tla tswela bana bana molemo," ho bolela yena.
Ha jwale, bana ba holofetseng ba a qhekellwa, ba tingwa thuto e leng se ba senyetsang menyetla ya bokamoso bo botle.[s]
Pale le ditshwantsho: Brenda Nkuna/West Cape News
BOPHELO BA NNETE
Ke bana ba ka hodimo ho ba 260 000 ba holofe-tseng ba sa keneng sekolo
Baithuti ba thabile. Ntle ho mathata a tjhelete dikolo tsena, di etsa matsapa a ho ntlafatsa maphelo a bana bana.
Ziwele o fepa Xolelwa. O re moradiae ha a kgone ho kena sekolo hobane di bitsa haholo dikolo tsa bana ba holofetseng.
Nosizwe Ziwele o bapala le moradiae ya holofetseng, Xolelwa mokhukhung wa hae o diphaposi di pedi mane Khayelitsha.
