sotho.1108.muthi
re bua ka ditlhare
KE sa tswa fumana lengolo la mosadi e mong ya dilemo di 36 ya bolelang ha a sa tswa kgutlisa monnahae ya neng a mo sihe dilemo tse tharo a ya dula le mosadi e mong.
"Re ne re boele ra etsa thobalano, empa ka mora moo, ke ne ke qale ho utlwa mahloko mme tliliniking ba mpolella ha ke ne ke tshwaeditswe ka thobalano. E ne e re ha ke bolella monnaka ditaba tsena, a rura ke bohale a bolela ha e le nna ya sa tshepahaleng.
"Ke ne ke mo kope ho ya le nna tliliniking hore re etse diteko ka bobedi, empa a hana. O ne a halefe ha ke mmolella hore ha ke phete ke etsa thobalano le yena ntle le kgohlopo."
Ka mora dibeke tse pedi, ba ne ba boele hape ba etsa thobalano e sa bolokehang. "Ke ne ke utlwe mahloko popelong," ho bolela mosadi enwa. "Ha ke tsebe hore sebete ke ne ke se nke kae, empa ke ne ke mo suthumetse ka mo tlosa ho nna hobane ke ne ke utlwa hantle hore ke a shwa."
Matsatsing a mabedi ka mora matsatsi a hae a sesadi, o ne a utlwe lerata le kang la senqanqane popelong ya hae. Le setho sa hae sa sesadi le sona sa hlohlona ha bohloko.
"Ke ne ke ikutlwa ke le diheleng tsa nnete," ke yena eo.
Dingaka tsa setho di bolela ha a kenwe ke thokolosi. "Re dutse re lwana jwale le monnaka hobane ke mmolella hore nke se hlole ke etsa thobalano ntle le kgohlopo hape mme yena o mpolella ha ke hloka botshepehi.
"Ke entse diteko tsa madi mme ka fumana hore ha ke na yona EITSI. Monna enwa ha a batle kalafo ya letho." Pele re ka rarolla mathata a na, ke rata ho le phetela pale ya ntate e mong wa Bonkhorstspruit ya neng a le mathateng le yena a hloka thuso ya moriana.
"Mosadi wa ka o nkankane le monna wa moahisane," ke ntate enwa eo. A na o ka mpha moriana wa ho mo kgwesa seo le hore ho se be le monna ya ka kgonang ho feba hape le mosadi enwa" Hape ke rata ho mo tlohedisa le jwala hobane ke bona sesosa sa sena."
Na setlhare se ka thusa"
A na setlhare se ka thusa babadi bana"
Sesotho se re - "senkganang se nthola morwalo." Babadi bana ka bobedi ba ka ithuta letho mantsweng ana.
Ke nahana e bile phoso hore mosadi eo a amohele monnahae ha a kgutla kgateane. Ke yena ya tlileng le mahloko ao mme jwale o tshaba ho nka kalafo.
Mosadi enwa o tlameha ho kgaotsa thobalano le yena mme a latele kalafo ya tliliniki. Pitsa e ka mo thusa. O tlameha ho kopanya halofo ya kgabana ya mathunga le kgaba ya ngwavuma le mositsana litareng ya metsi a batang.
O tlameha ho tswaka halofo ya kgalase ya motswako o ka hodimo le lesheleshele la hae jwalo hoseng, a boele a nwe kgalase e tletseng ya moriana oo habedi ka letsatsi ka mora dijo.
O tlameha hape ho phalatsa ka dikgaba tse pedi tsa mositsane dilitareng tse pedi tsa metsi a futhumetseng matsatsi a mararo. Sena se tla mo hlwekisa ka hare.
Ntate enwa wa Bronkhorstspruit yena o tlameha ho ya lethueleng ho ya utlwa sesosa sa mathata a hae. O ntse a tla e fumana kalafo.
Mohlomong "sheba nna feela" e ka mo thusa.
Tlhokomediso
Dipale tsena tse ka hodimo ka bobedi ke tlhokomediso setjhabeng ka mathata a tliswang ke ho se tshepahale dikamanong.
Seo se kotsi haholo matsatsing a kajeno.
Ka hoo, banna le basadi ka ho tshwanang ba tlameha ho ba sedi ha ba amohela balekane ba bona ba neng ba ile kgateane dikamanong. Na ba a o nahanela ha o etsa thobalano e sa bolokehang le bona ka mora ho ya kgateane ha bona" [s]
Senqanqane
popelong
42 BONA SESOTHO - August 2007
ka FORCE KHASHANE
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
