sotho.2036.read
ntlafatso ya thuto
Rally To Read e ne e be karabo maemong a mabe a dikolong tsa mahaeng. Dilemong tse leshome e se e thusitse bana ba fetang 120 000 dikolong tse 400...
Ba etsa phapang
Ba kganna lepoqong
VUYANI MNYABISO o tloha lapeng mane East London ka 5.30 hoseng a kganne nako e ka etsang dihora tse pedi le sekoto a leba mosebetsing. "Ke ebe ke ikemiseditse ho ya fihla dikolong ka hora ya borobedi hoseng," ke yena eo.
Dikolong tse ngata ho ntse ho dilwa ka bolokwe, ha ho ceiling marulelong, ha ba na metsi, athe le motlakase ha o yo jwalo ka ha matlapa a solar a ne a utsuwe.
Empa leha ho le jwalo mabota a teng a tletse dipampiri tsa mesebetsi ya matitjhere le baithuti - ditshwantsho tse akantsweng, dingolwa, mabitso le dipolelo tsa puo ya Sexhosa le Senyesemane.
Mnyabiso wa motseng wa Duncan, eo e le titjhere ya mehleng, o sebeletsa Read Educational Trust moo a rutang matitjhere ho sebedisa disebediswa tse tswang projekeng ya Rally To Read.
Hara dithuto tse teng dibukeng tseo re ka bala tsa ho ruta matitjhere ho ruta bana ho ntlafatsa bokgoni ba bona ho baleng le ho ngoleng. Motho enwa ya rupellang matitjhere o boele hape a kopane mmoho le matitjhere le bona barutwana. Ha bana ba se ba kgona ho bala hantle ka puo ya bo bona, ba fetela Senyesemaneng.
Tumellano
Sehlopha ka seng sekolong se ikamahanyang le leano lena, se saena tumellano ya dilemo tse tharo ya hore se tla sebedisa dibuka tseo ka nepo. Ya lahlang e nngwe ya dibuka tsena o kenya batswadi ba hae mathateng.
"Ha se hangata seo se etsahalang," ho rialo molaodi wa Read, Bertus Mathee.
Dipatlisiso di bontshitse hore leano lena le ntlafatsa bokgoni ba ngwana ba ho bala ka dilemo tse pedi ha ba ho ngola bona ka tse nne kaofela sehlopheng seo moithuti a leng ho sona.
Leano lena la Read le raletswe tsebong ya matjhaba ka mora dipatlisiso tse neng di itshetlehile dipaleng tsa Afrika le dithutong tse ding tse neng di ka thabisa barutwana.
Ketelo ya bobedi ya leano lena la Rally mane Kapa Botjhabela e ile ya lebiswa dikolong tse 13 tse pakeng tsa Willovale le noka ya Qora moo ba neng ba tsamaya mebileng e lepoqo, ke bolela moo Vuyani Mnyabiso a sebetsang.
Ho ile ha etelwa le a mang mabatowa a kang KwaZulu-Natal, Mpumalanga, Limpopo, Leboya Bophirima, Foreisitata, Kapa Leboya le Kapa Bophirima.
Bakganni ba bangata ba a dumela hore ba ameha maikutlo haholo ke kamohelo e mofuthu eo ba e fumanang mmoho le katleho ya leano lena. Ba amohelwa ka mmino dikolong tse ngata.
"Dintho di a iketsahalla," ho rialo e mong wa bona. "O ka bona diphetoho ka selemo feela."
Dikolo tse hole
Leano lena le qadile dilemong tse leshome tse fetileng ka mora dipatlisiso ka ditlhoko tsa setjhaba mme ke ha ho kadingwa koloi ya 4x4 ha McCarthy Motors mona Thekong ho etsetsa hore ba kgone ho finyella dikolong tse hole.
Dipatlisisong tseo tsa bona ba ne ba fumane matitjhere a neng a hloka bokgoni mmoho le kgaello ya disebediswa.
Mohato wa pele wa ho isa dibuka sekolong wa na wa qala.
Dikhampane tse ngata di ne di ikamahanye le leano lena ho tloha nakong eo. Rally To Read e se e thusitse bana ba 120 000 dikolong tse 400 Afrika Borwa yohle. Mona ho sebedisanwa le Lefapa la Thuto. Gauteng ke yona feela e sa kenang leanong lena jwalo ka ha e se na tsona dibaka tsa mahaeng.
Hara disebediswa tse iswang moo, re ka bala dibuka tse ikgethang, disediswa tsa ho akanya le ho ngola, dipopi tsa ho ithuta, metjhini ya di-CD, disebediswa tsa saense mmoho le dibolo.
Selemong sena ba ikemiseditse ho finyella baneng ba 32 000 le matitjhereng a fetang 1 000.
Leano lena hape le boela e ba tataiso ho matitjhere, thuso ho tsa saense hape le fane ka thupello ya boetapele ho baetapele ba dikolo.
Leanong la monongwana Letona la Thuto la Kapa Botjhabela, Johnny Makgato o itse: "Rally To Read e ama maphelo a batho, e tlisa phapang e kgolo dikolong." Dikolo di se di kopilwe ho qapa pina ka leano lena la Rally To Read e tla binwa moketeng wa ho keteka katleho ya leano lena.[s]
BONA SESOTHO - September 2007
pale ka GAVIN STEWART
ditshwantsho ka GAVIN STEWART le GARY HORLOR
LE LETSHEHADI: Brand Pretorius, e mong wa batshehetsi ba leano la Rally To Read, mme mona o bala e nngwe ya dibuka tse ntjha le baithuti ba sekolo sa poraimari sa Bojeni.
QETELLONG HO LE LETSHEHADI: Vuyani Mnyabiso wa leano lena ya rutang matitjhere ho sebedisa dibuka tsena.
HODIMO: Nowentele Nukani le Bushman Khala ba bang ba batswadi ba neng ba keteka sekolong sa poraimari sa Gojela haufi le Willowmore mane Kapa Botjhabela nakong eo Rally To Read e neng e isitse dibuka teng.
KA HODIMO: Matitjhere a sekolo sa poraimari sa Bonde, Zoliswa Bozo, Patricia Makozi, Muriel Colo le Nozethu Skolo ba thabetse ho fihla ha dibuka...
KA HODIMO HO LE LETONA: Baithuti ba sekolo sa poraimari sa Bojeni ba theola dibuka koloing.
BONA SESOTHO - September 2007
u
t
Selemong sena ho tla thuswa bana ba 32 000
BONA SESOTHO - September 2007
Ditshehetso di a subuhlellana
Dilemong tse leshome, Rally To Read e se e kopantse R30m bakeng sa dibuka, disebediswa tsa thuto le tshehetso ya matitjhere - ba tsamaya diketekete tsa dikilomitara ho etela dikolo.
Tekanyetsong ya selemo sena ya R4,3m, R2,6m ho yona e tla iswa dibukeng ha R1,7m yona e tla tobana le ntlafatso ya matitjhere.
E nngwe ya dikhampane tse tsheheditseng leano lena e kopuwe ho romela e nngwe koloi ya 4x4 mmoho le sehlopha sa basebetsi ba tla tsamaisa dibuka tseo.
Mohlanka wa phethahatso ha McCarthy Motors, Brand Pretorius, o boletse ha leano lena le se le na le batshehetsi ba 79. Bongata ba bona ke borakgwebo mme ba e ba kopane ha nngwe ka selemo leanong lena.
KA TLASE: Mokoloko wa dikoloi tsa basebeletsi ba Rally To Read motsaneng wa Willowmore Kapa Botjhabela.
BONA - August 2007
