sotho.2035.career
Ba pholosa batho
Ho na le leqeme le leholo la di-paramedics naheng ena
Mesebetsi
pale ka GRACE KHUZWAYO
setshwantsho ka BRETT FLORENS
BONA SESOTHO - July 2007
BASEBELETSI ba kalafo ya tshohanyetso (di-paramedics) ke bona ba pele maemong a tshohanyetso a hlokang kalafo. Basebeletsi bana ba na le thupello ya maemo mme ba ka pholosa motho ntshing tsa lebitla. Ntle le basebeletsi bana, lenane la batho ba timelang dikotsing le ka nyoloha ho feta moo le leng teng hona jwale.
Mosadi e mong ya sa leng motjha ho bonahala a ipabotse mosebetsing ona. Nokubonga Krwentelais ke yena feela mosadi wa motho e motsho naheng ena ya nang le degree ya Bachelor Of Technology ho Emergency Medical Care...
lO ratang ka mosebetsi ona" Ke ne ke hlile ke rata ho ba ngaka, empa matshwao a ka a ntatola. Ho ne ho na le tse ding dithuto tseo ke neng nka kgetha ho tsona, empa ka kgetha tsena tsa paramedics.
Afrika Borwa e na le palo e phahameng ya dikotsi tsa mebileng mmoho le merusu, o kgona jwang ho emelana le pono tseo tse mpe" Ho ne ho le boima ha ke sa qala, ke hopola hantle, ke ne ke le dilemo di 17 feela, ke sa le morutwana ha ke ne ke qala ho ya sebakeng sa kotsi ya koloi. Lehlatsipa le ne le hlokahale mme nna ka sala ke tsitsipane!
Ka nako eo, ke ne ke nahana hore ho tla ba boima, empa ha nako e ntse e tsamaya, ka ithuta hore ha ke a tlameha ho phahamisa moya mosebetsing ona hore ke kgone ho sebetsa. Se makatsang ke hore mosebetsing ona wa rona, ha ho le tshebeletso ya ho thojwa maikutlo, e leng seo ke nahanang hore se ne se tla re thutsa haholo!
Ke sefe seo o ikgantshang ka sona" Ke ikgantsha haholo ha ke kgonne ho pholosa maphelo a batho. Ke kgonne ho phaphamisa motho le hona ho belehisa moimana ka katleho.
Maikemisetso a hao" Ha ke so lahle tshepo torong ya ka ya bongaka. Ke ntse ke phehelletse ho yona.
O BE MOTHO YA JWANG
O tlameha ho ba motho ya boikokobetso ya nang le mamello; o be le boikarabelo mme o kgone le ho nka qeto maemong a boima. O kgone ho sebetsa le ba bang le tlasa kgatello. O be le kelello e tsetsitseng hape o phele hantle le mmeleng.
MENYETLA YA MOSEBETSI
O ka sebetsa makoloing a bakudi a mmuso kapa a poraefete, o sebetse le dibakeng tse ding tse kang tshebeletsong ya difofane tsa mofuta wa dirwalankgwana kapa o be titjhere ya dithuto tsena.
Ho ntse ho na le menyetla ya ho nyollelwa maemong a hodimonyana.
MOPUTSO
Ho ya ka hore o sebetsa mmusong kapa mokgatlong wa poraefete. Moputso o qala ho R6 000 ho ya ho R12 000 ka kgwedi, e ka feta moo ha o le maemong a botshwari.
THUPELLO
National Diploma (NDip EMC) ho Emergency Medical Care
e a fumaneha: Cape Peninsula University Of Technology, Durban University Of Technology, University Of Johannesburg, Central University Of Technology (Foreisitata).
Tse ding diyunivesithi di fana ka degree dithutong tsena (BTech EMC) athe o ka nna wa fihlella le maemong a Masters.
Ho hlokahala lengolo la materiki le nang le dithuto tsa maths, physical Science le biology. O tla etswa le diteko tsa ho shahla.[s]
