sotho.2033.yourstyle_free
Moriri wa hao
Kair e o neha lethathama le batsi la ditlolo tsa tlhokomelo ya moriri tseo o di hlokang. Setlolo ka seng se etseditswe ho siya moriri wa hao o boheha o thella o phetse hantle. Jwalo ka ha o sa kgone ho fetola moriri wa hao wa tlhaho, empa o ka kgetha Kair bakeng sa ho o hlokomela!
BONA e fana ka diphuthelwana tse 20 tsa ha Kair tse bitsang R200 ka seng, tse nang le shampoo, intensive conditioner, ditlolo tsa ho etsa ditaele, silicone serums le senyanyatsi. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Kair Haircare Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele KAIRHAIRCARE ka *SMS ho 35919.
YA HAO YA MAHALA
Dimpho tse bitsang
Letlalo le letle
Johnson & Johnson e boetse ya kenya lethathama la AMBI®. Ha e bohale, e bolokehile mme lethathama lena le letjha le dumella basadi bohle ho ba le letlalo le hlakileng le se nang matheba.
BONA e na le diphuthelwana tse 30 tsa dihlahiswa tsa ha AMBI® tse bitsang R130 ka seng. Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare ka posekarete ho: BONA/AMBI® Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele JOHNSONS ka *SMS ho 35919.
® Trademark © Johnson & Johnson (Pty) Ltd 2009
Dula o phetse hantle
Dihlahiswa tsa ha Bioflora tse fumanehang dikhemiseng, di thusa tshilo le methapo e tsamaisang moroto mme hape di ntlafatse bophelo ka kakaretso.
Lethathama la dihlahiswa tsena tsa Bioflora tse loketseng lelapa lohle le kenyeletsa le Infantiforte, Kiddie-Forte, Combiforte le Combi 15.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 10 tsa dihlahiswa tsa ha Bioflora tse bitsang R400 ka seng. Ho iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/Bioflora Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele BIOFLORA ka *SMS ho 35919. [s]
Mohala wa thuso: 012-348-2367/083-302-7797.
O bentshe
Ditlolo tsa moriri tsa ha African Gold di tla etsa moriri wa hao o shebahale o phetse o le motle. Conditioning Shampoo e na le Shea butter le lekgala bakeng sa moriri o bonolo, o thellang mme e loketse moriri o otlolotsweng kapa o senyehileng, e thibela hore o se fothohe.
African Gold Leave-In Conditioner e monyela moriring, e o nolofatse mme e o sireletse ha o lokisa ka disebediswa tse tjhesang tse kang tong le hairdryer, e o siye o le bonolo, o kameha hantle, o bile o phetse hantle. African Gold Styling Gel Extra-Hold e na le metswako e thusang moriri hore o se fothohe.
BONA e fana ka diphuthelwana tse 10 tsa African Gold tse nang le ditlolo tsa moriri tse bitsang R400 ka seng. Ho ka iteka lehlohonolo, romela lebitso, aterese le mohala ho: BONA/African Gold Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romele AFRICANGOLD ka *SMS ho 35919.
Bakeng sa tse ding dintlha letsetsa J Strickland Africa ho 031-700-8263, Email info@jstricklandafrica.com kapa kena ho Website www.jstricklandafrica.com
Letsatsi la ho kwala: Phupjane 30, 2009.
*(SMS ka nngwe e bitsa R3.)
