sotho.2030.yourstories_crime
BONOKWANE
Ba ne ba sa dule mmoho le mohatsae mme a se a batla ho nyala hape - empa dikoloto di mo hlwele setha. E ne e le lefu la mohatsae feela le neng le ka mo ntsha mathateng ka tjhelete ya diinshorense. A rera lefu la hae
MOKGANNI wa koloi e hulang tse ding, Jeff Lamb wa Palm Beach, Florida, o ne a bolelle mapolesa ka lefu la mohatsae, ka pelo e bohloko hoo e neng e ka le yena o tla shwa.
E ne le mohla la 15 Phupjane, 2004, a re e itse ha a kgutla mosebetsing a fumana mohatsae Cathy a kgakgathetswe lefu.
O ne a kene ka hara letamo la madi - a tletse le marulelong le maboteng le ka phaposing e nngwe ho ena le marothodi. Bonneteng, Cathy Lamb, o ne a robehile masapo ohle a mmele, empa mmolayi wa hae o ne a mo hlahlathile hlooho ena haholo, hoo e neng e se e bothotsehile, eka bolo.
Dintja tse pedi tsa banyalani bana le tsona di ne di kgakgathilwe mme tsa ba tsa qetelwa. Ya boraro ya fumanwa e notleletswe ka phaposing e nngwe, e sa lematswa.
Ke e nngwe ya dintho tsa pele tse neng di makatse mapolesa. Senokwane se thuba jwang motseng o nang le dintja tse tharo tse bohale? Se ne se lokela ho leka mekgwa e bolokehileng.
Ho ne ho ena le dintho tse makatsang ka bonokwane bona ho ya ka Kim Bradley, lefokisi le neng le fuputsa. Monnae Jeff o ne a bolelle mapolesa hore masale a Cathy a kgauta a nyametse. Ke ka hona ba neng ba nahane hore o bolailwe ke dinokwane tse neng di batla ho mo utswetsa. Ba bang ba ne ba bule dikhabathe empa ha ho letho le neng le lahlehile ntle ho masale ao!
Hona ho ne ho totobala hore ho na le motho ya neng a batla hore bonokwane bona bo tle bo shebahale ekare ke ba mashodu empa a tlaila. Mme sena sa etsa hore monnae, ebe yena mmelaellwa wa pele.
Ngaka ya lefokisi, e ne e bolele ha Cathy a bolailwe pakeng tsa 4.30pm le 5pm tsatsing leo.
Monnae Jeff o ne a le mosebetsing ka nako eo - mme ho ne ho ena le batho ba neng ba ka paka seo.
Lefokisi lena la qala ho sheba babelaellwa ba bang. Ba fumana Joey Steidel. Nyatsi ya Jeff e neng e fihle sebakeng seo sa polao hanghang ka mora mapolesa. "Ho ne ho makatsa hore monna a tshediswe ke nyatsi ya hae hang ka mora polao ya mosadi wa hae," ho bolela Lefokisi Bradley.
Jeff a hlalosetsa mapolesa hore yena le mohatsae, Cathy, ba ne ba leka ho lokisa dikamano tsa bona mme ba se ba boelane. Nyatsi ya hae Joey Steidel e ne e sa tsebe seo. Ho ya ka tsebo ya hae, yena le Jeff ba ne ba se ba tla ya dula mmoho. Yena o ne a le kae ka nako eo Cathy a bolawang? Mapolesa a fumana hore o ne a sebetsa lebenkeleng le rekisang dijo le haufi le moo mme bareki ba bangata ba ne ba mo bone.
Mohaleng wa Jeff, mapolesa a fumana mmelaelwa wa boraro - mosadi e mong ya ileng a bua le Jeff mohaleng hona thapameng ya letsatsi leo.
Nakwana ka mora hore Cathy a bolawe, mohlomong ka bo 5 mantsiboya, Jeff o ne a letsetse mosadi ya bitswang Lisa, eo e leng moahisane wa nyatsi ya Jeff.
Lisa o nyetswe, o na le bana ba babedi mme le yena a dumela mapoleseng hore ke nyatsi ya Jeff Lamb.
Ho bua nnete monnae o ne a sa tswa ba paqa dibekeng tse mmalwa pele ho lefu la Cathy Lamb. Monna wa Lisa, Ray yena o ne a re mapoleseng: "Ke ne ke mo siele molaetsa mohaleng wa hae ka re hang ha nka ka mo bona haufi le ba lelapa la ka, ke tla mo bolaya ka matsoho. Nka etsa leha e le eng feela ho sireletsa lelapa la ka mme ha ke batle le ho mo bona."
Mantswe ao a Ray a mo etsa mmelaelwa wa bone.
Empa mafokisi a boela a fumana hore Ray le mohatsae Lisa ba tseba hantle moo ba neng ba le teng ka nako eo Cathy a neng a bolawa mme ba ntshwa ditabeng.
Leha ho le jwalo, puisano ya Jeff le Lisa mohaleng ya mo bakela lekgwekgwe. Mapolesa a fuputsa ho fihlela a fumana hore Jeff ka nako eo a neng a letsa mohala, o ne a le haufi le motse o Cathy a bolaetsweng ho ona.
Ho bolelang hore o ne a le leshano ha a re o na le nako a qetetse ho tsamaela haufi le motse oo. Mapolesa a mo tshwara ka dipuo.
A re ntja ya hae, Bandit, e ne e kwaletswe ka phaposing ya ho robala ka nako eo Cathy a bolawang. E kwaletswe jwang le hona hobaneng?
Hobaneng ha ntja ya Jeff e sa lematswa hohang empa tse pedi tsa Cathy tsona di lemaditswe ha bohloko hoo di bileng tsa qetelwa?
Eitse ha mapolesa a latela mohlala wa lebaka la polao ya Cathy, ba fumana hore Jeff o ne a batla tjhelete.
Dilemong tse mmalwa tse fetileng, mohiri wa Jeff o ne a mo qose ka ho utswa tjhelete e ka bang R200 000. Ba dumellana ka hore o tla e patala mme a eketse ka kahlolo ya R60 000 ka hodimo, eo a tla e lefa ka mokitlane wa kgwedi.
Ho ne ho se bonolo ho yena ho lefa mokitlane ona. Mapolesa a boela a fumana hore inshorense ya Cathy e tla lefa tjhelete e ka bang R60 000 haeba a ka shwa.
"Ke inshorense e nyenyane empa ho Jeff e ne e le tharollo ya mathata a hae a tjhelete mme a se a sa kgathalle hore o tla e fumana jwang," ho bolela Lefokisi Bradley.
Ha boela ha fumanwa marothodi a madi a Cathy diaparong tsa monnae Jeff tseo a neng a di tenne tsatsing leo. Mme eitse ha mapolesa a setjha dipokotho tsa borikgwe ba hae, a fumana lesale le le leng la ao a boletseng hore a nyametse.
Dikgweding tse pedi ka mora lefu la Cathy, monna e mong ya ahang, a fumana molamu wa tshepe marulelong a kantoro eo Jeff a sebetsang ho yona. Ha bonahala hore ke sona sebetsa se neng se bolaye.
Jeff Lamb a tshwarwa mme a qosetswa molato wa polao. Mapolesa a dumela hore Jeff o ne a batla ho tswa lenyalong leo. Banyalani bana ba ne ba arohane dilemo tse mmalwa pele ba kgutlelana. Ho ne ho se letho le tjhentjhileng hobane Jeff o ne a ntse a tswelapele ho rata basadi.
Cathy o ne a mameletse leha a sa rate.
Jwale o bolaelwang? Ha a hlalwe keng?
Meharo ya tjhelete. Jeff o ne a lefa kahlolo ya hae ya R60 000 mme ha a hlala Cathy, o ne a tla sala le tjhelete e nyenyane le ho feta bakeng sa ho lefa melato ena ya hae.
Mapolesa a dumela ha Jeff a ne a batla ho sebedisa tjhelete ya inshorense ya Cathy ho iqalla bophelo bo botjha. Thapameng ya mohla la polao, o ne a le mosebetsing. Ho ya ka mosebetsimmoho le yena, Jeff o ne a re o ilo tshela petrole koloing ha a tloha mosebetsing pakeng tsa 4.30pm le 5pm.
O ne a lalle Cathy ha a kgutla mosebetsing, a mo kgakgatha ka molamu wa tshepe ho fihlela a eshwa. A leka ho etsa eka o phatsamisitse mmolayi ka ho fihla ha hae. Ho kgakgatha le dintja tsa hae a siya ya hae ya ba e nngwe ya diphoso tseo a di entseng.
Ka Loetse 2006 Jeffrey Lamb o ne a ahlolelwe ho dula tjhankaneng bophelo bohle ba hae. [s]
Pale: Marissa Charles/Splash News
O ne a le
dikolotong,
a bolaya mosadi
Cathy le Jeff Lamb ho sa le monate.
Bethe e madi eo setopo sa Cathy se neng se rapaletse ho yona.
Sebetsa sa polao. Se ne se fumanwe marulelong a kantoro ya Jeff.
Jeff, monna Cathy, o ne a re masale a mohatsae a nyametse - empa le leng la fumanwa pokothong ya hae.
Jeff o ne a siye a butse di-drawer hore ho nahanwe hore Cathy o bolailwe ke dinokwane.
Dintja tsa Cathy di ne di lematswe ha bohloko hoo di neng di qetelwe. Ho ne ho phonyohe ya Jeff feela, e sa lematswa hohang.
