sotho.1107.tina
Re bua le naledi e hlwahlwa ya Mzansi
pale ka DOUG GORDON
BONALEDI ke kgwebo e feletseng ho Christina Fezile, eo motjeko wa hae wa sebayeng ka diaparo tsa mabenyane o mo entseng hore a tshwantshwe le mofu a be a bitswe "Lebo Mathosa ya motjha."
O 23, albamo ya hae ya pele, uFezile, e bapalwa diteisheneng tse ngata tsa radio naheng ena mme kgweding ena o tla be a tjeka moketeng wa selemo wa Miami mmoho le bo DJ le bahlahise ba pele ba mmino.
Ba re ke naledi ya Mzansi e maemong a Beyonce le Rihanna, Tina o itshehela feela ha a utlwa tseo. "Ke na le ditoro tse kgolo," ho bolela yena. "Nke ke ka dumela hohang ho nkeha ke menate ya mekete ya mabenyane le ho dula ke qakehile mosebetsing.
"Ke motjha ya sa ntseng a ikahela lebitso mminong mme hape ke batla ho ipolokela tjhelete. Bakeng sa dikamasine tsa feshene, nna ke bala dikonteraka tsa ka.
"Ho a swabisa ho bona ka moo basadi ba bang ba dinono ba lahlehelwang ke tjhelete eo ba e sebeleditseng ka thata ka teng hobane ba sa kgone ho laola mosebetsi wa bona hantle. Re lokela ho ithuta diphosong tsa ba bang."
O holetse bofutsaneng empa o tseba ho tshwara tjhelete hantle. Ka mora ho arohana ha batswadi, Tina o ne a lebe East London le mmae ya neng a iphedisa ka ho roka. Ho bina sehlopheng ke hona ho neng ho mo ntshe bofutsaneng mme eitse a le dilemo di 14, neo ya hae e babatsehang ya be se e totobetse. A ba a hapa dibasari tsa ho phetha dithuto tsa hae tsa materiki.
Ka 2002, a memelwa ho tla bina sehlopheng sa mmino wa Bodumedi wa jazz, Vision Extreme. "Ebile monyetla o moholo haholo oo, empa ha nka ka dumela hore o ntjhetjhe seo ke leng sona ke nahane hore ke se ke le naledi," ho bolela yena. "Ho ne ho bolela feela hore ditjheho tsa ka di tla lefellwa ha ke sa ntse ke le sehlopheng seo empa ke ne ke tseba hore seo se tla mpulela menyetla e meng." Mmae a mo rokela mekotla e mebedi ya ho tshela diphahlo ha a eya Gauteng mme a mo rekela le kobo, a tsamaya a le jwalo a se na le sente ya ho reka diseneke tseleng.
Kgwebo
Tina ha a le dilemo di 20 a sebetsa khampaneng e adimisanang ka tjhelete ha nakwana ka nako eo a neng a etsang dithuto tsa B.Comm. Ho ba mongodi wa mookamedi khampaneng e adimamang ka ditjhelete tse kgolo ha thusa Tina hore a ithute dintho tsa bohlokwa ka ditjhelete.
Ka nako eo lebitso la hae jwalo ka sebini le ne le ntse le hola Jozi. Mme ka nako eo Tina a seng a hlophisa ditjhelete a mametse mmino, a qala ho hlokomela hore o sekametse ka kae. "Ke ne ke bina moketeng o mong le Thebe ha Spikiri, mohlahise wa Kalawa a tla nkutlwa," ho bolela yena. "Hoseng ha le hlahlamang a ya le nna studio sa hae ho ya hatisa mmino.
Ke tsona diteko tseo tse entseng hore ho hlahe uFezile. "Ho a makatsa ho bona ka moo menyetla e o hlahelang ka bongata ka teng ka nako e le nngwe. Ka bina le Theo wa Mafikizolo, Jah Seed wa Bongo Maffin le DJ Oskido. Empa maemo a hodimo ka a fihlela ha mokaubere, Dorothy Masuka a ntumella ho hatisa motjeko mmino wa hae wa classic, Bangiloyile. Bophelo ba ka ba potlaka haholo mosebetsing. Ka tlameha ho kgetha, ho ne ho se bonolo: Ke rata tlhophiso ya ditjhelete hantle jwalo ka mmino."
Ha jwale mmino ke ona o laolang.
Taolo
Ka dipina tsa hae tse ratwang radiong le maeto a ho hahlaula Mzansi le lefatsheng lohle selemong sena, Tina dintho di mo tsamaela hantle. O se a ena le ntlo eo a e hirisitseng Tshwane ha yena a dula foleteng Midrand, hore a be haufi le Kalawa Music.
"Ha ke ithetse, mosebetsi o bohlokwa ho feta setumo," ho bolela yena. O batla ho ahela mmae motse Kapa Botjhabela, a mo lebohe ka boitelo ba hae ba ho thusa Christina Fezile ho fihlela seo a neng a se labalabela. O batla le ho thusa banana ba bang ba batjha kgwebong ya mmino. "Ke nahana jwalo ka mookamedi wa kgwebo mme ke batla hore basadi ba hlontjhwe kgwebong ena ya mmino." [s]
O phetha
ditoro
Kgwebong ena e hlantshang batho, Tina yena ha e mo tjhentjhe hohang. Re leboha maikemisetso a hae a kgwebo...
BONA SESOTHO - February 2008
BONA SESOTHO - February 2008
LE LETSHEHADI: Toro ya Tina jwalo ke ya ho ahela mmae motse.
KA THOKO HO LE LETSHEHADI: "Ha ke ithetse, mosebetsi o bohlokwa ho feta setumo," ho bolela Tina.
