sotho.1011.yourfood_minutes
Dijo tse potlakang
Di-frozen mixed vegetables ha di sebediswe setjhung feela.
Ke tsena tse ding diresepe tse tharo tseo o ka di sebedisang ho tsona!
VEGETABLE PASTA
2 dikopi (500ml) pasta
4 dikopi (1 litre) metsi a belang
1 kgabana (5ml) oli
2 dikgaba (30ml) oli
1 eie e kgabetsweng
1/2 tamati e kgabetsweng
1 kopi (250ml) mixed vegetables
3 dikgaba (45ml) metsi
letswai le pepere ho natefisa
1. Tshela pasta paneng le metsi a belang, tshela oli. Bedisa metsotso e 10 ho fihlela pasta e butswa. E inole o behelle ka thoko.
2. Futhumetsa oli paneng e nngwe mme o hadike eie metsotso e mmedi ho fihlela e butswa. Tshela tamati, o phehe metsotso e meraro. Tshela meroho le metsi, theolela mofuthu ho low. Pheha metsotso e mehlano.
3. Sejaneng se seng, tswaka pasta le meroho. Noka mme o fepele.
Ha o rata:
O ka e fepela e bata e le salate.
O ka tshela tlhapi e phehilweng kapa nama.
E fepela ba 4
TSE POTLAKANG
VEGGIE CAKES
2 ditapole tse sehilweng ha nne
1 kgabana (5ml) letswai
3 dikgaba (45ml) lebese le futhumetseng
3 dikgaba (45ml) oli
1/2 eie e kgabetsweng
2 dikopi (500ml) mixed vegetables
1 lehe
1 kopi (250ml) mafoforetsane a bohobe
1/4 kopi (65ml) oli
1. Bedisa ditapole ho fihlela di butswa, di ebole. Tshela letswai le lebese, o di soke.
2. Futhumetsa oli paneng, hadika eie metsotso e 3 ho fihlela e ba sootho. Tshela mixed vegetables, di tshele metsotswana e mmedi.
3. Tshela ditapole sejaneng, tshela eie le meroho. Kopanya.
4. Boba ditapole di tshwane le kuku, e be boholo ba hamburger.
5. Fehla lehe. Qopetsa kuku ka nngwe leheng, o kwahele ka mafoforetsane.
Tshela poleiting o e boloke sehatsetsing metsotso e 30-45.
6. Futhumetsa oli paneng, hadika dikuku tseo. Di fepele di tjhesa.
Ha o rata: Le patata e ka sebediswa.
E fepela ba 3
MIXED VEG SCRAMBLED EGG
3 mahe a maholo
2 dikgaba (30ml) lebese
2 dikgaba (30ml) majarine
1/2 kopi (125ml) frozen mixed vegetables
letswai ho natefisa
1. Fehla lehe le lebese jekeng o sebedisa fereko. Di behelle ka thoko.
2. Qhibidihisa majarine paneng o netefatse hore e fihlella hohle paneng. Tshela mixed vegetables, o phehe metsotso e mehlano kapa ho fihlela di butswa.
3. Tshela motswako wa lehe, fokotsa mofuthu. Ha lehe le qala ho butswa, le fuduhe ka kgaba ya thupa ho fihlela e ka lebejana le tiha.
4. Noka ka letswai o fepele le reisi, papa kapa bohobe.
E fepela ba 3 [s]
Diresepe: Ntwenhle Mpanza
Ditshwantsho: Roelene Prinsloo
