sotho.2021.ladysmith
Ladysmith Black Mambazo
SEHLOPHA sa mekaubere sa Ladysmith Black Mambazo, se ne se hlomtjhwa lekgetlo la leshome mane New York moketeng wa dikgau tsa Grammy ka Hlakola monongwaha, katleho e ketekilweng ka maswabi a maholo ka lebaka la lefu la Jockey Shabalala.
CD ya bona e ntjha e bitswang, Long Walk To Freedom, e na le dinaledi tse ngata tsa kwano le tsa Amerika.
Ke dibini tsa rona tse atlehileng lefatsheng ka bophara - empa ha ba binele tjhelete, ho bolela Joseph Shabalala.
Joseph ya dilemo di 65, ho nahanelwa ha a amohela moputso o phetang hararo wa bao a qothisanang lehlokwa le bona ba kang Soul Brothers le Chicco Twala hobane yena ke yena ya ngollang sehlopha sena dipina tseo ba di sebedisang dipapatsong tsa bona lefatsheng ka bophara.
Mmino wa sehlopha sena o kgabola le ho di-movie tsa Hollywood, dipaleng tsa TV, mananeong a bana le a tsa tlhaho esitana le a dipuisano.
"Joseph Shabalala ke e mong wa dingodi tse pele tsa dipina lefatsheng ka bophara," ho rialo Geoff Paynter wa ha Gallo Music.
"Lebakabaka ha se talente ya hae feela," ho bolela Paynter hape. Ke motho ya ikgethang, dintho tsohle tseo a di etsang, o di etsa ka nepo.
"O thabela ho sebetsa le yena. Ka 1995, nakong ya Mohope wa Lefatshe wa Rugby nakong eo Mambazo e neng e bina pina ya tonamente eo, o ne a qete dihora a apere jeresi ya Springbok le yena a ntse a kapa bolo eo e motopo ka pela bo raditshwantsho.
"Joseph o a mo tshwanela moputso oo a o amohelang."
Dihlopha tse bang le dipina tse pele tse kgonang ho kgabola dipapatsong tsa ditheleveshene di kgona ho phetapheta phaello ya tsona habedi.
Ladysmith Black Mambazo ke yona e re emelang meetlong ya rona dinaheng tsa kantle - empa e bile nako e telele ba sa kgone ho ka rekisa direkote tsa bona naheng ya Brithani leha ba ne ba ntse ba kgona ho etsa dikonsarete moo.
Seo se ne se tjhentjhe ka ho panya ha leihlo ka 1998. Pina ya bona e reng Inkanyezi Nezazi e ne e kgabola motjha o tjhele dipapatsong tsa theleveshene tsa Heinz Baked Beans.
Albamo ya bona e bitswang Star Of The Wiseman e ne e rekise dikhophi tse milione mane UK selemong seo - ntle le moo, ba ba le letoto la dikonsarete le diakgente tsa dipapatso le tsona di ba batla ka hohle.
Leha ho le jwalo, Joseph o re katleho e kang eo, ha e mo etse hore a fetole mawa, a ngole dipina tse tla tsamaisana le dipapatso.
"Tjhelete yona e ntle haholo," ke yena eo, "empa ke kgollwa hore o tlameha ho ngola ka maikemisetso a ho kgotsofatsa batho."
Bonono bohle ba hae o ithutile bona ho ntatae, Mlwane. "Empa mohlolo ke hore ha ke mametse dipina tse ding tsa Ladysmith Black Mambazo, ke utlwa lentswe le kang la ntate hantle," ho rialo Joseph.
"E ne e le sebini, empa a sa ngole dipina - o ne a bina ka se neng se fihla kelellong ya hae.
"Ke sona seo ke neng ke ithute sona ho yena - ho fetisa molaetsa ka mokgwa wa pina.
"Ha ke ne ke theha sehlopha sena, re ne re le bane feela mme ba ha Gallo Records, ba re kgothaletsa hore re be bangatanyana.
"E ne e le ka 1971 mme leha re atlehile hakana, ha ke so e fetole tsela ya ho ngola dipina."
Ho se ho le bobebe jwalo ka ha Afrika Borwa e se e le tlasa demokrasi, mang le mang a tseba ho hlahisa meetlo ya hae
Nakong eo Nelson Mandela a neng a fumana kgau ya kgotso ya Bobel, Joseph o ne a na le kantoro mane Amerika.
"Ba ne ba re bitsitse hore re yo bina mane Norway," ke yena eo. "Re ne re fetole mawa ra kena sefofaneng - ho ya keteka le Madiba moo."
CD ya bona, Long Walk To Freedom, e ne e rekise haholo mona le mose. Ke sehlopha se seholo dilemong tsena tse 30 tse fetileng - morao tjena ba kile ba sebetsa le dikakapa tse kang Vusi Mahlasela, Hugh Masekela, Bhekumunzi le Thandiswa.
Bahlodi ba kgau ya Grammy ba kang Melissa Etheridge, Emmy Lou Harris, Sarah McLachlan mmoho le Natalie Merchant, ba kile ba bina le Joseph ho Diamonds On The Soles Of Her Shoes le Homeless.
Joseph, ha a so fihlelwe ke monahano wa ho beha meja fatshe ha jwale. "Ho ratwa ha mmino wa hao lefatsheng ka bophara, ke ntho e monate haholo," ke yena eo, "mme seo se ntse se nthabisa le kajeno."
O ntse a batla ba ka hatang mehlaleng ya bona. "Ba teng bao ke bonang hore ba ka kgona," ke yena eo. "Jwalo ka ha ntate a mphile lefa, le nna ke rata ho le fetisetsa ho ba bang." [s]
BONA SESOTHO - April 2006
Ba phela ka mmino
LE LETSHEHADI: Ladysmith Black Mambazo, sehlopha sa Afrika Borwa se tsebisahalang se bileng se ratwang haholo mona le mose. (Mofu Jockey Shabalala ke wa boraro ho tloha ho le letona.)
Ke sehlopha se atlehileng lefatsheng ka bophara - empa ha ba sebeletse tjhelete...
pale ka DOUG GORDON
LE LETSHEHADI:Joseph Shabalala, ha a so ikemisetse ho beha meja fatshe.
KA HODIMO: Bahlodi ba kgau ya Grammy.
BONA SESOTHO - April 2006
