sotho.2010.yourceleb_athome
Diva
KITJHENENG
HO PHEHA ke ntho eo ke e ratang jwalo kaha ke hotse ke tseba hore ho pheha ke ntho ya bohlokwa. Monnaka o a tseba hore ha a fihla lapeng, ke mo phomosetsa dijo tse tjhesang ka dinako tsohle.
Ke rata ho qeta nako e ngata ke le kitjheneng haholoholo jwalo kaha e bulehile mme ke kgona ho qoqa le batho ke ntse ke pheha.
Ke rata ho ba le kitjhene e kgolo, e nang le sebaka sa ho sebeletsa bohareng le setofo sa kgase seo ke ratang ho pheha ka sona.
Ke dilemo di tharo ke dula mona mme ke a e rata ntlo ena hobane ke ya maemo. Ntlo ena e na le dikamore tse pedi tsa ho robala e leng se bolelang hore ke na le sebaka se anetseng sa ho boloka dieta le diaparo tsa ka!
Ntle ho moo, e dumellana hantle le nna. Bongata ba batho ba dilemong tsa ka (mashomeng a mane, empa shh!) ba rata fenetjhara e pele, empa ha ke motho wa maemo.
Dilemong tsena kaofela ke kgonne ho fumana fenetjhara e tla dumellana le sebaka sena. Ke boetse hape ke na le fenetjhara e etseditsweng nna e kenyeletsang tafole ya ho jela le ya kofi. Ntho yohle o e bonang ka tlung ka mona e kgethilwe ke nna - ho fihlela dijaneng tsa dipalesa.
Ke a rata ho dula mona, ntho e mpe feela ke hore ho teng motho ya neng a nanabele senotlolo ka fenstere, a bula mme a utswa khomputara le mohala. Ka lehlohonolo ke ne ke se lapeng ka nako eo! Ke ona mathata a ho dula o le mong, empa ha ho seo nka se etsang hobane mosebetsi wa ka o ntsamaisa haholo. Monnaka o nketela hararo feela ka beke, empa ke tshepa hore ke selemo sa ho qetela ke dula ke le mong - ke yona eo tabatabelo ya ka, ke a tshepa hore o utlwisisa seo ke se bolelang!
Ha jwale ke sebetsana le dipale tse pedi mane Marco Polo Theatre, Sandton, empa ha ke le lapeng, ha ke se kitjheneng, ke sofeng.
Ke tlwaetse ho shebella TV ke ntse ke sebetsa ho laptop, ke behile le kgalase ya veine haufi le nna, ka hoo, ha ke be le bodutu.
Ha jwale, ke ngola buka ya ka ya diresepe tseo ke seng nkile ka di pheha. Ha ke so nke qeto ka lebitso, empa ke nahana ho e bitsa There's A Diva In Your Kitchen.
Makasine le dibuka tsena tsa mopheho tseo o di bonang mona tafoleng ena ya kofi, ke tsona tse nkgothatsang. Ke hona teng moo ke ngollang dipina tsa albamo ya ka ya jazz eo ke tla e ntsha.
Tjhe, ha ke kgotsofale ho etsa ntho e le nngwe, ha ho jwalo"
Toro ya ka ke ho ba le dikamore tsa ho hlapela tse tshwanang le tseo o tlwaetseng ho di bona difiliming, tse kgolo! E nngwe taba eo o ke keng wa e kgolwa, ha ke tsebe hore ke na le dipara tse
kae tsa dieta. O se o di utlwile ditoro
tseo tsa ka. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Andrea Caldwell
RE LAPENG LE BONA
Sebapadi sa dipale Lucia Mthiyane o rata ho pheha lapeng la hae le mane Bryanston
1. Lucia o kgothaletswa ho pheha le ke dibuka tsa hae tse ngata tsa mopheho.
2. Ke nako ya ho ikgatholla ka kgalase ya veine le dijo tse monate tse phehilweng lapeng.
3. Phaposi ya Lucia ya ho phomola e nyenyane, empa e na le tsohle tseo a di ratang.
4. Tafole ya ho jella, ke e betletsweng yena Lucia feela, mme e lakana dintho tsa hae tsa ho kgabisa hantle.
5. Phaposi ya ho robala, e phodile hape e na le kgotso ekare ya ngwana ya monyenyane.
