sotho.2009.your_letters
Dumelang metswalle
HO na le temana Bibeleng (1 Bakorinte, 13:4) e buang ka makgabane a lerato.
E bolela hore lerato le a mamella le mosa. Ha le na boikgantsho kapa mona mme ka hodimo ho tsohle, ha le ikgohomose.
Ha ho moo Bibele e bolelang ha lerato le utwisa bohloko.
Mona naheng ya rona ho na le basadi ba bangata ba hlekefetswang - ho bona "lerato" ke ho otlwa, ho laolwa esitana le ho utlwiswa bohloko.
Naledi e qepheng la rona la kantle, Khanyi Mbau, ke e mong wa diketekete tsa basadi ba hlekefetswang ke banna ba ba ratang. Leqepheng 20 ke moo a re qoqelang ka bophelo bo boima boo a bo phetseng lenyalong la hae.
Ho a thabisa ho utlwa mabaka a neng a mo etse hore a mamelle tlhekefetso eo. Jwalo ka basadi, ke nahana hore re hloka ho fumana mabaka ao re ka siyang ka ona banna ba otlang basadi, ba omanyang basadi kapa ba ntshetsang ho hlabeha ha bona ho bona.
Ke lakatsa hore rona jwalo ka basadi re utlwisise taba ya hore ho dumella banna ho re hlekefetsa, e ba ho senya Modimo ya phelang ka hare ho rona.
Ke lakatsa hore re bone hore lerato ha le hloke ho utlwisa bohloko. Ho monate ho thaba leratong, o fumane monna ya sa tlo o hlekefetsa - ba bangata.
Leqepheng 24, o tla bona banyalani ba thabileng e leng Ihashi Elimhlophe le mohatsae Ebony ba phelang lapeng la bona le mofuthu wa lerato. Bona ke mohlala wa banyalani ba ratanang, ba atlehileng.
Makasine ya rona e boetse e na le maqephe a feshene, botle le dijo molemong wa ditlhoko tsa hao.
Mpho eo ke le tshepisitseng yona kgweding e fetileng, ha e yo kgatisong ena, e tla fumaneha kgatisong e hlahlamang.
Ha re phethela, tse monate ke hore ke sa tswa hapa kgau ya Vodacom Rising Star ya 2009.
Ena ke kgau e kgolo mme ke thabetse ho hlomphuwa ka mokgwa ona.
Nna ke dumela hore sa bohlokwa ha se hore motho o fumana eng, empa ke seo o bang sona ka lebaka la seo.
Sena se bolela hore ho sebetsa ka thata ho na le molemo mme karolo ya sena ke moifo wa ka le lona jwalo ka babadi.
Ke a leboha.
Sbu Mpungose: mohlophisi wa makasine ya BONA le mohlodi wa kgau ya 2009 Vodacom Rising Star. Ho tloha ho le letshehadi ho ya ho le letona: Flo Modikwe: mothusi wa bohlophisi ba Wag the Dog Publishers, Redi Direko: sebohodi sa Talk Radio 702, Dot Field: Vodacom le Liesl Pretorius: mohlophisi wa The Media magazine.
MANGOLO A LONA
RE BOLELLE MAIKUTLO A HAO
Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fekese: 031-912-2720 imeile: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso la boiqapelo, empa o re bolelle la nnete le aterese ya hao ka botlalo lengolo la hao. Ha se hore re dumellana le maikutlo a beng ba mangolo ao re a phatladitseng maqepheng ana mme re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
Basebeletsi ba ka lapeng le batshwari ba bona
Ka mora ho bala pale ya mosebeletsi wa ka lapeng le mohiri wa hae (BONA, Mmesa 2009), nka re ho ba le dikamano tse ntle le mosebeletsi wa hao ke mpho e tswang ho Modimo.
Mosebeletsi eo ke bileng le yena nako e telele ke dilemo tse pedi. Ke ne ke ntse ke ba tjhentjhanya. Ke ne ke kopane le dikeletso tsa Sekreste tsa ho tshwara mosebeletsi wa ka lapeng.
Mo tshware ka tsela o ka ratang ho tshwarwa ka yona le wena. Le yena ke motho ya nang le ditokelo, ya hlokang hlompho.
Ka mora sena, ke ne ke fetohe. Ho tloha ka Mmesa 2007, ke ne ke hiri enwa eo ke nang le yena mme jwale ke mo tshwere hantle.
Thembile Phute, Harare
Iketsetseng molemo!
Ke kgothatsa banana ba Mzansi hore ba pokole ba iketsetse letho! Se ka senyang maphelo a lona ka ho ima le sa le banyane. Sebedisang kelello, le se dumelle bashemane ho bapala ka lona.
Ka mantswe a mang, itlhompheng! Mehla e fetohile, le na le tokelo ya ho bua. E bang le ditoro, le di phethise.
MD, Madinyane
Boitshwaro!
Matsatsing ana re dutse re utlwa ka bana ba otlang le hona ho bolaya matitjhere a bona. Re tlameha ho ba le mokgwa wa ho kgalema bana jwalo ka ha thupa e fedisitswe dikolong.
Le lapeng kgalemo ha e yo.
Re e re bolele ha e le setjhaba sa kamoso, empa ke setjhaba se jwang, se sa kgalemehang. Ha re nkeng bohato pele nako e fela.
Alice Ntloko, Libode
Banna ba fosahetseng
Banna ba tla tlohela neng ho hlekefetsa basadi" Ba tla tlohela neng ho bapala ka bona"
Ba tla hlokomela neng hore basadi ha se dintho tsa ho pheha le ho emariswa feela"
Tlhekefetso ha se ntho ya lapeng feela. Hlokomela, haeba o le mosadi ya sa nyalwang, o na le mathata a koloi! Bomakhenikhi ba e ba ipolelle hore oo ke monyetla wa hore ba o bitse lenane le phetilweng habedi.
ZB, Springs
Hlalefa ha re tla tjheleteng
Ha se nako ya ho ba hlokolosi ha re tla ditjheleteng" Ho thata teng, empa o tlameha ho ithuta ho re "tjhe" baneng ba hao. Ka ho etsa jwalo, o tla be o ba ruta ho tshwara tjhelete ka boikarabelo.
Ba tla utlwisisa jwang hore o na le mathata ha o ntse o ba neha sohle seo ba se batlang"
Ho ba rekela dintho tsa ho bapala tse bitsang le diselefounu tse bitsang, ha ho o etse motswadi ya nepahetseng.
Motswadi ya nepahetseng ke ya netefatsang hore bana ba hae ba ya ja, ba na le lelapa.
AN, Thekong
Ba hlokomele
Dikgetho di fetile mme jwale boradipolotiki ba tlameha ho phethisa ditshepiso tsa bona!
CS, Jouberton
Lengolo la mohlodi
LE ka mora matsapa a mangata a ho qeta merusu le ho jala moya wa botho, empa batho ba ntse ba tletse moya wa lehloyo le ho se mamellane merabeng e fapaneng Afrika Borwa.
E nngwe ya dintho tseo re neng re di lwanela ho tloha kgale, ke hore kaofela re bitswe ka Maafrika Borwa ntle le ho seollwa ka morabe.
Ho a re phatsamisa ho bona dintwa tsane tsa kgale di kgutla ka mora dilemo tse 15 tsa demokrasi.
Ha re tla tabeng ya dintho tse amang setjhaba, re tlameha ho behella borabe ba rona ka thoko, re tshwarane jwalo ka Maafrika Borwa.
Re na le mosebetsi o boima wa ho tiisa lerato le tlhompho setjhabeng.
E, re tlameha ho ba motlotlo ka serabe sa rona, empa ha re a tlameha ho ipona re le betere ho feta ba bang. Ke ntho e kileng ya etsahala naheng ena, ka nako ya kgenthollo, bona ntho eo e re behile kae.
Re tlameha ho tlohela masawana ana, re be motlotlo ka Boafrika ba rona. Ha re tshwaraneng, ho seng jwalo, re tla ipona re qhalakane.
Matome Kubu, Menlo Park
Nahana feela ka ho fetisa maikutlo a hao ka ho phethahala o bua ka Samsung M620. Nashua Mobile e o hokela ka tsela e kgolo ka ho o fa kgetho e pharaletseng ya diselefounu le dihlahiswa le ditshebeletso tsa data. Bakeng sa tlhahisoleseding e feletseng letsetsa nomorong ya 0861-531-531 kapa kena inthaneteng ho. www.nashuamobile.co.za
Hobaneng re lokela ho lebala ka borabe ba habo rona mme re ipone re le Maafrika Borwa kaofela
Botho bo sebeletswa ka thata
Hobaneng re sa tlameha ho lahla tshepo
Pale ya tshepo ho tswa ho mmadi wa BONA
Ke rata ho phetela babadi ba BONA pale ena e kgutshwane ya kgolo ya ka. Ke tshepa hore e tla ba kgothatsa ho sa natsehe hore ba kopana le mathata a fe.
Ntate o ne a sebetsa kantle ho naha ena mme a kgutla lapeng ka mora dikgwedi tse mmalwa. Ke ne ke sala le mme ya neng a iphelela ka jwala mme a ntlhekefetsa. Ka nako e nngwe o ne a nkwalla kantle, ke robale teng.
Ha e qaleha ntho ena, ntate o ne a sa tsebe. E ne e re ha ke ntse ke hola, ka mmolella mme a qabana le mme haholo. O ne a rekele ntate dikweta hore di mmolaye. O ne a tshwarwe mme a dula dilemo tse pedi feela tjhankaneng.
Nakong eo a leng tjhankaneng, ke ne ke dule ha ntatemoholo mme ke moo ke neng ke qale ho utlwa mofuthu wa lerato lekgetlo la pele bophelong ba ka.
Mme o ne a hlokahale ka mora ho tswa tjhankaneng. Ke ne ke le dilemo di 11 ke ne ke hodiswe ke nkgono le ntatemoholo.
Dilemo tsa pele di ne di le boima - ke ntse ke lla le kajeno ha ke ntse ke ba hopola - empa seo ke neng ke ipolelle sona ke hore ha ke a tlameha ho lahla tshepo, hobane dintho di tla loka.
Mtunzi Xolisa, Cala
Eba mohlodi le
RE LEBOHELA mobadi enwa ya lehlohonolo, ya hapileng masiu a mane a batho ba tsheletseng, mane Alpine Heath Resort tlhodisanong e neng e phatlaladitswe kgatisong ya Phupjane 2009 ya BONA. Yena ke Dan K. Masimong wa Brits. Natefelwang ke ho intshetsa moo dithabeng.
Re lebohela babadi bana ba 25 ba lehlohonolo ba hapileng CD ya Benjamin Dube tlhodisanong ya Block Puzzle No 92 e neng e phatlaladitswe kgatisong ya Phupjane 2009 ya BONA.
Bona ke: Phindiwe Leshoeli, Vanderbijlpark; Pearl Mbambo, Zakariya Park; Nonkosi Portia Nyathela, Wesley; Lutendo L. Ramabulana, Sinthumule; A.M. Norman, Ixopo; Moyagabo Agnes Mmadi, Witbank; Thobekile Masinga, Pietermaritzburg; Rorisang Pule,Batlharos; David Nkabinde, Villiers; Nomonde Mahlanza, Butterworth; Daniel Mabasa, Komatipoort; Maria Madihlaba, Groblersdal; Regina Maleka, Motula; P.D. Nkomo, Bloemfontein; Abraham Makanzela, Vredefort; Veliswa Mlomzamo, Peddie; Quinton Zwane,Carltonville; Jacob Shikaya, Kabokweni; Martha Maabane, Middelburg; Mkangeli Mpego, Matatiele; Constance Pshwene, Garankuwa; Nandiswa Qogadashe, Ashton; Sibusisiwe Shoke, Olifantsfontein; Nomsa Makhanya, Badplaas, le Sibongile Nduli,Winklespruit. Natefelwang ke mmino wa lona! Kabaro: Meshack Mavuso [s]
Sengodi sa lengolo la mohlodi la kgwedi se tla fumana
Samsung M620 ya Nashua Mobile ya boleng ba R1 200
