sotho.2007.katlego
Re bua le Keketso wa TV
Ha ke hloke monna ya tla ntaola
Katlego Danke o bapala karolo ya lehlanya paleng ya TV, empa bophelong ba hae ba nnete, o tseba seo a se batlang...
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho PETER WHITFIELD; moriri le mokgabiso: FAITH SEUOE; setaele: MARINA WALSH; bohokahanyi: PATRICIA McCRACKEN
KEKETSO o tshwana hantle le Katlego Danke. Re a leboha sebapading sena se kulang ka hlooho se dilemo di 27, ke e nngwe ya dinaledi tse sa leng nyane naheng ena.
Danke o a dumela hore jwale o se a phomotse, ha a sa latelwa haholo ke batho bana ba dutseng ba latelana le dinaledi moo di yang.
Sebapadi sena se siya karolo ya sona eo se e bapalang ho Backstage ka lehare jwalo bosiu.
Katlego ha a rate ho sebedisa monyetla wa botle ba hae. O rata ho qala ka ho ithekela motse oo e leng wa hae mme he ka mora moo, a fumane monna eo a ka ahang bokamoso le yena.
Empa he ha ho moo ho potlaketsweng teng: Ha a tsamaye a nkeha bahlankaneng ba nang le ditjhelete. Yena ha se mofuta wa naledi ena e sebedisang monyetla wa bonaledi ba hae hore a fumane monna ya tla sebedisa diketekete tsa ditjhelete nako le nako ha ba intshitse.
"Ha ke na monna, ka hoo, ha ke hloke monna ya tla ntaola," ke yena eo. "Ha ke nkehe ha bobebe banneng bana ba tsamayang ka dikoloi tse pele, ba sebetsang metsebetsi e pele.
"Ho hole moo ke yang! Hobane feela ke sebetsa televesheneng na ba se ba tlameha ho etsa jwalo ka ho Hollywood" Ha ke thekisong. Monna eo ke mo hlonephang ke eo re qoqang ha monate, a be a nkgothaletse hore re boele re kopane.
"Ya sa etseng jwalo, o mpakela bodutu, ho sa natsehe hore o itshepa ho le ho kae."
Katlego o bolela hore dilemong tsena tse nne tse fetileng, ho teng se tshwanang pakeng tsa hae le Keketso, empa e seng ho tsa marato.
Keketso o ne a qale ho Backstage ka 2002 e le mmohi ya neng a dutse a latetse Kaybee ka morao - e le moithuti ya neng a rata sebini sena haholo hoo a neng a qetele a se a bile a se kwetetse a se tshosa ka ho se bolaya.
"Ho ne ho hlahelle taba e mpe ditabeng moo ketso ena ya Keketso e neng e hape maikutlo a setjhaba," ho rialo Katlego. Ho hlile ha ho tsebisahale hore ekaba e ne e le tharasi e neng e shwa e ikepela ka Kaybee, kapa yena motshehetsi ya neng a hlantshwa ke ho ba haufi le naledi ena mane Vulindela College kapa tjhe."
Katlego o qala ho bona jwalo ka ha Keketso a se a pholohile moo bohlanyeng hore babohi ba ne ba se ba kgotswe hore Keketso o hlanya e le kannete le bophelong ba hae.
"Batho ba ne ba dutse ba ntonetse mahlo ha ke ile mabenkeleng," ho bolela Katlego. "Ba ne ba dutse ba mphathatsa ba re 'O nnake.'
Ke moo ke neng ke hlokomele hore ba nahana hore le bophelong ba ka ba nnete ke tshwana le karolo eo ke e bapalang ho TV. Ke tlameha ho ntsha kgopolo eo dikelellong tsa bona.
"Nakong eo Keketso a tshwarwang, a tswang ho Backstage, ke ne ke kene paleng e nngwe. Seo se ne se nthuse hore ke tsebe ho bona hore nka kgona ho bapala dikarolo tse ka hodimo ho e le nngwe."
Ho bapala ha hae ho 7de Laan ho SABC2, ho ne bontshe hore Katlego o na le bokgoni. O ne a boele ho Backstage hape ngwahola e le moithuti ya sa tswa pholoha bohlanyeng mme ho bonahala hore a ka tswa pele dithutong tsa hae.
Sena se ne se bontshe hantle hore Katlego ke naledi e tlisetsang e-tv babohi ba bangata naheng ena.
Ho na le dikakapa tse rupeletsweng mane Vulindela: dikakapa tse ka thabisang babohi ka ditsela tsohle ho tsa marato esitana le dikarolong tse ding.
Ho ne ho lemale sebapadi se seng se neng se tumme hampe mme ha kena tse ding dipabala paleng ena - le hona moo Katlego a nna a sasanka, a bontsha hore Keketso o kgona ho bapala karolong efe kapa efe.
"Ena ke e nngwe ya dikarolo tse bontshitseng hore Keketso o a hola," ho rialo Katlego. Ha a tshabe letho. Ke ne ke etsa seo hobane ke ne ke tseba hore ke tshwana le yena bophelong ba ka ba nnete.
"Ho ba sebapadi ha se mosebetsi o sireletsehileng: Ke selemo sa bone jwale ke le ho Backstage, empa ke hona ke kgonang ho itshepa hore se nka kgona ho reka motse."
Katlego o sebeletsa yena le ba lelapa labo. O kganna koloi ya sejwalejwale mme ha a di rate dijo tse phehilweng ka microwave, ka hoo, o ipha nako ya ho pheha nakong eo a ntseng a bala dikarolo tseo a tlameha ho ya di bapala.
"Ke ya dikopanong tsa boraditaba hobane eo ke karolo ya mosebetsi wa ka, empa ke thabela ho robala e sa le nako ke ntse ke kgwaetse buka ka lehafing," ke yena eo.
"Ke ya mosebetsing ka 6:30 hoseng mme ke sebetse dihora tse 12 kaofela.
"Ke a rata ho ba le moratuwa eo nka kenang lenyalong le yena, empa mosebetsi wa ka wa TV ha o mphe nako.
"Ke se ke ile ka ratana le batho ba babedi feela ho fihlela ha jwalo - nakong eo ke neng ke le yunivesithing mane Kapa le e mong ho na jwale ke se ke sebetsa mona ho Backstage.
"Dikamano tsa lerato ha di thefule moyeng haholo ha di sa qala. Ho sa natsehe hore o bapala dikarolo tse kae tsa marato, empa maemo bophelong a dutse a fetofetoha. Kamehla ha ke bona mohlankana, ke e ke ipotse hore o bona nna kapa o bona Keketso." [s]
BONA SESOTHO - November 2005
BONA SESOTHO - November 2005
THOKO HO LE LETSHEHADI: Ke a o rata moriri o otlolohileng," Ke Katlego a ntse a bonya. "Ke ne ke sa bone hore ke sefe setaele seo ke neng nka se etsa nakong ela ke neng ke sa na le moriri o phothehileng, empa jwale ha ho sa le jwalo!"(Top, jean le sefaha sa molaleng: Woolworths; dieta: Europa Art)
KA HO LE LETSHEHADI: "Mme o thabiswa ke ho mpona ke le motle," ke Katlego a ntse a tsheha. "O dutse a bua ka moradiae ya itshwereng seshanyana!" (Top: Stuttafords; sefaha le masale: Attitude)
