sotho.2003.new pep
BONA - August 2007
Thabela mathwaso a selemo!
Matlafatsa mmele o dule o le hlwahlwa ka mehla
SELEMO se tshwasitse, lefatshe lohle le phaphame! Bohle re batla ho matlafala re be mafolofolo letsatsi le letsatsi. Empa kgatello kapa ho se robale hantle kapa ho se je hantle kapa ho dula o kula, ho ka o thefula mme wa hloka se ka matlafatsang mmele.
Ha o ikutlwa jwalo, mohlomong masole a mmele wa hao ha a sa sebetsa hantle. Mohlomong o se o dula o kgatsetse mmeleng le kelellong mme ha o sa thabela le ho sebetsa kapa hona ho bapala.
Ha o ena le le leng la mafu a sa alafeheng, o tlameha o be o tseba hore mmele wa hao o hloka tlhokomelo e ikgethang. Ho ja dijo tse phepo, ho ikwetlisa, ho robala hantle, ho fokotsa jwala boo o bo nwang le ho tlohela ho tsuba ho molemo.
Empa o ka nna wa hloka thuso leha ho le jwalo mme ke ka hona PEP e hlahisitseng meriana ya phepo e molemo. Lethathama la Mixture Of Life la dietswa tsa ha Health & Wellness:
n Instafood, e nang le mefuta e 10 ya phepo e bitsang R18,99 feela;
n Aloe-X, moriana wa dijotlatseletso o matlafatsang masole a mmele o hape o hlephisang mala, o nang le Aloe Ferox ; le mefuta e meng ya phepo, ke R45,99 feela;
n Herbal Immune Booster, e fumana ka dipidisi kapa moriana, e a kgatholla, e hlatswe pelo, e thethefatse mathata a bophelo a bakwang ke mafu a sa alafeheng, a kenyeletsang le ho ruruha ha ditlhala, di bitsa R14,99;
n 5 Rounds, dipidisi tsa banna tse thusang ho tsoselletsa lerato la bona la bonna le ho matlafatsa bonna, ke R59,99.
Kaofela ha dietswa tsena tsa Mixture Of Life di fumaneha mabenkeleng a haufi le wena a ha PEP. Ka hoo, hobaneng o sa iphaphamise mme o kene kgabong ya mathwaso a selemo o tsohile molota- [s]
E tsheditswe
BONA SESOTHO - September 2007
