sotho.1999.Walter
O bile o na le sehlopha sa hae sa bolo
Ke thatohatsi
SEBOHODI se pele sa tsa dipapadi ho TV, Walter Mokoena, o se a tjhentjhile nomoro ya hae ya mohala wa letsoho makgetlo a mahlano. "Basadi ba dutse ba ntetsetsa nako e kgolo le e nyane," ke yena a bile a sisinya hlooho. Ha masoa a mang a lekanang le yena a ka thabela seo, Walter yena ha a thabele ho nna a "kgathatswa."
"Taba ena e qadile nakong eo ke neng ke kgethwa jwalo ka sebohodi se makgethe sa tsa dipapadi ho TV," ke yena ka pososelo. "Mathata ana a mehala a ne a qale moo..."
Ho ne ho mo tshwanela ho ba sebohodi se pele. "Ke rata ho ja koto," ke yena eo. Ke reka diaparo hohle moo ke yang - hona jwale, o sa tswa etela Greece, England le Holland.
O ne a be mahlong a batho haholo nakong eo a neng a hlahella lenaneong la TV, Top Billing. Basetsana ba ne ba dutse ba mo thoholetsa.
E nngwe ntho eo Walter a e bolelang ke hore, "batho ba bangata ba nahana hore jwalo ka ha o dutse o le mahlong a batho, o na le tjhelete e ngata mme ba leke matsapa ohle a ho fumana tjhelete eo ya hao."
E se e le dilemo tse hlano jwale Walter e le sebohodi sa dipapadi ho TV. "Ke ne ke qale ke le sebohodi sa bolo. Ka fetela ditebeleng - ho Blow By Blow."
Ka nako eo kaofela, setumo sa hae se ne se ntse se nyolohela. "Bonneteng ba taba, ke motho ya ditlhong," ho bolela Walter. Se thetswe ke seo o se bonang ho TV. Ha ke jwalo, moo teng ke ebe ke etsa mosebetsi wa ka hantle feela jwalo ka sebapadi sa pale."
"Mosebetsi wa TV, o hloka boinehelo le boimamelo," ke yena eo. "Ke qeta nako e ngata ke le studio mme ke fihla lapeng ke kgathetse ke fedile."
Seo se bolela hore ha se motho wa meketjana.
Walter o re ha a rate ho bolella balatedi ba hae ntho eo e seng yona. "Melaetsa e kgothatsang eo ke e fumanang kamehla e bohlokwa haholo bophelong ba ka," ke yena a ntse a bonya.
Setumo ha se a tla ka bonolo moshemaneng enwa wa Carolina mane Mpumalanga.
"Ke ne ke tlohe lapeng ke le dilemo di 19, ke ilo ikgwantlella mane Kapa," ke yena eo.
"Ke ne ke na le ditakatso tse pedi: ho bapala bolo maemong a profeshenale esitana le ho ba sebohodi sa radio.
"Ke ne ke ye ditekong ho Cape Town Spurs, dintho tsa se ke tsa ntsamaele hantle, ka lahla, ka tsepamisa kelello ya ka bobohoding.
"Ke ne ke rekile tekete ya ho ya Kapa feela ho se ya ho kgutla."
Bophelo bo ne bo be boima ho Walter ya neng a sa sebetse, ya neng a na le materiki feela. "Ke ne ke hiri kamore ntlong e nngwe eo re neng re e kopanetse re le 11 mane Khayelitsha.
"Tumelo ya ka ke yona e neng e ntiisi lengole. Ke ne ke tseba hore Modimo o ne a ke ke a ntahla makaqabetsing ao ke neng ke le ho ona."
Qetellong a o fumana mosebetsi wa radiong. "Ke ne ke qete dilemo tse nne kaofela ditekong pele ke kena ho TV ka 2000," ho rialo yena. "Nakong eo ke neng ke le Kapa, ke ne ke etele Joburg ka bese ke ilo leka ho ntshetsapele toro ya ka ya ho ba sebohodi sa TV.
"Ha nka ba ka lahla tshepo. Ke ne ke leke ho fihlela ke o fumana mosebetsi."
Kajeno Walter o na le sehlopha sa hae sa bolo - Walter Stars seo ha jwale se bapalang ho Vodacom League. Hara dibapadi tse tswang ho yona re ka bala Smangaliso Magagula (Dynamos) le Mandla Masango (Silver Stars).
Jwalo ka ha o iponela, ha a so ikemisetse ho nyala.
"Ke tla etse jwalo ha nako e se e ntumella," ke yena eo. "Empa e seng ha jwale. Ha ke so ikemisetse."
O na le yena moratuwa. "Seo nka se bolelang feela ke hore, motho eo ke wa bohlokwa haholo bophelong ba ka," ke yena eo. [s]
BONA SESOTHO - December 2005
Leha ho se ho boletswe hore ke sebohodi se makgethe ho TV, sebohodi sena sa tsa dipapadi, Walter Mokoena, ha a thabele mehala eo a e fumanang ho tswa ho balatedi ba hae ba basetsana...
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka ROBERT TLAPU
KA HODIMO: Walter le batjhana ba hae, Tobi le Njabulo mmoho le mmae, Betty. (Sena se tswa albamong ya Walter)
LE LETSHEHADI: O itlhophisetsa ho kena temeng!
BONA SESOTHO - December 2005
KA HODIMO: "Ke qetile dilemo tse nne kaofela dipontshong pele ke fumana mosebetsi ho TV ka 2000, ho rialo Walter. "Ha nka ba ka lahla tshepo."
KA TLASE: Walter o temeng...
