Sotho.1104.yourceleb_10q
DIPOTSO
Xoli Zondi
SEBAPADI SE BAPALANG KAROLO YA WINNIE HO Family Bonds SE RE BOLELLA KA DINALEDI TSEO SE DI RATANG LE KA BOPHELO BA BONALEDI
1. O hlahetse wa holela kae-
Hammarsdale, KZN - empa jwale ke Melville, Joburg.
2. Hobaneng o kgethile ho ba sebapadi sa dipale-
Ke seo ke neng ke se labalabela. Haesale ke ho rata ho ba sebapadi.
3. O teng o mong mosebetsi o neng o o rata-
E, ke boqolotsi ba ditaba. Ka mora materiki, ke ne ke hlolehe ho etsa dithuto tsa drama mme ka etsa tsa boqolotsi, tseo ke sa kang ka di qeta.
4. Winnie ho Family Bonds ke karolo ya hao ya pele ho TV. Ekaba batho ba a o thabela ha ba o bona-
E, haholoholo KZN.
5. Bo boetse ba fetoha ka mokgwa ofe hape bophelo ba hao-
Ke a inahana pele ke bua hobane jwale batho ba nka ntho yohle eo ke e buang. Hape ha batho ba mpona, ba lebella hore ke itshware hantle!
6. Ke efe naledi ya pele o neng o kopane le yona-
Brenda Fassie.
7. O nahana hore o a qabola le bophelong ba hao ba nnete-
Tjhe, empa teng batho ha ba mmametse ba dula ba tsheha.
8. Bongo eo o bapalang le yena o jwang bophelong ba hae ba nnete-
O a qabola, o lokile o na le setswalle, o bile o pelo e ntle.
9. Ke naledi efe o ka ratang e o saenele lebitso la yona-
Mona Afrika Borwa ke, Jamie Bartlet, ya bapalang karolo ya David Genaro ho Rhythm City. Hollywood teng ke Denzel Washington.
10. O rata ho bapala lenaneong le fe la TV-
Rhythm City.
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
TSA DINALEDI
