sotho.1995.Plug
BAHLANKANA ba bararo ba Umlazi, KwaZulu-Natal, ba qadileng ho iphedisa ka ho rekisa meroho le ditholwana, ba ne ba nahane leqheka le tla ba thusa ho nolofatsa mesebetsi wa bona, mme ba hlahisa seetswa se bolokehileng sa ho ntsha polaka ya motlakase mekoting ya yona.
Seetswa sena se bitswa 3Pee (Pin- Plug-Puller) se entswe ka polastiki e thata mme se lekana polaka e nngwe le e nngwe, se na le mohele, o hulang polaka ka polokeho.
"Ke ne ke ena le maikutlo a ho hlahisa seetswa se itseng ka 2000, ka mora ho tshwaswa ke motlakase ka makgetlonyana ha ke leha ho hula polaka moo ke rekisetsang ditholwana teng, ka ja masapo a hlooho," ho bolela Simphiwe Dlamini (27) mothehi wa seetswa sena.
"Ka seha sekupu sa lebese ho se etsa ntho e ka nthusang ho hula polaka mme ka fela ka thusahala. Ka 2002 ka nahana hore mohlomong ho na le batho ba bang ba ntseng ba sokola ho ntsha polaka, ka kopana le ngwaneso, Bongumusa (28) le motswalle Sandile Sikhakhane (30). Ra etsa qeto ya ho bula khampane ya ho hlahisa dietswa tsena. Re ne re se na tjhelete, ka hoo re ikopanya le ba ha Durban Electricity, ba neng ba re thuse haholo mme ra theha Simela Khona Trading (Pty) Ltd, ra hlahisa dietswa tsena.
"Ra leka mefuta e fapaneng ya disebediswa ho bona se tla tia hantle. Ra hlokomela hore re hloka seetswa se matla ho feta se entsweng ka sekupu.
"Ra leka PVC, e ileng ya re hlola ka boturu haholoholo hobane re ne re tlameha ho lefa motho ya neng a re sehela yona. Empa ra se ke sa nyahama dipelo."
Ba pheela, ba leka mekgwa yohle e ka ba thusang hore ba etse seetswa se matla mme ba qetella se rekiseditswe khampane e nngwe diabo. Ba reka letsopa le ikgethang mme ba hlahiswa dietswa tse ngata ka thelete eo ya diabo.
Ba di rekisa empa ba hlokomela hore ha ba na bokgoni bo botle empa leha ho le jwalo ba ne ba le lehlohonolo.
Dietswa tsena di tla fumaneha mabenkeleng a Voltex Retail Suppliers, le mang a rekisang mefuta yohle ya thepa ya ho aha, Voltex Retail Suppliers, Builders Express, ha Game le mabenkeleng ohle a ha Makro mme di tla rekiswa di tsamaya ka boraro.Ho kgothalletswa motse ka mong ho ba le tsona. Batjha bana ba na le tshepo ya hore ka le leng ba tla thusa batjha ba batlang ho ntshetsapele dithuto tsa bona e le hore ba tle ba se ke ba sotleha jwalo ka bona. [s]
Ka mora hore ba tshwaswe ke kese habedi hararo, banna bana ba hlahisa seetswa se bolokehileng se tla re thusa bohle...
BONA SESOTHO - October 2007
Banna ba hlahileng le mohopolo motle wa polaka: ho tloha ho le letshehadi: Sandile Sikhakhane, Simphiwe Dlamini le Bongumusa Dlamini.
Ba pholosa maphelo
ka TANIA SANDBERG
ditshwantsho ka CLIVE THOMPSON
BONA - August 2007
